sotho.320.dance
BONA SESOTHO - March 2008
"Se mmakatsang ke hore bongata ba batho bo na le dikhomputara le diselefounu, empa ha ba bolele ha e le dintho tsa Mayuropa kapa Maamerika, empa ba nyefole ballet"" ho botsa yena.
ITUMELENG Mokgope, ke e mong wa batjeki ba pele ba ballet Afrika Borwa mme ha o rata ho mmona hantle, etela moo a rutang dikgutsana tsa EITSI beke le beke motjeko ona.
O tla mo fumana Diepkloof, Soweto, a etsa mosebetsi o makatsang sebakeng se bitswang Rena le Lona Creative Centre for Aids Orphans. O ruta bana ba nang le HIV/EITSI esitana le ba anngweng ke yona ba dilemo di tsheletseng ho ya ho tse 16 ballet.
Ona ha se mosebetsi o bobebe mothong ya seng a tjeka maemong a phahameng, empa ha ho jwalo ho Tumi hobane ke motho le motjeki ya mokgelo.
"Ke motho wa batho sedikadikweng sa batjeki," ho bolela Karen Beukes, molaodi wa South African Ballet Theatre "Ke motho ya lokileng ya nang le tlhokomelo mme ke e mong wa batjeki ba mmalwa ba ratang ho thusa setjhaba ho ntlafatsa bokgoni."
Setso sa habo
Tumi o hlahetse torotswaneng e nyenyane ya Acornhoek mme le tsela eo a etsang dintho tsa hae ka yona, e paka setso sa habo hantle.
Lelapa la habo le ne le fallele Soweto, empa Tumi yena o ntse a thabela ho etela torotswaneng eo e haufi le serapa sa diphoofolo mme hape o rata ho nna a ikgopotsa dipale le ditshomo tseo a neng a di phetelwa ke baholo ba habo.
"Ntate o tseba sebaka seo hantle - difate, dinoka le diphoofolo tsa teng. Leha a ka dula Soweto, empa o ntse tseba setso sa habo."
Abutia Tumi o sebetsa ho tsa bohahlaudi mme o dutse a tlisa bahahlaudi sebakeng seo sa habo.
"Lelapa leso ha le fele sebakeng seo," ho rialo Tumi. "Re ntse re nahana ho atolla motse oo wa ntate o Acornhoek hobane re ntse re lohotha ho kgutlela teng ka le leng."
Tumi o bolela ha a se a kgathetse ke bophelo ba ditoropong. "Batho ba Acornhoek ba ikokobeditse haholo, tlhompho ha se ntho eo ba e rutwang ha ho lebelletswe baeti. Ke rata sebaka se kgutsitseng."
Diphephetso
O lokolohile ho bua ka diphephetso tseo a tobanang le tsona mosebetsing ona wa hae wa motjeko wa ballet.
"Ballet e etsa o be motho ya boikokobetso, e o neha le tsela ya ho tsamaya, ho bua, hape le batho ba o bona o le motho ya sa tlwaelehang kapa eo ba ka mo kgellang fatshe," ke yena eo.
"Hape motjeko ona o bonahala e ka ke wa Manyesemane feela, empa hoo ha ho bolele hore re balehele thoko le ona."
Tumi o tshwantsha motjeko wa Kenya, Masai le ballet. "Ke ntho e thabisang, a ko bone hore di nyalana hantle jwang feela," ke yena eo.
E ne e be ntho e tshosang hore Tumi a tlohe diterateng a kene ho ballet. "Ke ne ke thunngwe leoto mona mohwantong wa dinako tsa kgethollo, dilemong tsa bo 1980," ke yena eo, "ngaka ya nkgothalletsa ho leka mekgwa ya boikwetliso e tla ntumella hore ke dule ke le otlolla nako le nako.
"E mong wa ba leloko la heso o ne a kene ka sekgahla ho ballet mme ke yena ya neng a bolele ha ballet e ne e tla tswela leoto la ka molemo."
Ditshita
Tumi o ne a hlole ditshita a sa qala mosebetsing ona mme ya hla ya ba motho e motsho ya ipabotseng motjekong ona Afrika Borwa.
O re seo batho ba se hlokang ho "kena" ho ballet, ke ho fetola maikutlo a bona.
"Se mmakatsang ke hore bongata ba batho bo na le dikhomputara le diselefounu, empa ha ba bolele ha e le dintho tsa Manyesemane, empa ba nyefole ballet, hobaneng"" ho botsa yena.
Tumi ke yena mothehi wa Soweto Dance Theatre, mmoho le Lucky Diale, Carly Dibakwane, Ellington Mazibuko le mofu Jackie Semela.
Hara tseo a seng a kile a di fihlela, re ka bala tshehetso ya ditjhelete ya ho ya ithuta motjeko selemo kaofela mane Rambert Dance School, West London.
Playhouse Dance Company, e Thekong, Tumi o ne a bapalle Madiba mosollane o neng o mo hapele dikgau tse pedi.
Tumi ha a sebeletse thoriso moo Rena le Lona Centre, empa e le lerato leo a ratang ho le fetisetsa baneng bao mmoho le tsebo eo a
e fumaneng ho ballet dilemong tsena tse mashome a mabedi tse fetileng a kene ho ona. [s]
Homegrown/AENS
Motjeki ya pele Afrika Borwa
O motlotlo ka katleho ya hae
Ke eng e fosahetseng ka ballet" Ha ho letho, ho rialo Tumi Mokgope ya ratang ho fetola mehopolo ya batho ka motjeko ona o nkwang e le wa "makgowa..."
pale ka DIANE COETZER ditshwantsho ka VANESSA GROBLER/HOMEGROWN
BONA SESOTHO - March 2008
Nkgolwe - ho tjeka ballet ho o boloka o kwenne ho feta sebapadi sa profeshenale sa bolo kapa yona rugby!
