sotho.346.africa
Motlotlo wa Boafrika - 41
e bokeleditswe ke WALTON GOLIGHTLY
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
HO UTLWANA le Fora ka mora boipuso le katleho tlhahisong ya cocoa e neng e rekiswa haholo dinaheng tsa kantle, ho ne ho etse hore naha ya Cote d'Ivoire e be e nngwe ya tse atlehileng Afrika. Mohla la 25 Tshitwe, 1999, sesole se neng se eteletswepele ke Robert Guei, se ne se ketole mmuso wa naha eo o neng o etellwa pele ke Mopresidente Henri Konan Bédié.
Yena Robert Guei, o ne a bitse dikgetho tse neng di be le morusu ho ya mafelong a 2000. Ka mora moo, ho ne ho qale morusu naheng eo. Selekane sa kgotso se neng se thehwe ka Tshitwe 2003, ha se ka ba sa thusa hakaalo jwalo ka ha dibaka tse ka leboya le kajeno di ntse di laolwa ke marabele.
Ka mora ho fumana boipuso naheng ya Fora mohla 7 Phato, 1960, naha eo e ne e bitswe Côte d'Ivoire kapa Ivory Coast. Ho tloha mohla 1 Pherekgong 1986, Côte d'Ivoire ya ba lebitso la yona le molaong.
Motsemoholo - Yamoussoukro (E ne e be yona motsemoholo ho tloha ka 1983, leha Abidjan e le yona setsi se dikgwebo le taolo ya naha.)
Mabatowa - Agneby, Bafing, Bas-Sassandra, Denguele, Dix-Huit Montagnes, Fromager, Haut-Sassandra, Lacs, Lagunes, Marahoue, Moyen-Cavally, Moyen-Comoe, N'zi-Comoe, Savanes, Sud-Bandama, Sud-Comoe, Vallee du Bandama, Worodougou, Zanzan
Maemo a lehodimo - ho mongobo haufi le lebopo, ka leboya teng ho rata ho oma; dinako tsa selemo di tharo: ho futhumetse ho bile ho omme (Pudungwana ho ya ho Hlakubele); ho a tjhesa ho omme (Hlakubele ho ya ho Motsheanong); ho a tjhesa ho metsi (Phupjane ho ya ho Mphalane)
Tumelo - Bokreste, dipersente tse 30; Muslim, dipersente tse 40; ya setso, dipersente tse 30.
Nako ya bophelo - banna: dilemo tse 47; basadi: dilemo tse 51
Puo ya semmuso - Sefora
Tjhelete - Communaute Financiere Africaine franc
Naha
Boholo ba yona: 322 460 square kilometres.
lKa botjhabela teng lebopo la teng le tsamaile le ba le matamo a maholo a tebileng ao dikepe di sa kgoneng ho finyella ho ona jwalo ka ha a potapotilwe ke lehlabathe.
lKa bophirima teng, ho na le dilomo le maralla le lehlabathe le lengata. Ha ho leha e le nngwe ya dinoka tsa moo eo ho yona dikepe di kgonang ho e tshela mme tsela e kenang hantle lewatleng e ne e ralwe ka 1950 mane Ebrié, Abidjan.
lHo tloha moo lebopong, ho na le moru o ratwang ke pula o kenellang ka dikilomitara tse ka bang 265 bohareng ba naha mme ho ya ka bophirima le botjhabela teng o kenella ka dikilomitara tse 100.
lNtle le moru ona, ka leboya teng ke jwanng ba savannah (ke makgulo feela ha ho difate).
Sebaka se ka bophirima se shebaneng le Guinea le Liberia, ke sona feela sebaka naheng ena se nang le dithaba haufi le sebaka sa Odienné le sa Man.
lBohareng ba naha ena, ke moru feela wa mefuta e ka bang 225 ya difate.
lDiphoofolo tse hlaha tse fumanehang naheng ena re ka bala diphokojwe, diphiri, ditlou di mmalwa, ditshwene, dikwena, mekgodutswane esitana le dinoha.
Batho ba teng
Côte d'Ivoire e na le batho ba ka bang dimilione tse 17 bao bongata ba bona bo dulang ka lebopong leo le lehlabathe. Ntle le moo motsemoholo, dikarolong tse ding tsa naha eo, metse ya teng e qadikane haholo.
Merabe e meholo naheng ena ke wa Akan le wa Gur, mme ho buuwa dipuo tse ka bang 60 tse fapaneng.
Tsa thuto le tsa kgwebo Côte d'Ivoire di na le moelelo wa Fora jwalo ka ha ba rata veine ya Fora, dijo le feshene ya teng.
