sotho.3023.legal
BONA SESOTHO October 2008
Tlhekefetso ya thobalano
KE dilemo di 32 mme ke a tlanya mosebetsing. Ke dilemo di nne ke etsa mosebetsi ona ka thabo. Mora monga mosebetsi o sa tswa qala ho sebetsa le rona... mme jwale o se a qala ho bua
tsa thobalano.
O rata ho hlaha ho nna lehetleng ha a mpontsha lengolo leo a ratang ke mo tlanyetse lona. O tlwaetse ho nneha mosebetsi a ntse a kenya letsoho matsweleng. Ke tlwaetse ho bontsha hore seo a se etsang ha
ke se rate, empa ho bonahala
a sa utlwe.
Ha re na yona HR manager, motho eo nka tletlebang ho yena feela ke monga mosebetsi mme ke a tshaba ho ya ho yena mohlomong a ka nteleka!
Ke a o rata mosebetsi wa ka mme ha ke lakatse ho lahlehelwa ke ona. Nka etsa jwang ho tlohedisa monna enwa mokgwa ona?
Sibongile K, Joburg
KELETSO YA SCORPION:
Tlhekefetso ka tsa thobalano ke ntho e etsahala kgafetsa dikantorong le difektring naha ka bophara, mme leha le se na yona Human Resource Manger, molao o tla o sireletsa.
Molao o bohale haholo tabeng ya tlhekefetso ya thobalano mme
o beha mohiri molato le haeba a ne a sa hlokomele letho ka ketso ya mofuta oo.
Molao wa Labour Relations Act,
o bolela hore haeba mohiri a hloleha ho qeta tlhekefetso ya thobalano kapa leha e le kenthollo ya mofuta
o fe feela, mme molao o fumana hore e feela seo se etsahala, mohiri o ba molato.
Labour Relations Act e hlakisa hantle hore haeba feela mosebetsi a lelekwa feela hobane a hanne ka thobalano ho motshwari kapa e mong wa bomphato ba hae, ho lelekwa hoo ke ha leeme!
Maemong a jwalo, o tlameha ho tletleba ho monga hao, leha a ka o leleka, molao o tla o sireletsa.
Jwalo ka ha ho bonahala e ka ha ho ya ka o thusang moo mosebetsing, re o eletsa hore o ye ho baeletsi kapa maqwetha a tsa basebetsi.
Re kgolwa hore ha mohiri a ka ngollwa lengolo hantle le tletlebang ka sena, taba ena e ka rarollwa ntle le mathata. A ko nahane ka moo ntate le mora ba ka phoqehang ka teng ha ba ka fumanwa ba le molato wa tlhekefetso ya thobalano.
Ha ho bonahale mona e ka o tla lelekwa. Se ka etswang feela, ke ho netefatsa hore monna enwa o kgaotsa ho o hlekefetsa.
Ho bohlokwa hape ho tseba hore ho etsa ketso e lebisang ho dumellanneng le tlhekefetso, ho fokotsa menyetla ya hao ya ho atleha tletlebong ya hao.
O tlameha ho hlokomela dintho tse kang meketjana ya mosebetsing e kang ya Keresemese moo jwala bo nowang mahala.
Tabeng ya hao, ho bonahala o tla atleha hobane ha o ka ba wa tloha o bontshitse ho dumellana le ketso ya mofuta ona mme haeba o ba le mathata a ho fumana leqwetha le ka o thusang tabeng ena ya hao, re o eletsa hore o letsetse kantoro ya ha Scorpion e haufi le wena. [s]
O itlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection.
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
KELETSO YA MOLAO
SE NKILWE KE DIBONTSHI
BAHIRI HLOKOMELANG!
Ho ya ka molao, nyewe ka nngwe e tlameha ho rarollwa ho ya ka dintlha tsa yona. Ho ke ke ha sebediswa "tsela e le nngwe" dinyeweng tsohle.
Ho bohlokwa hore dikhampane kaofela di be le melao e ngotsweng fatshe e mabapi le taba ya tlhekefetso ka thobalano mme o hlakele basebetsi bohle.
Le tumellanong ya kgiro, ho tlameha ho hlakiswa hore tlhekefetso ya thobalano mosebetsing ha se ntho e dumeletsweng, ho hlakiswe hore sephetho sa seo se tla ba boima haholo.
Ha mosebeletsi a se a saenne tumellano ya hae ya kgiro, ho tla ba boima hore a latole hore o ne a sa tsebe ka kotlo e boima mabapi le tlhekefetso ka tsa thobalano.
Mohiri o tlameha ho hopotsa basebetsi ba hae ka kotlo e tsamaisanang le tlhekefetso ya thobalano kapa kgenthollo ya mofuta ofe kapa ofe.
Re tshepa hore sena se ka thusa hore basebeletsi ba se etse dintho tsa mofuta ona motho a tshepile hore mohlomong o tla fumana ho utlwelwa bohloko ha a itelela ho mohiri.
BONA SESOTHO August 2008
