sotho.371.lizard e
O kopa thuso
SEFAHLEHO sa hae se setle se bile se boreletsana, empa mmele ohle wa Maggie Nhuvunga o letlalo le mahwashe, le ommeng le bileng le tabohang. Ha ho tjhesa, le tswa madi le hlohlone. Ha sena se etsahala, o tlwaetse ho ikalafa ka hore a kene metsing a batang nako e seng kae hantle feela jwalo ka kwena. Ha a leke le ka phoso ho hlapa ka sesepa.
"Ha ke sebedisa sesepa, ke e ke utlwe eka ho na dinale tse ntlhabang mmele kaofela," ho rialo yena.
Maggie o jewa ke lefu le bitswang "lizard skin" le etsang hore letlalo le be bohloko le ruruhe.
Lefu lena le ne le mo qale a sa le monyane. Ka lebaka leo batho ba Burghersdorp haufi le Tzaneen ba ne ba se ba mo kgesa.
Bana ba ne ba bolellwa hore ba se bapale le yena - le ba baholo le bona ba sa atemele ho yena ba tshaba ho tshwaetswa.
Ka lebaka lena, mmae o ne a dula a mo kwaletse ka tlung bosiu le motsheare.
"Bana ba bang ke ne ke qetella ka ho ba bona ka fenstere ha ba ntse ba bapala. Ke ne ke utlwa bohloko hobane ke ne ke lakatsa ho bapala le bona," ho rialo yena.
Ntatae o ne a hlokahale a sa le monyane mme mmae a leka ka hohle ho mmatlela thutso.
Mathuela le baoki ba tliliniking ba ne ba leke ba hloleha. Ka mora moo, baoki bao ba ne ba bolelle mme wa Maggie hore ba lekile ba hlolehile.
Ba ne ba mmolelle hore a mo ise dingakeng tsa profeshenale.
Ha a le dilemo di nne, Maggie o ne a romelwe polokelong ya bana ba holofetseng. O ne a kgutlele lapeng a se a le dilemo di 18.
"Empa ha ke a holofala," ho bolela Maggie. "Nnete ke hore ke ne ke lahlilwe moo. Ke mme feela ya neng a nketela. Ha ho le ya mong ho bana beso ya neng a kile a nketela."
Empa le mona lapeng, dintho ha di a ka tsa mo tsamaela hantle Maggie.
Bahlokomedi ba hae ba ne ba mo qobella ho apara dintho tse matsoho a malelele le marikgwe leha ho tjhesa. Ba ne ba re ba etsetsa bao ba tshabang ho atamela ho yena.
Ngwanana enwa o ne a se a sa kgone ho nka karolo le dipapading mme hape ba ne ba le mmalwa bana bao e neng e le metswalle ya hae.
Bophelo ba hae bo le bodutu, bo hloka lerato. Ho na le banna ba sehloho hobane ha a le dilemo di 18, o ne a ime mme a lelekwa lapeng.
Kajeno o dilemo di 40 mme o itulela ntlong ya mmuso le bana ba hae ba bane mane Burghersdorp.
O tsoha ka matjeke ka hora ya bone a kgwetse seo a se kgwetsang pele letsatsi le tjhaba.
"Ha letsatsi le tjhesa, mmele wa ka o ba bohloko," ho rialo yena. "Ke ka hona ke sebetsang pele letsatsi le tjhaba."
Ha a atise ho tswela kantle. "Ka tsatsi le leng ke ne ke kope metsi motseng o mong mme e ne e re ha ke qeta ho nwa, ke kgutlisa kopi, ba ne ba e nke ba e lahlela hole kwana ke ntse ke shebile, ke yena eo. Ke ne ke phoqehe haholo."
Empa bophelo ba Maggie bo se bo tla fetoha jwale.
Ho na le ngaka ya sebakeng sa habo e ithaopileng ho mo thusa. O boletse ha a tla alafeha ha a ka fumana kalafo e nepahetseng.
Lefu lena le a alafeha.
"Kalafo dipetleleng tsa mmuso e mahala - ka hoo ha ho ditjeho tsa letho," ho hlalosa Dr Anisa Mosam, titjhere ya dermatology, Nelson R. Mandela Medical School mona Thekong. "Batho ba kgale ba ne ba sa le alafe lefu lena ka kgopolo ya hore le tla iphella ka bolona.
"Jwale re a tseba hore lefu lena le tlameha ho alashwa ka potlako.
"Hape re a bo tseba bohlokwa ba tlhokomelo ya letlalo jwalo ka ha le le boi, le a petsoha mme o ka tshwaetsheha ka bonolo e leng se kotsi ha se ka fihlella mading."
Ho na le meriana e alafang ho foforeha ha letlalo. Sena se bolela hore Maggie le yena jwale a ka qala ho apara diaparo tse matsoho a makgutshwane mmoho le dikete tse kgutshwane. [s]
BONA SESOTHO - October 2005
Ke batla ho tshwana le ba bang!
Haesale a kgeseha ho tloha bongwaneng ba hae ka lebaka la letlalo la hae...
pale ka GLACIER NKHWASHU le PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka NEVILLE MAAKANA
Ke eng yona lizard skin"
Lizard skin dingaka di e bitsa ichthyosis, e leng se bolelang hore letlalo le makgekgeba jwalo ka la tlhapi.
Le fumaneha lefatsheng ka bophara merabeng yohle ya batho.
Ha le tshwaetsane.
Matshwao a lefu lena ke letlalo le thata le omeletseng le bileng le foforehang. Lefu lena le tla ka mefuta e 28 le matshwao le mahloko a fapaneng.
Dingaka di ka nna tsa tseba ho hlahloba hore na lesea le inngweng le na le lefu lena la Ichthysosis kapa tjhe. Ha le phakise ho bonahala leseeng le sa tswa hlaha, empa le iponahatsa le pele a kopanya selemo.
BONA SESOTHO - October 2005
LE LETSHEHADI QETELLONG: Maggie ya neng a kgesehile bophelo bohle ba hae, kajeno o leboha tshepo e tlisitsweng ke ngaka eo bophelong ba hae.
LE LETSHEHADI: "Ha nka hlapa ka sesepa, mmele ohle e ne e ka o hlajwa ka dinale," ho rialo Maggie.
KA TLASE QETELLONG HO LE LETSHEHADI: Maemo a letlalo la Maggie.