Toropo ya Abidjan ke e nngwe ya ditoropo tse tswetseng pele dinaheng tsa Afrika tse ka tlase ho lehwatata la Sahara.
Setso le meetlo ke dintho tse hlomtjhwang haholo jwalo ka mesebetsi ya matsoho ka leboya sebakeng sa Senoufo.
Hara dipuo tsa Afrika tse buuwang moo, Sefora ke e nngwe ya tsona.
Ho fela ha meru
Côte d'Ivoire e ne e na le moru o moholo o ratwang ke pula mme ka lebaka la ho rengwa ha difate, ho se ho setse moru o ka nkang dipersente tse 17 tsa sebaka sa naha eo.
Dilemong tse ngata, haesale dithupa tsa naheng eo di rekisetswa dinaha tsa kantle, hara mefuta ya difate tseo dithupa tsa teng di neng di rekiswa, re ka bala mofuta wa mahogany, iroko, sipo, obeche le makore. Ka 1996, mmuso o ne o kwale ho rekiswa ha dithupa dinaheng tsa kantle, empa tlolo ya molao ya ho rengwa ha difate ya nna ya tswelapele.[s]
BONA SESOTHO - December 2005
Côte d'Ivoire ke e nngwe ya dinaha tse pele tlhahisong ya cocoa le kofi
Côte d'Ivoire
Lebopo la difefo
Mmila wa Yamoussoukro, haufi le moaho wa kereke ya Our Lady Of Peace.
Banana ba sa leng banyenyane ba pentile difahleho tsa bona ho etsa papadi ya sebaya e nang le metjeko ya serabe.
Pale ya teng
Badimo ba naheng eo ho kgollwa hore ba ne ba fihle naheng eo haholoholo dibakeng tse ka leboya botjhabela le botjhabela (ka dilemo tsa bo 1700 le 1800.
Mayuropa ha a ka ba a kgona ho kenella hare naheng eo ka lebaka la mafu a neng a jele setsi dibakeng tseo tse mongobo. Ka nako eo Fora e ne e saene dilekane tsa kgotso le mebuso ya moo mabopong jwalo ka e nngwe ya ditsela tsa ho atlehisa Sefora ka Afrika Bophirima, Côte d'Ivoire ya ba tlasa tshireletso ya Fora ka 1889 mme ya re hape ka 1893, ya ba tlasa taolo ya Fora ka botlalo. Mafora a ne a nyatswe mme ha dula ho ba le merusu e mengata.
Ka 1919, sebaka se ka leboya sa tswa tlasa taolo ya naha eo mme sa ba tlasa sebaka se setjha se bitswang Upper Volta, se neng se qhalwe ka 1932, sa boela sa kopangwa ka 1948.
Ka 1944, Félix Houphouët-Boigny, morena wa Baule, eo e neng e le rapolasi le ngaka, a theha mokgatlo wa boramapolasi ba Afrika. Hona tlasa mokgatlo oo, ho ne ho thehwe mokgatlo wa dipolotiki o bitswang African Democratic Rally.
Mokgatlo oo o ne o nyatswe ke Fora mme ha ba qala merusu ka 1949.
Ka 1950, Houphouët-Boigny a fetola leano la hae, a qala fatshe ho sebedisana le Fora. Mohla 4 Tshitwe, 1958, Côte d'Ivoire ya ba rebaboliki. Ka mora dikgetho tsa 1959, Houphouët-Boigny e ne e be tonakgolo mme ya re ka Pudungwana 1960, a behwa ya ba mopresidente ka mora ho ba naha eo e ne e fumane boipuso mohla 7 Phato hona selemong seo. O ne a hlokahale ka Tshitwe 1993 mme a hlahlangwa ke Henri Konan Bédié.
Ho ketolwa ha mmuso ke sesole mohla 25 Tshitwe 1999, ho ne ho bakwe ke kgatello ho tsa dipolotiki le bonyofonyofo tseo kaofela di neng di bake hore European Union (EU) le International Monetary Fund (IMF) di kgaole thuso ya tsona Côte d'Ivoire mathwasong a sona selemo seo.
Mogenerale Robert Guëi, eo e neng e le yena ya neng a eteletse sesole seo pele, a ipeha jwalo ka hlooho ya National Committee Of Public Salvation mme a kopa hore ho kgutliswe puso ya demokrasi naheng eo. Leha ho le jwalo, o ne a tshepisa ho beha marapo fatshe ka ha ho ne ho dumellanwa ka dikgetho tse neng di tla ba ka Mphalane 2000, empa ho beha ha hae marapo a puso fatshe, ho ne ho halefise batho ba neng ba tsetselela demokrasi mme seo sa baka morusu o moholo.
BONA SESOTHO - December 2005
Projeke ya Bona
