SOTHO.339.sisarah
BONA SESOTHO - December 2005
Botsa Sis Sarah
Ha a sapote
Ke mme ya dilemo di 45 ya nyetsweng ke monna ya dilemo di 50, re na le bana ba tsheletseng.
Monna enwa o emarisitse basadi ba bang ba babedi ba nyetsweng le a le mong ya hlalaneng le monna wa hae. Mathata a ka ke hobane monna enwa ha a re sapote nna le bana.
Ha ke tsebe hore tjhelete ya hae o etsang ka yona. Ke kopa keletso ya hao bothateng bona.
KJN, Port Elizabeth
lJwalo ka ha o se o boletse, monna enwa o na le bana le basadi ba bangata kantle, mme he ke moo tjhelete ya hae e fellang teng...
Ho a bonahala hore ha le qoqe letho le monnahao ka taba ya ditjhelete, mme jwale ke nako ya hore le etse jwalo.
O a tseba hore o na le bana le basadi ba bakae le hore o amohela bokae - empa he ke tokelo ya hao ho tseba hore na tjhelete ya monnahao e ya kae, jwalo ka ha o nahanela bana bana ba lona ba tsheletseng.
O tlameha ho qoqa le yena ka taba ena kapa leha e le mang e moholo wa lelapa a o buele le yena.
Ha le se le buile hantle ka taba ena, le ka rala lenaneo la lona la ditjhelete bakeng sa bokamoso ba bana ba lona.
Ha ke a nyalwa"
Ke dilemo di 37 mme ke ne ke nyale mohlolohadi e mong ka 2004. Re ne re bolellwe hore re tla fumana lengolo la rona la lenyalo ka mora dikgwedi tse tharo hobane ho thwe mosadi eo o lokela ho qala ka ho hlakola lenyalo la hae le mofu pele.
Jwale re etsa dintho tsohle jwalo ka batho ba nyalaneng. Le di-inshorenseng tsa rona re ingodisitse jwalo ka banyalani.
Ka mora dikgwedi tse tharo ha ke ne ke ilo kenya kopo ya bukana e ntjha ya boitsebiso, le ho lata lengolo la lenyalo, ke ne ke bolellwe hore ha ke a nyala.
Se makatsang ke hobane re ne re nyalane hona kantorong eo. Nka etsa jwang ka mathata ana"
NPM, Mount Frere
lHaeba ho se ditokomane tse bontshang hore le ne le nyalane kantorong eo, ka bomadimabe o tla dula o nkwa jwalo ka motho ya sa nyalang.
Ke tshenyo ya nako hore wena ka bowena o nne o leke ho itokisetsa taba ena, ke o eletsa hore o ikopanye le leqwetha le tla kgona ho ngolla Lefapha lena la tsa Lehae le le hatelle hore le lokise phoso ena.
Ha se phoso e tshosang ena ho tswa Lefapheng la tsa Lehae, ka hoo, fumana leqwetha, o tlohele ho ikopisa hlooho.
Boitshwaro bo sa amohelehang
Ke dilemo di 36 mme ke na le bana ba bararo. Ke dilemo di 16 ke nyetswe. Selemong sena ke balehile hobane monnaka a ntlhekefetsa.
Ke kgutletse lapeng jwale mme bana bona ba setse le ntata bona.
Bothata ba ka ke hore monna enwa ha a ntumelle le hore ke bue le bona feela.
Nka rarolla bothata bona jwang"
JEK, Carolina
lO hloka keletso ya semolao. Monnahao ha a na tokelo ya ho o hanela ho bona kapa ho bua le bana ba hao, mme hore o balehile hobane a ne a o hlekefetsa, ha ho bolele hore o lokela ho o amoha bana. Scorpion Legal Protection Services e tla o eletsa. Sheba papatso ya bona hona kgatisong ena.
O re re boelane
Ke dilemo di 20 mme ke na le ngwana ya dilemo di hlano. Re ne re arohane le ntata ngwana enwa ka 2002. Ka mora moo, o ne a be le ngwana le ngwanana e mong mme jwale ba arohane.
Jwale o batla re boelane, empa nna ha ke mo tshepe. Nka etsa jwang"
SMM, Edenvale
lHaeba o sa mo tshepe, hobaneng o rata ho bua ka yena" Ha ho bokamoso dikamanong tsa lona. Jwalo ka ha o sa mo tshepe e sa le jwale, ha ke bone o sa tla hlola o mo tshepa.
