sotho.333.legendsmar
pale ka WALTON GOLIGHTLY setshwantsho ka PHOTO ACCESS
O ne a roriswa ka lebala la ho loka le bohlale ba hae mme ke e mong wa babusi ba mehleng - o ne a tswelepele le ho ba mohlala o motle...
MAKEBA, ke Mofumahadi ya makatsang wa matjhaba, Mofumahadi wa Sheba eo ho ngotsweng ka yena le dibukeng tse kgolo tsa Bibeleng tse kang (1 Marena, 2 Dikronike) esitana le Bibeleng ya Ma-Muslim e bitswang Koran moo ba mo bitsang "Bilqis." Empa dibukeng tse ding ho bolelwa ha pale ya hae e sa le e phetaphetwa dilemong tse ka hodimo ho tse 3 000 tse fetileng.
Boradipale ba dumela hore sebaka seo kajeno se bitswang Yemen, ka borwa bophirima ho Arabia le Ethiopia, ka bophirima ho lewatle le lefubedu, ke sona sebaka se neng se bitswa sa Sheba kapa yona Saba ("Paleisi ya Kgotso").
Seo e ne e le sebaka se neng se ruile haholo ka kgauta le a mang mabenya esitana le dinoko tse bitsang tse neng di lakatswa haholo ke dinaha tsa boahelano. Bahwebi ba teng ba ne ba nka maeto a bolelele ba dikilomitara tse 2 000 kgafetsa ba leba Israele.
Buka e halalelang ya Ethiopia, Kebra Negast, e bolela hore batho ba ha Sheba ba rorisa letsatsi jwalo modimo wa bona.
Makeba o ne a hlahe ka 1020BC. E ne e be Mofumahadi dilemong tse 15 ka mora moo ka mora lefu la ntatae.
Dibuka tsa kgale di bolela hore e ne e le mohaladitwe, a le bohlale, a le molemo e bile e le mmadimakatso.
O ne a re bathong ba hae: "Ke lakatsa bohlale mme pelo ya ka e tsetselela kutlwisiso. Bohlale bo molemo ho feta kgauta le silivera. E tswekere ho feta mahe a dinotsi. Ke mohlodi wa thabo pelong ya motho, kganya mahlong a hae, e bebofatse maoto tseleng athe hape e ba tshireletso hodima hlooho..."
Ha ho tlhokeho ya hore re bolele hore o ne a thabe ha bahwebi ba hae ba ne ba mo tlisetsa dipale tsa morena ya bohlale wa Israele. Re bua ka Salomone, mora wa Morena ya bohlale, Davida le Bathsheba.
Re leboha Morena Salomone ka bohlale ba hae hobane ka nako ya puso ya hae, naha ya Israele e ne e tsebisahala e le naha ya kgotso.
E ne e le monna ya shebehang, e le thatohatsi basading.
Re utlwa ho thwe "e ne e le yena morena ya neng a ruile a le bohlale ho feta bohle lefatsheng. Bohle ba ne ba lakatsa ho bona morena enwa eo Modimo O mo hlohonolofaditseng ka bohlale.
Diprovebia tse 3 000 mmoho le dipesalema tse 1 005 di ne di lebisitswe ho Salomone esitana le buka ya Moeklesia.
Salomone o ne a se bohlale ho tsa Modimo le tsa dipolotiki feela, empa e ne e le setsebi ka pale ya tsa tlhaho. E ne e le molemi, a lemme difate tsa olive, matokomane, dinoko esitana le morara. O ne a ithute haholo ka dikokonyana tse kang dikgo, ditsie esitana le dikokonyana.
Ho kopana ha bona
Makeba o ne a rere ho ya bonana le morena enwa ya neng a tummeng hakana, o ne a bofelle dimpho tse ngata dikameleng tse ka hodimo ho tse 600.
O ne a hlile a kgethile dikamele tse neng di shahlile.
Di ne di qhanehilwe ka bokgabane bo boholo di bile di kgabisitswe le ka difaha tsa kgauta ho ka kgahla medimo.
Tse ding tsa dikamele tseo di ne di tswalle tseleng mme le dipetsane tsa teng le tsona tsa bofuwa moo ho tse ding tsa dikamele.
Makeba o ne a tsamaya ka kariki e neng e na le bethe e bothobotho e neng e na le mopheme ho mo sireletsa letsatsi e bile e na le dikgaretene.
Ena ke yona tsela eo ba neng ba bonane ka yona le Salomone. O ne a mo nehe kamore e haufi le ya hae moo paleising. Kamehla o ne a mo romella yena le basebeletsi ba hae ba 350 mekotla e 45 ya folouru, dipholo tse 10 le dipoho tse hlano tsa dikgomo, dinku tse 50 - dipodi, matsa, dikgomo le dikgoho - veine, mahe a dinotsi le ditsie tse hadikilweng. O ne a mo bontshe jarete ya hae e ntle ya dipalesa e nang le didiba tse kopotsang mmoho le tempele ya teng.
