SOTHO.350.sis sarah
botsa sis sarah
Ha ke tsebe ba lelapa labo
Ke dilemo di 26, ke dilemo di nne jwale ke ratana le ntata ngwana wa ka ya dilemo di pedi. Ha ke tsebe le ya mong wa ba habo. Ke kopa keletso hobane ke bona ekare sena se tla re qabanya.
ZF
O na le nako e telele ho lekana hore o mo tseba hantle esitana le ba lelapa la habo haholoholo hobane o na le ngwana le yena. Ho a makatsa. Ebe ke hobane a nyetse"
Ho na le seo a o patelang sona.
Ha ke o nyatse - hona ho ka nna ha le bakela mathata. Buisana le yena pele. Mo hlalosetse ka moo o ikutlwang ka teng ka ho se tsebe ba lelapa la habo, o etse a hlokomele bohlokwa ba hore ngwana a tsebe ba habo ntatae.
Ho o tsebisa ho ba lelapa la habo ho tla thusa ho tiisa dikamano tsa lona tsa bokamoso.
Hopola hore - sena se ka nna sa le qabanya ho feta ho le kopanya hobane monna eo o bonahala ekare ho na le seo a o patelang sona, ka hoo, o tla tlameha ho lebella eng kapa eng!
Bonna bo sothehileng
Ke nyetswe ke dilemo di 31. Monna wa ka o moholo ho nna, setho sa hae sa bonna se sothehilwe. Ke dilemo di tharo ke nyetswe leha re se na bana.
Ha ke sa batla ho tswelapele le lenyalo lena hobane nna ke batla bana jwale o a ntshwarella. Ke kgathatsehile ka yena hobane o nthata haholo. Ke batla ho mo siya, o tla utlwa bohloko. Na ke tla be ke etsa phoso" Le nna ke ntse ke mo rata leha ho le jwalo. Ke kopa keletso ya hao!
GG, Peddie
Leha le ena le mathata ana empa nnete ke hore le sa ntse le ratana ke ka hona ke sa boneng ho hlokahala hore le kgaohane. Lengolong la hao ha o hlalose hore le kile la ya dingakeng mabapi le taba ena. Buisanang le ngaka ya lona le kope hore e le etsetse lengolo la ho ya bonana le ngaka e ikgethang bakeng sa mathata a pelehi. E tla etsa diteko tse itseng ho bona hore ke sefe se ka le thusang.
Kalafo ya bongaka e se e entse mehlolo maphelong a ba bangata le hona ka dilemo mme le ho lona mohlolo o ka etsahala. Etsa se molemo bakeng sa lenyalo la lona mme le kope thuso ya dingaka hore le fumane pelehi.
Ke a mo rata, ha ke mo tshepe
Ka 1995 ha ke le dilemo di 14 ke ne ke ratane le monna e mong. Ka nka mpa tsa hae makgetlo a mabedi empa ka senyehelwa. Ngaka ya re ke ho tetebela maikutlo. Nako le nako ha ke imme, o mpontsha hantle hore ha a na nako ya ka. O intsha le banana ba bang. Ha ke mmotsa ka hona o re o a nthata mme ho intsha le bona ha ho bolele letho, ka hoo ke se kgathatsehe.
Ha ke mo tshepe leha e le hore ke mo rata hakaalo. Hohang ha a bue ka tsa lenyalo empa o re o bona eka ha a nnyala ke tla qala ho ratana le banna ba bang mme ke se ke ka hlola ke mo hlonepha jwalo ka ha ke etsa ha jwale. Ke kopa thuso ya hao.
KN, Kapa
Ha ke bone lebaka le etsang hore o nne o senye nako ya hao ka monna enwa. Ha a o hlonephe hohang. Sena se totobala ka ka moo a o tshwarang ka teng. Ke nnete le na le nako e telele le le mmoho, empa ha a ikemisetsa hohang ka wena. Na wena ha o bone"
O bile o tetebela maikutlo ke ho opiswa hlooho ke yena, a ratana le basadi ba bang, a bile a o bolella hantle hore ha a ikemisetsa ho o nyala. Hoja o ne a o rata jwalo ka ha a bolela, o ne a ke ke a tsamaya a ratana o le teng. (Na ebe o a tseba hore ho se tshepahale leratong ho ka kenya bophelo ba lona kotsing e jwang")
Ntho e nngwe ya bohlokwa eo o e buang ke ya hore ha o sa mo tshepa. Dikamano tsa lerato di itshetlehile botshepehing, ka hoo ha o sa mo tshepe...dikamano tsa lona di ke ke tsa tsitsa hohang. O a ithetsa haeba o nahana hore o fela a rata wena ho feta basadi bao ba bang kaofela.
Ha o ka atleha ho ba le ngwana le monna enwa ya se nang boikarabello hakana, ha ke na pelaelo hore a ke ke a o thusa ka letho ho hodisa ngwana eo. Ebe ke sona seo o se batlang leratong seo" Na ha se nako ya ho tswelepele le bophelo ba hao ntle ho yena" [s]
Ela hloko:
Sis Sarah ha na
bokgoni ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le kotjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliliniking ha le ena le mathata
a mofuta ona.
98 BONA SESOTHO - February 2008
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo" Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba
ho arabamothokamongkahoo,kekopa o bale karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng. Hopola hore ha re arolelana ka mathata a ke ke a re hlola le kgale!
Ngolla ho: Botsa Sis Sarah, Box 32083, Mobeni 4060
