sotho.373.career
Mesebetsi
Ho sebetsa radiong
NAKO ke 3.30 hoseng mme o tseleng ka mora ho sebetsa bosiu. O a otsela. O tsamaya o mametse seyalemoya.
"Haeba motho a tsamaya a ntse a o mametse, tseba hore o etsa mosebetsi wa hao ka nepo," ho rialo Thandy Kunene, sebohodi sa East Coast Radio mona Thekong.
O ka mo mamela ho tloha horeng ya boraro ho ya ho ya botshelela kameso ka Moqebelo le Sontaha. Re ne re mo etele mosebetsing wa hae...
Ke eng se o kgothaleditseng ho nka lekala lena" Haesale ke e rata radio. E ne e re ha ke le dilemo di 16 ka letsetsa ho se seng sa diyalemoya tsa setjhaba mane East London, ka ba bolella hore: "Lebitso la ka ke Thandy Kunene mme ke rata ho etsa phapang."
Ke ne ke amohelwe mme ka sebetsa jwalo ka moithaopi. Ka mora sehlopha sa leshome, ka etsa degree ya boqolotsi ba ditaba mme thuto ya sethatho ya ba radio. Ka mora moo, ke ne ke tle Thekong. Ke ne ke fumane mosebetsi wa Human Resource khampaneng e nngwe.
Leha ke ne ke sebetsa, empa ke ne ke sa kgotsofala, ke ne ke batla mosebetsi oo ke neng ke tla o etsa ka lerato. Ka hoo, ka nna ka nanarela East Coast mme ba nkamohela.
Hobaneng ke thabela ho sebetsa radiong" Ke thabiswa ke tsebo ya hore lentswe la ka le finyella bathong ba bangata ka nako e le nngwe. E nngwe ke taba ya ho tseba hore ke etsa batho ba dule ba bolokehile mmileng. Hape ke rata tsela eo ke hokahanang ka teng le bamamedi ba ka.
Ke eng se o kgothatsang" Ke kgothatswa ke ha bamamedi ba ntetsetsa ba bolela ka moo ba thabelang lenaneo la ka ka teng.
Ke efe phephetso e kgolo mosebetsing wa hao" Ntho yohle e etswa ka khomputara mme o tlameha ho ithuta mosebetsi ka potlako.
O tlameha ho ba matjato, o tshware mehala, melaetsa ya e-mail le sms, o bapale mmino esitana le dipapatso, o sa itebale!
Le haeba ho le teng se o tshwereng hampe, seo ha o a tlameha ho se ntshetsa moyeng. Batho ba buang le wena ha ba batle mathata a hao - ba batla boithabiso feela.
Nka etsa phapang
BONA SESOTHO - March 2007
pale ka GRACE KHUZWAYO
setshwantsho ka BRETT FLORENS
Ka nako eo re hatisang pale ena, Thandy o ne a se a nyolletswe maemong a hodimo a ho hasa lenaneo la hoseng ka mafelo a beke. "Ke natefelwa ke mosebetsi ona ka dinako tsohle," ke yena eo. "Ke rata mosebetsi wa ka haholo."
O BE MOTHO YA JWANG
"Motho eo ke bonang a nepahetse haholo radiong, ke motho ya ratang meketjana le boithabiso, ebe eo bohle ba ratang ho ithabisa le yena," ho rialo Naveen Singh, molaodi wa dikgatiso ho East Coast Radio.
"Lentswe la hao le tlameha ho hlaka, o itshepe mme o be le tsebo ya puo eo seyalemoya seo se hasang ka yona."
Haeba o se o na le boiphihlelo, molaodi wa dikgatiso o tla lebella o tle le di-CD kapa dikhasete tsa moo o neng o hasa teng. Haeba o se na boiphihlelo, di ngata haholo diyalemoya tsa setjhaba, ikopanye le tsona mme o ka fumana boiphihlelo teng.
Le haeba o se na bophihlelo, e ntse e le ntho e ntle ho hatisa lentswe la hao, hore ba o mamele hore na le utlwahala jwang seyalemoyeng.
THUPELLO
Degree kapa diploma ha se yona tlhoko ya sethatho, empa ho ntse ho le molemo ho ba le degree kapa yona diploma dithutong tsa boqolotsi.
MOPUTSO
Ha ho bobebe ho bolela hore na o ka amohela bokae jwalo ka ha diradio di sebetsa ka ho ikemela.
Ditlabotjha tse ding di kena moo di lefuwe moputso o itseng ha ba bang bona ba kena jwalo ka baithaopi hore ba tle ba fumane boiphihlelo!
Tseba he hore ntho yohle e ba diatleng tsa hao ha o se o kene radiong - o ka ba le a hao mananeo kapa o tshware meketjana e itseng setjhabeng.[s]
BONA - March 2007