Ho boima.
Ha ho se o tlamang hore o boelane le yena. O o fumane monyetla, empa a bapala ka ona.
Se le kopanyang ha jwale ke ngwana enwa eo a tlamehang ho mo sapota.
Ha ke finyelle sehlohlolong sa monyaka
Ke dilemo di 42 mme haesale ke intsha le monna enwa dilemong tsena tse leshome tse fetileng. Bothata ba ka ke hore ha re etsa thobalano, ha ke finyelle sehlohlolong sa monyaka ona mme ha ke tsebe lebaka.
Seo ke se hopolang ke hore sena se ne se qale ka mora ho fumana hore monna enwa o na le kgarebe e nngwe. Ha ke tsebe hore na ke tlameha ho etsa jwang hobane monna enwa o se a nqetse.
Ha ke mmotsa ka bokamoso ba rona o mpolella hore nka se mo laole, yena ke monna!
Ke leboha hore ha ke na ngwana le yena!
ATM, Inanda
lO tlameha ho shebisisa dikamano tsena tsa lona hobane ho a bonahala hore monna enwa ha o sa mo rata ka tsela eo o neng o mo rata ka yona.
Ho na le matshwao a bontshang sena. Ho se finyelle ha hao sehlohlolong sa monyaka wa lona ka mora ho ba o fumane hore ha a tshepahale ke letshwao le hlakileng la sena.
Ha le etsa thobalano, maikutlo ohle a hao a tlameha ho tsepama ho seo, empa ha o utlwile bohloko, maikutlo a hao ha a kene ka botlalo thobalanong.
Lona lebaka lena le etsang hore a se rate ho o araba ha o botsa ka bokamoso ba lona ho hlakisa hantle hore ekare ha a ya ikemisetsa ka wena...empa o rata ho o laola feela!
Athe hape o na le kgarebe e nngwe!
Ekaba o o rata e le ka nnete" Kapa o mpa a o qetse feela hobane feela le se le ratane nako e telele haholo"
La ho qetela, ke a o lebohela jwalo ka ha o se na ngwana le yena. Sena se bontsha hantle hore ha ho se o tlamang hore o dule o "ikamahantse' le yena. Ke bona eka ho teng se okaokelang dikamano tsa lona!
Ha ke molato!
Ke na le bothata ka kgarebe ya ka ya mehleng. Ke tjhankaneng ka lebaka la yona. O ne a re ke mo betile, e leng ntho e siyo. Ke bohloko hobane ke sa mo rata mme le yena o a tseba. Nka etsa jwang"
SBS, Mondeor
lDi ngata dintho tseo o ka di etsang, o ka batla leqwetha le tla o thusa ho hlakisa hore ha o ka ba wa beta kgarebe eo.
Empa hopola hore peto ha e a tlameha hore e be e be le tlhekefetso ka hare. Ha feela a ka re "Tjhe" mme wena wa tswelapele, ketso eo e bitswa peto.
Mabapi le ho mo rata, ke nahana hore o tlameha ho lebala ka seo. Dikamano tsa lona di ne di fele mohlang a neng a re o mo betile.
Ke mang ya fumanang mahadi"
Ke ne ke nyetswe mme ke na le bana ba babedi. Re hlalane le monnaka bana ba sa le banyane haholo mme ba hodiswa ke nna.
Ke ba hodisitse, e moholo jwale o se a le dilemo di 17, o se a bile a tla nyalwa.
Mahadi a tlameha ho ya ho mang"
AD, Soweto
lKe wena ya hodisitseng bana bana ntle le thuso ya monna enwa mme tjhelete yohle ya mahadi e tlameha ho tla ho wena feela.
Empa, haeba le monna enwa a ne a ntse a sapota ngwana eo, le tlameha ho arolelana mahadi ao. Hopola hore mahadi e ba tumellano pakeng tsa batswadi ba monyadi le monyaduwa, ya siyo tumellanong eo, ho hlakile hore ha a fumane letho. [s]
Ela hloko: Sis Sarah ha a na bokgoni ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le kotjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliliniking ha le ena le mathata a mofuta ona.
BONA SESOTHO - December 2005
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo" Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
