sotho.355.label
KE KGOTHATSWA
ke setaele sa seterateng
NTHO e nngwe le e nngwe ya John Sithole (25) e a mo paka hore ke moshemane wa lekeisheneng - o a ithata, o rata dipapadi, o kutile le setaele se sa tlwaelehang hloohong sa Mohawk, athe hape o na le diteki tsa All Stars, o bile o na le toro ya ho ba le koloi e ntle (Audi TT) ka le leng. "Ke a rata ho qhanolla le mathaka," ke yena ka motlotlo o moholo.
Leha a rata setaele sa lekeisheneng, moshemane enwa eo e leng seakanyi sa feshene, o hlahetse motsaneng wa mahaeng wa Boschfontein, haufi le Malalane, Mpumalanga.
"Ke ne ke sa bone katleho ya ka ha ke ne ke le Mpumalanga," ke yena eo. "Ke ne ke tlwaetse ho tsoha ke ye sekolong, ha ke kgutla, ke lebe fektring ya malome e rokang diaparo tsa sekolo, ke fihle ke thuse.
"Ke ne ke ya teng kamehla ho ya thusa kgwebong eo ya lelapa."
John o ne a tsamaye Mpumalanga ka mora ho qeta materiki sekolong se phahameng sa Mbambiso ka 2001. Grade 11 ha a mo etsa hobane mesuwe ya hae e ne e bolele ha e le ho mo senyetsa nako ho mo etsisa yona.
Ka lebaka la tsebo a neng a se a na le yona mabapi le moroko, o ne a ingodisetse dithuto tsa clothing management Wits Technikon leha a ne a rata mining engineer.
"Abuti o ne a nkeletse hore ho molemo hore ke sebedise tsebo eo ke neng ke se ke na le yona. Ke ne ke dumellane le yena mme ra ba ra rera ho theha kgwebo mmoho."
Ka mora ho qeta dithuto tsa hae, le ho hapa dikgau tse ngata, o ne a thehe Earthquake ka 2004. O re lebitso lena, le paka sekgahla seo feshene ya hae e tlang ho kena ka sona fesheneng ya Jozi.
"Diaparo tsa ka di bontsha meetlo e fapafapaneng," o boletse jwalo. Ha ke rokele batho ba itseng. Mang le mang feela ya ratang tjhebeho, a ka di apara diaparo tsa ka."
Empa o ntse a nahana ka taba ya ho ba engineer.
"Ke iqalla diaparo ka bonna, ke ikakanyetse tsona bakeng sa batho ba ditoropong," o boletse jwalo.
"Ke kgothatswa ke setaele sa batho diterateng mona, tsela eo ba hatang ka yona, ba yang mabenkeleng esitana le bana ba itulelang dihukung tsa diterata - tseo tsohle ke tsona tse nkgothaditseng ho theha Earthquake."
Bongata ba diaparo tsa hae, di bontsha setaele sa diterateng - dibaki le marikgwe.
"Ka nako e nngwe ha ke bona batho ba apere diaparo tsa ka, ke e ke hopole nakong eo ke sa ntseng ke sebetsa fektring ya malome," o boletse jwalo a bile a tsheha.
John ha a rate ho bua ka dikamano tsa hae tsa lerato. "Ke rata ho itulela le mathaka a mang re shebelle difilimi tsa matjhaena, e leng e nngwe ya dintho tse nkgothaditseng kakanyong ya diaparo tsa ka - ke bolela bathong ba kang Jet Li le Jackie Chang..."
Ha a so lebale sebaka sa Mpumalanga seo a holetseng ho sona. "Ke etela lapeng bonyane hararo kapa hane ka selemo," ke yena eo. "Ha ke le moo, ha ke atamele le ho atamela motjhining! Ke a phomola!" [s]
AENS / Homegrown
Bala o utlwe ka moo letshwao la feshene ya John Sithole, Earthquake, e tswang pele ka teng fesheneng ya Jozi... Pale ka Zodwa Khumalo, ditshwantsho ka Vanessa Grobler/AENS
Jafta Mabangu le motswalae John, mmoho le Isaac Sithole ya mo kutang setaele sa Mohawk.
NEO E NTJHA
BONA SESOTHO September 2008
"Ke iqalla diaparo ka bonna, ke ikakanyetse tsona bakeng sa batho ba ditoropong," ho bolela John.
