SOTHO.382.muthi
ka FORCE KHASHANE
KGATISONG e fetileng re buile ka hore bomadimabe ha bo bakwe ke badimo. Re dumela hore ho tshwara "batho bao re phelang le bona" hampe - ho ka nna ha tlisa bomadimabe.
Ke ile hape ka bua le ka taba ya seabo sa melao e leshome jwalo ka ona o reng hlonepha mmao le ntatao e le hore tshiu tsa hao di ate lefatsheng.
Ho hloleha ho boloka molao ona, ke ho itshela bomadimabe.
Sena sohle ke se hopoditswe ke lengolo leo ke sa tswa le fumana la mohlolohadi e mong.
Ho lona o boletse ha a nahana hore ba bohadi ba hae ba mo tshetse bomadimabe, yena le bara ba hae jwalo ka ha a hanne ho kenwa ke e mong wa baena ba monnae.
O bolela ha ntataematsale e le kgale a mo sotla a mo qobella hore a kenwe ke moena monnae. O re o bone e le ho mo sotla feela hoo mme a hana.
Ntataematsale le ba bang ba lelapa ha ba rate ha a tsamaya lapeng hobane ba sa rate hore ho fihle motho ya tswang kantle a tlo ja lefa leo mofu a le sietseng mohatsae le bana.
Ho ya ka mohlolohadi enwa, monnae o ne a le maemong a hodimo khampaneng e nngwe eo a neng a se a sebeditse ho yona dilemo tse fetang tse 20.
Ka hoo, o ne a fumane tjhelete e jwalo ka tjhelete.
Empa o bolela hore yena ha a ka a ba mamela, ka hoo, ba lelapa ba ne ba mo hlabele nku e ntsho, yena le bara ba hae ba babedi, mme a bona sena e le ho ba tshela bomadimabe.
Pele matsapa ao a bona ha a ka sebetsa. Ka tjhelete ya monnae, o ne a lefelle dithuto tsa bana ba hae.
Dintho di qadile ho senyeha nakong eo bana ba hae ba qetang sekolong, ba fumana mosebetsi. Bara bao ba hae ba ne ba fellwe ke mosebetsi ka lebaka la botahwa.
"Ka botlolo e le nngwe feela, ba ne ba tahwa ba se ke ba itseba le mabitso a bona," ho bolela mma bona.
Ho lelekwa moo o dulang, ke ntho e tetebetsang maikutlo - ha ke bolele ha ho kopane le botahwa ba bana ha hao.
Empa he e ntse e le nako hore mme eo a batlele bana bao ba hae thuso.
Thuso ya setho bakeng sa batho ba nwang haholo e a fumaneha - empa ha feela ba nang le mathata ba dumela le bona hore ba mathateng.
Moriana o bitswang imvezu o a thusa ho fokotseng mathata a botahwa. Moriana ona o fumaneha haholo Limpopo mme ha o le metsing a batang, o etsa makweba.
O a o hlwekisa ha o phalatsa ka ona.
Tshela dikgaba tse hlano tsa imvezu metsing a futhumetseng a dilitara tse hlano.
Fuduha metsotso e ka bang 15 mme o tshele halofo ya kgalase ya biri.
O tlameha ho phalatsa bonyane ha nngwe ka beke dikgwedi tse tsheletseng kaofela.
Ha o ntse o tswelapele, jwala boo o bo tswakang moo morianeng o tlameha hore o nne o bo fokotse ho fihlela o qetella o se o sa tshele letho, o se o phalatsa ka moriana feela.
Ho bohlokwa hore motho eo ya tla sebedisa moriana oo, e be yena ya o tswakang.[s]
38 BONA SESOTHO - February 2006
Mmala o motsho ha o na "mathata"
Batho bana ba loyang ba sebedisa diphoofolo tse itseng ho etsa mesebetsi ya bona e ditshila - empa he ha re a tlameha ho etsa phoso ya ho nahana hore diphoofolo tsena tse ntsho ke tsa ho loya. Ba ka sebedisa leha e le phoofolo e mmala o jwang feela.
Ho etsa mohlala, jwalo ka ha ke ngola tjena, ke kentse difaha tse ntsho tseo e leng letshwao la matla a badimo.
Hangata, ha mathuela a bua ka ho etsa moetlo wa ho kokobetsa meya ya badimo, mmala o motsho ke ona oo ba o sebedisang.
Re bua ka ditlhare
Ba bohadi ha ba mo rate
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
