sotho.314.lettersep (2)
Le hapileng
A re tloheleng molao o sebetse
Ke kgathatseha ke ka moo molao o tsamaiswang ka teng naheng ya habo rona - haholoholo diqosong tsa peto le manyofonyofo.
Ke mefuta ya bonokwane bo tlwaelehileng setjhabeng. Mahlatsipa a utlwiswa bohloko bo tshabehang. Molao o lokela ho re sireletsa ka ho tshwana. Baetsi ba bokgopo ba ahlolwe ka thata le hona ho sa kgathallehe hore ke barui kapa tjhe, ba tumme kapa tjhe!
Khobe Mametja, Segopje
Ho ima ha
batjha
KE utlwa batho ba re batjha ba ima ka boomo hobane ba batla ho fumana pei ya bana.
Ke mopoto oo!
Ke mamg ya ka imang hobane feela a batla ho fumana R190 ka kgwedi - kapa ke bokae na kajeno"
Batjha bana ba ima hobane feela ba sa ruteha hantle ka dintlha tsa bophelo. Ke nako ya hore batswadi le matitjhere ba nke boikarabello ba ho ruta bana nnete ka tsa thobalano.
Ke re ho lona banana: ha se bokgabane ho ba le ngwana o le dilemo di 15. Kenang sekolo le ithute ka matla.
Thandeka Ndlovu, Carolina
R100
Mangolo a hao
Setso le meetlo
KE A le leboha ka ho phatlalatsa BONA ka Sexhosa bakeng sa batho ba sa tsebeng Senyesemane. Jwale na le ke ke la qala maqephe a buang ka meetlo le setso sa Maxhosa"
Nompumelelo Lukashe, Joburg
lWena o nahana jwang" Na o ka thabela ho bala ka dipale tse buang ka meetlo ya setso sa merabe e fapaneng" Ha re na bua feela ka meetlo ya Maxhosa empa re tla boela re ngola hape le ka ya merabe e meng ya naha ya habo rona jwalo ka ha re le setjhaba sa Merabe e Fapaneng.
Re ngolle o re bolelle maikutlo a hao. Re tla thabela ho utlwa seo o se nahanang!
BONA SESOTHO - September 2006
SA BOHLOKWA!
Ditlhodisano tsa SMS
Ke mobadi wa makasine wa kamehla. Ha ke sebetse mme ha ke na matla a ho kenela ditlhodisano tsa SMS.
Ke bona jwale makasine ya BONA e se e ena le dipersente tse 90 tsa ditlhodisano tsa mofuta ona.
Na babadi ba bang ba kang nna, ba se nang matla a ho kenela ka SMS ha ba jewe tsuo" Hobaneng ho sa amohelwe le dikenelo tsa poso"
Ke nnete re lokela ho kgema le dinako empa hobaneng jwale bafutsana ba lokela ho jewa tsuo"
John Tsima, Lynnville
KARABO YA MOHLOPHISI:
Ha ho mobadi wa BONA ya jelelletswang ha re tla ka ditlhodisanong. Kaofela ha ditlhodisano tsa rona re kgothalletsa batshehetsi ba rona ho amohela le dikenelo tse tlang ka poso. Motho ka mong o a ikgethela. Dikenelo tseo tsohle di kopanngwa mmoho mme e be he ho kgethwe mohlodi ho tsona. Kgetho ya hao ha e ame menyetla ya hao ya ho hapa moputso le hanyenyane!
Romela mangolo a hao ho:
Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
WENA O NAHANANG"
Batho ba mahaeng ba tshwerwe hampe
HA KE na mantswe a ho hlalosa ka moo ke utlwiswang bohloko ka teng ke mokgwa oo batho ba mahaeng ba tshwarwang ka ona.
Batho bana le bona ho lebelletswe hore ba lefe lekgetho jwalo ka bohle empa bona ha ba nehwe hohang ditshebeletso tsa mmuso jwalo ka ba bang!
Le kajeno, ka mora dilemo tse ngata hakana tsa tokoloho, ba bang ba bona ba sa ntse ba ekga metsi dinokaneng moo ho nwang teng diphoofolo. Dibakeng tse ding ha ho le motlakase kapa yona mebila.
Empa ka nako ya dikgetho, boradipolotiki bohle ba tsekisana ka hore ba tla ba lokisetsa sena le sane ho ntlafatsa maphelo a bona.
Haa! Hang ha di feta, ba qeta ho ba kgetha, ba a lebala ka bona.
Ke nako ya hore batho ba mahaeng ba nehwe ditshebeletso tse ba loketseng!
MS, Whittlesea
lWena o reng" Na maemo a sa ntse a le mabe jwalo ka pele dibakeng tsa mahaeng" Na batho ba mahaeng ba fela ba ikutlwa ekare mmuso ha o ba tsotelle ka letho"
Kapa ebe ho na le diketsahalo tse ntjha tsa tswelopele" Na ho na le se etswang" Re ngolle o re bolelle a hao maikutlo!
BONA SESOTHO - September 2006
Mangolo a hao
Ba tloheleng hle
Ke kgathetse ke ho bala mangolo a batho ba tletlebang ka hore batshwaruwa bohle ba ngolla BONA ba batla ho etsa setswalle le batho ba bang. Ba tloheleng hle. Mobadi ka mong o na le tokelo ya ho ngolla makasineng mme a kope ho iketsetsa setswalle le mang kapa mang ya ratang ho mo ngolla
Ke eng e mpe ha motshwaruwa a kopa ho etsa setswalle le batho ba bang" Ha se hore batshwaruwa bohle ba babe jwalo ka ha ho bolelwa!
O se makale, ha ke motshwaruwa nna hape ha ke so ka ke tshwarwa.
GH, George
Tse ding ka batshwaruwa...
Tabeng ya ho etsa setswalle le batshwaruwa teng ke nahana hore ke qeto ya bona ka bobona. Ebe ba fela ba batla metswalle kapa ba ipatlela feela ho qoqa le batho ba bang ba kantle ho tjhankana"
Ha ke kgolwe hore o ka rata motho eo o ke keng wa mo bona. Ho bua le motho mohaleng ha ho tshwane le ho bua le yena mahlomahlong. Batho ba etsang setswalle le batshwaruwa ba lokela ho ba tshehetsa ba ba kgothaletse ho lahla mekgwa ya bona e mebe.
Luvo Makopo, Ugie
Ho tla etsahalang"
Ke ipotsa ka se tla etsahala ka 2010" Ke bona ekare ha dintho di ka tsamaya tjena, batjha ba habo rona ba tla be ba fedile. EITSI e ba bolaya jwalo ka ditsintsi.
Ke boetse hape ke kgathatsehile ka hore re tla phoqeha dinaheng tse ding tsa lefatshe ditlhodisanong tsa Mohope wa lefatshe!
MM, Pietersburg
Ha se tshenyo ya neo"
Matlwaneng a setjhaba, o fumana ho ngotswe dinthontho maboteng, tseo tse ding tsa tsona di hlabisang dihlong ha tse ding di bontsha neo e babatsehang.
E tshwana hantle le mengolo le dikakanyo tse ntle tseo re hlolang re di bona maboteng a ditoropong tse kgolo.
A re thuseng batho bana ho fumana monyetla wa ho hlahisa neo ya bona hore e ba tswele molemo ho feta ho senya nako ka ho ngola matlwana!
Mphikeleli Mahlangu, Lotus Gardens [s]
O ka sebedisa
lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha
bakeng sa phatlalatso.
