sotho.392.rebecca
Dipotso tse 10 ho...
Rebecca Malope
NAKO KE YA HAO!
Ke nako ya hao ya hore o botse naledi eo o e ratang dipotso tseo e leng kgale o ipotsa tsona ka yona! Re romelle dipotso tseo o ratang ho di botsa Carlos Alberto Parreira pele ho mohla la Motsheanong 2 mme dipotso tsa hao di tla tswa kgatisong ya Phupu.
O ka botsa ka ho romela ASK ka SMS mmoho le potso ya hao (e ditlhaku di sa feteng 160) ho 35919. SMS e bitsa R3.
O ka botsa le ka e-mail ho: bona@dbn.caxton.co.za o se lebale ho ngola lebitso le toropo eo o leng ho yona.
O ka re romella le mabitso a dinaledi tseo o ratang hore re di botse dipotso.
1. O Mokreste kapa o pholositswe?
Nonyaniso Bhakala, Verulam
Ke Mokreste, ke setho sa kereke ya Assembly Of God. Ke dutse ke mengwa ho rorisa le badumedi ba bang ba dikereke tse fapafapaneng lefatsheng ka bophara. Re bana ba Modimo kaofela, re rapela Modimo O le mong.
2. O ka re dikamano tsa hao le Modimo di jwang?
Polisa Puwani, Uitenhage
Ke atamellane haholo le Yena mme ke yena ya mpontshang tsela. Ke Motswalle le Modisa wa ka. Ke rata ho dula ke mo rorisa - ke ka hona ke binang mmino wa bodumedi.
3. Ha o so ka o nahana ho fetola mofuta wa mmino wa hao?
Sithabile Ndlovu, Mgababa
Ha ke bone. Albamo ya ka ya pele e ne e se ya bodumedi, empa ka mora yona, ka tlameha ho kena ho wa bodumedi.
4. Ekaba e ne e ntse e le toro ya hao ho ba sebohodi sa TV?
Teboho Mohoto, Vosloorus
Ke ne ke ntse ke lakatsa hobane ke e nngwe tsela ya ho phatlalatsa Lentswe la Modimo. Ke rata ho bua , ho qoqa le ho etsa metlae. Ke ne ke ntse ke rata le ho bapala dipale.
5. Ke efe keletso ya hao batjheng ba ratang ho kena mminong?
Dineo Zulu, Roseglen
Ithute, o be le lerato le talente. Ha ke ne ke qala, ke ne ke sa ruteha - seo se ne se mpha mathata ha ke ne ke tlameha ho bala ditumellano kapa ke na le dipuisano.
6. Setumo se o tshwara jwang?
Vanessa Ngcobo, Amanzimtoti
Ha ke ipone ke le motho wa maemo. Ka nako e nngwe ke a ikisetsa bana sekolong. Ke a ithekela diaparo tsa ka, ke atisa ho reka Rosebank. Ke ntse ke eya renkeng ya ditekesi e mmileng wa Jeppe le wa Bree kapa ke ye lekeisheneng ha ke rata.
7. Ke eng e o tsosang morolo bophelong ba hao?
Nonzwakazi Jeke, Mthatha
Lerato le mahlohonolo a Modimo, lerato la lelapa haholoholo bana ba ka le lerato leo ke le fumaneng bathong ba kwano le ba mose ho mawatle.
8. Ekaba ho teng leano la batjha leo o ikamahantseng le lona ha jwale?
Thulani Mhlongo, KwaMashu
Ke rata ho ruta batjha, hona jwale ke nkile karolo haholo leanong la batjha la thuto le bitswang FUNDISA.
9. O rata ho fumana monna ya jwang?
Tomax Hagile, Khanyayo
Eo e leng mohlala, ya nang le lerato.
10. Ke eng e o kgothatsang jwalo ha o tsoha hoseng?
Mamello Masima, Daveyton
Diphephetso tsa letsatsi le letjha bophelong. Ke thabela bophelo. [s]
BONA SESOTHO - May 2008
Karolong ena e ntjha, babadi ba BONA ba botsa dinaledi tsa bona dipotso
TSADINALEDI
Mofumahadi enwa wa mmino wa bodumedi, Rebecca, o arabile dipotso tsa rona ha monate, empa o hanne ho hlahisa ntlha tabeng ya lenyalo le menyenyetsi ya hore o sebedisa dithethefatsi le ya botabane.
STRAPARIAL
