sotho.315.garden
hantle!
Di hodise
Rala seratswana sa hao hantle, o se hlokomele - mme se tla beha selemo ho pota
KA mora ho jala peo ya hao kgweding e fetileng, e tlamehile e be e metse ka ona motsotso. Hore dijalo tsa hao di tle di hole hantle, di tshelle kamehla. Hlabula, tshella ha tsatsi le dikela, athe mariha teng, o ka tshella ha kgomo di tlwaela makgulo.
Ho fokotsa ditjeho, ho molemo o sebedise metsi a mahala jwalo ka ho kgakeletsa a pula kapa o itjhekele sediba haufi le jarete ya hao ha ho kgoneha.
Ha sethopo se se se hotse hantle (dibekeng tse ka bang tshelela), o ka se hlomola mme o se arole ka 20cm.
Ha o se na rulara, o ka kala ka letsoho - koba menwana ena e meraro e hare ya letsoho mme o sarolle ena e mmedi, o motona le o monyane mme ho tla tswa 20cm pakeng tsa menwana eo.
Hloma sethopo sa pele ntlheng ya monwana o motona mme o yo hloma se seng ho ya o monyenyane jwalo jwalo.
O rata ho ja selemo ho pota
Ha o rata ho lema dijalo tse itseng selemo ho pota, o tlameha ho rera ka nepo. Dijalo tse ngata di ka jalwa leha e le neng feela mona Afrika Borwa leha ho le teng tse mmalwa tse ke keng tsa atleha. Ha o rata ho jala selemo ho pota, lekola lenaneo leo re o etseditseng lona.
Hape o ka rera hore o rata ho jala eng kae hobane dijalo di a thusana ha di jetswe nqa e le nngwe, se boletse jwalo setsebi sa ha Food And Trees For Africa.
Re ka etsa mohlala ka hore, dikokonyana tse ngata di hohelwa ke mmala o mosehla. Haeba o jala dijalo tse nang le dithungthung tse tshehla, seo se tla hohela dikokonyana.
Dijalo tse ding di kgona ho sireletsa tse ding ka hore mohlomong se seng se ntshe khemikhale e bolayang dikokonyana kapa seboko, e leng se tla thusa dijalo tsohle tse haufi le sona, re ka etsa mohlala ka ho jala marigolds haufi le tamati le spinach.
Tse ding dijalo tse kang ditlama, di sireletsa tse ding ka lephoka hobane di na le lephoka le lelekang diboko le dikokonyana.
Dijalo tse kang poone, di thusa tse ding jwalo ka dinawa, di kgona ho ithatela ho yona athe mustard e sireletsa tse ding tse kang lettuce letsatsing.
Dijalo tse kang mokopu, di thibela lehola, di sireletse tse ding tse kang poone le difate tsa ditholwana hore letsatsi le se tjhese methapo ya tsona.
Tse ding dijalo di ka thusa ho fepa tse ding - dijalo tse kang dinawa le clover vetch di ka fana ka nitrogen dijalong tse haufi le tsona mme tse methapo e tebileng jwalo ka lucerne le difate tse meutlwa, di kgona ho nontshetsa tsena tse methapo e sa tebang mobu.
Tseba dijo tsa hao
Asparagus, mabele, brinjal, leeks, lettuce, rateisi, dinawa, spinach, solotsi le moroho wa rapo, ha e na mathata, e ka jalwa le dijalo tse ding. Leha ho le jwalo, meroho e meng yona e a kgathatsa...
Dinawa: Ha di atlehe hantle ha di jetswe le garlic le gladiolus. Pole beans tsona ha di utlwane le beetroot.
Khabetjhe: Meroho ena ha e utlwane le dijalo tsena tse bodilanyana tse kang tamati le monokotshwai, empa di utlwana hantle le tse monko o monate jwalo ka dill, chamomile, sage, peppermint, rosemary, celery mmoho le beetroot le ditapole.
Eie/garlic: Di atleha hantle haufi le beetroot, menokotshwai, lettuce le tamati.
Ditapole: Ha di atlehe ha di jetswe le sunflower, tamati le raspberries. Di beha betere haufi le dinawa le mabele.
Cucumbers: Ha di utlwane le ditlama le ditapole, di beha hantle mmoho le dinawa, mabele, dierekisi, rateisi kapa yona sunflower.
Dihwete: Dill e ka eketsa tatso ya dihwete disalateng, empa ha e atlehe ha e jetswe le dihwete. O ka jala dihwete le dierekisi, lettuce, chives, eie, leeks, tamati, rosemary le sage.[s]
Pale: Thandi Zulu
Semela se seng se kgona ho fepa se seng
O KA LEMA ENG NENG
E qotsitswe: West Park Permaculture Development Centre
DIJalO TSA BOHLOKWA TSE 10 TSEO O KA DI JALANG JARETENG
MATLA A TEMO
Pelepele:
E sebetsa jwalo ka moriana wa dikokonyana le dikokwanahloko.
Clover:
E nontsha le hona ho kwahela mobu.
Comfrey:
E ba manyolo, e be moriana hape e nontshe mobu.
Dinawa:
Ke dijo, ke manyolo, di nontsha le mobu.
Lucerne:
Bakeng sa manyolo, ke dijo bathong le diphoofolong.
Marigold:
E bolaya dikokwana.
Nasturtium:
E bolaya dikokonyana.
Eie:
Ke dijo, e bolaya le dikokonyana.
Patata:
E thusa hore mobu o se etse makwete, hape ke dijo.
Vetiver grass:
E thibella kgoholeho ya mobu, ke moriana hape ke manyolo.
Woolworths Trust EduPlant ka tshebedisanommoho le DWAF, LandCare le SABC Education ba thehile lenaneo la dikolo la tsa temo. Bakeng sa dintlha kapa o rata ho lemela sekolo kapa setjhaba sa heno dijo tse nepahetseng, letsetsa: Food And Trees For Africa: 011-803-9750; e-mail: info@trees.org.za.