Hara tsohle tseo Salomone a neng a na le tsona, se neng se kgahle Makeba haholo e ne e le bohlale ba hae.
Ba bang ba baithuti ba ne ba bolele hore ho etela ha hae moo naheng eo, e ne e le ka lebaka la tsa moruo le dipolotiki, "ba ne ba re ke kopano ya ho tiisa maqhama a tsa kgwebo dinaheng tsena tse pedi, ba sa nahane hore ke kopano ya dikamano tsa lerato."
Empa he yena o ne a tle ka ho ya ka ho latela buka ya Kebra Negast, a tlile ho tla ithuta letho ho yena.
Dipotso le diteko
O ne a tlameha ho mo botsa dipotso ka mehlolo e mengata, haholoholo tse ngotsweng Bibeleng. Re ka etsa mohlala ka hore: "Ke ntho efe e mpe kapa e ntle ho feta tsohle lefatsheng" Ke efe ntho eo re nang le bonnete le eo re se nang bonnete ka yona""
Salomone o ne a arabe a re: "Ntho e mpe ho feta ke ha botshepehi bo fetoha ho se tshepahale; ntho e ntle ho feta ke ha moetsadibe a sokoloha. Ntho eo re nang le bonnete ka yona ke lefu; ntho o se nang bonnete ba yona ke bophelo ka mora lefu."
Makeba o ne a apese banana le bashanyana ba bahlano ka ho tshwana mme a re Salomone a bolele bong ba bona.
O ne a ba nehe sejana sa metsi hore ba hlape matsoho mme banana ba ne ba bonahale ka ho koba matsoho a diphaka tsa diaparo tsa bona pele ba hlapa.
Ka mora moo, a tlisetsa Salomone dipalesa tse pedi, ya mannete le ya maiketsetso. O ne a tlise notsi mme ya dula paleseng ya mannete.
O ne a mo nehe lejwe la mabenyane le letala ba jwanng, le neng le na le mokoti hare, a re a le etse ditema ka hara mokoti oo. O ne a nke nonobetsane a e kenya ya tsamaya ka mokoting.
O kgutlela Afrika
Ka mora ho dula ha Makeba Israele dikgwedi tse tsheletseng ka ho ya ka kopo ya Salomone, o ne a tsamaye - o ne a mo nehe dikamele tse 600, makoloi a neng a tletse dimpho tse majabajaba le difofane, sekepe le makoloi a lehwatateng.
Hobane o ne a se a imme, o ne a mo nehe reng ka tshepo ya hore o tla mo tswalla mora ya neng a tla mo futsa.
Ka mora ho kgutlela Sheba, Makeba o ne a tswelepele le ho hlontjhwa ka lebaka la bohlale le tumelo le ka lebaka la puso ya hae e nepahetseng.
Hape o ne a hlontjhwe ka lebaka la ho loka ha hae esitana le ho phela ka tsela ya tumelo. [s]
Mofumahadi wa Sheba
BONA SESOTHO - March 2006
Mofumahadi Makeba
KA HODIMO: E bile dilemolemo dinono di sa dumellane le tlhalosetso ya Bibele ya Makeba ya hore ke lekgowa. Leha ho ntse ho na le phehisano ya hore ke e fe naha ya habo, empa ha ho qeaqeo ya hore ke Moafrika.
BONA SESOTHO - March 2006
Mora Solomone wa Afrika
Ka mora ho kgutlela lapeng, Makeba o ne a belehe mora ya neng a mo rehe lebitso la Ibn al-Hakim, "mora monna ya bohlale." Majuta, Ma-Islam le ba Persia ba ne ba bolele ha ngwana enwa e le Nebuchadnezzar.
Ba Ethiopia bona ba ne ba re ke Davida II (lebitso a neng a le rehwe ke Salomone), eo ha morao a neng a ipitse Menelek, eo e neng e be yena morena wa pele wa boreneng ba Ethiopia.
Kebra Negast e bolela hore Menelek e ne e re a le dilemo di 12 feela, o ne a botse mmae ka ntatae mme ya re ha a le dilemo di 22, a leba Jerusalema a nkile reng eo Salomone a neng a e nehe Makeba.
Salomone o ne a mo tsebe hanghang. O ne a thabe haholo ka letsibolo leo la hae la moshemane mme a bolela ha e tla ba yena ya tla mo hlahlama boreneng, empa Menelek a hana. O ne a dule nakwana moo a ithuta melao ya Maheberu mme le yena jwalo ka mmae a kgutlela Afrika.
