sotho.394.bongo
BONA SESOTHO - March 2006
Dikgosi tsa Kwaito
Boraro ba bona ba hodile jwale ba bile ba bohlale le ho feta, ba ikemiseditse katleho e fetang ya pele ka mora dilemo tsena tse leshome...
pale ka DOUG GORDON
LE LETSHEHADI: Ba shebile bokamoso - Stoan, Thandiswa le Appleseed.
KA TLASE: "Ntle le mmino le ho hatisa, ke batla hore ha ke le dilemo di 35, ke be se ke hatetse pele bophelong," ho rialo Stoan.
Bongo
e kgutlile!
E NE E thehwe ka 1994 mme Bongo Maffin e ne e be sehlopha se seholo sa kwaito se tjhesang sa batjha sa mmino wa Afro-chic se neng se ratwa lefatsheng ka bophara. E mong wa ditho tsa sehlopha sena, Stoan Seate (30) o re ha a ka a nahana letho ka ho ba naledi: "Ke ne ke sa nahane le hore nka hola ke fihle dilemong tsena," ke yena ka boswaswi. "Jwale ke nako ya ho shebana le bokamoso."
Ka albamo ya bona e ntjha, New Construction, ba ne ba leboha dimilione tsa balatedi ba bona. Ba ne ba qetele ka Bongolution, ka 2001. Ho nyamela ha bona dilemo tse hlano kaofela, ho ne ho sihe sekgeo se seholo mminong wa kwaito - ba neha dihlopha tse kang Mafikizolo le Malaika monyetla wa hore di rekise ho finyella ho 400 000 albamo ka nngwe.
Empa mohaladitwe ona wa sehlopha sena sa Bongo Maffin, Thandiswa, ha a ikwahlaye ka sena. "Ke monyetla wa rona bohle," ke yena eo. "Ba ne ba dutse ba re botsa ka dihlopha tse ding, empa re sa kgathatsehe ka seo."
Ngwanana enwa ya dilemo di 29, o se a kile a ntsha ya hae albamo ya mosollane, Zabalaza.
Stoan, ha jwale ke sebohodi sa lenaneo la mmino, Castle Loud, ho TV mme moshemane enwa o kile a kgutlisetswa habo Zimbabwe selemo kaofela nakong eo a neng a feletswe ke tumello ya ho dula naheng ena.
Albamo ya bona ya mosollane, Kona Uona, e kgabola diyalemoyeng motjhaotjhele.
"Re ne re etse dipontsho tse 50 kantle ho Afrika Borwa nakong eo Jah Seed a neng a emetse ho ntjhafatswa ha tumello ya hae ya ho ba kwano," ho rialo Stoan. "Re ne re le Jeremane mme kgwebo e teng moo.
"Lehlabula Yuropa le qala ka Phupjane, ka hoo, re ne re hahlaula nakong eo e leng Mariha kwano. Re se re hahlautse hararo Yuropa mme la ho qetela, re ne re na le Mzekezeke le Ntando.
"Jwalo ka ha re ne re sa tuma haholo kwano, re ne re hlile re sebetsa ka thata."
O mong mosebetsi wa kopanelo pakeng tsa Stoan le Thandiswa, ke ngwana bona Malaika, ya seng a tla kopanya dilemo tse tsheletseng.
Thandiswa ha a ka a rata hore Malaika a hlahelle ditabeng jwalo ka mmae, o ne a tseba setso le meetlo ya habo. O ne a etsa sena ka hore a se tle le Malaika mona ditoropong moo yena a hlahellang ho TV, a yang le dikonsareteng.
"Ke ka hona ke yang mahaeng selemong sena," ke Thandiswa a ntse a bososela. Ke ikahela motse wa ka le Malaika mane Coffee Bay lebopong la Transkei.
"Mona re phela sehae mme re na le nako e ngata jwalo ka ha ke le hole le mosebetsi wa ka."
Le yena Stoan, o ntse a se hopola setso sa habo. O tswa Leboya Bophirima, moo a reng lelapa labo le sa tswa fumana polasi lenaneong lena la mmuso la ho kgutlisetsa batho mobu wa bona.
"Ntle le mmino le ho hatisa, ke batla hore ha ke le dilemo di 35, ke be se ke hatetse pele bophelong," ke yena eo.
Appleseed ke Lerasta le dilemo di 32 mme o ne a etse dithuto tsa quantity surveying athe hape o ntse a shebile ka le ntjhotjho tsela eo moruo wa Afrika o tsamayang ka yona matsatsing a kajeno.
Mmino ke kgwebo e kgolo - o ikahetse studio sa hae sa ho hatisa moo a tshepang hore o tla iteoletsa tsa hae dinaledi.
"Re ka nna ra ba tshiya ya moruo wa Afrika re ntse re le mona," ke yena eo. Stoan o behile Bongo Maffin maemong a matjhaba. "Albamo ya rona ya ho qetela, ya 2001, e ne e re behe maemong mane Amerika," ke yena eo.
"Konsarete ya rona e kgolo e ne e be mane New York's Central Park, moo ba neng ba re tshwantshe le sehlopha sa Fugees."
Dinaledi tsena tse tharo tsa Bongo Maffin, ke mehlala letlobong le letjha la dibini mme ba motlotlo ka sena. Ba ne ba qale mmino wa kwaito ba sa le sekolong mme kajeno ba sebedisa bokgoni boo ba bona ho tloha sekolong molemong wa kgwebo. [s]
BONA SESOTHO - March 2006
u
BONA SESOTHO - March 2006
Re ka nna ra etsetsa Afrika tse kgolo!
LE LETONA: "Ke kgutlela setsong sa heso selemong sena," ao ke mantswe a Thandiswa.
KA HODIMO: Jah Seed o a o rata mmino wa Afrika Borwa. "Re ka nna ra ba tshiya ya moruo wa Afrika re ntse re le mona," ke yena eo.
