sotho.300.triviasep (2)
Marokgo a maholo
Mofuta o mong wa borokgo ke o nang le tshiya e le nngwe kapa tse pedi mme bo be le diropo tse tsheheditseng borokgo ka bobona.
Borokgo ba mofuta ona boo e leng bona bo bolelele ho feta yohle lefatsheng ke bo bitswang Tatara Bridge bo mane Japan.
Ho ka tsamaya dikoloi tse nne di bapile, ho na le sekgeo sa dibaesekele, dithuthuthu esitana le ditaaso mme bo bolelele ba 1 480m.
Bona ke bo bong ba letoto la marokgo a hokahanyang dihlekehleke tsa Honshū le Shikoku, ka mose ho Seto Inland Sea mane Japan.
Borokgo bona bo neng bo qale ho sebetsa mohla la 1 Motsheanong, 1999, bo ne bo reretswe ho tsamaya hodima meaho ho tloha ka 1973. Ka 1989, ha tjhentjhwa kakanyo ya bona. Diphetoho tseo tsa bona tsa fokotsa menyetla ya ho thefuleha ha tikoloho eo.
Ditshiya tseo tsa teng di bophahamo ba 220m mme di na le sebopeho sa Y. Ho ne ho fele dilemo tse tsheletseng bo ahwa ntle le kotsi ya letho.
Borokgo bo bolelele lefatsheng ka bophara bo fumaneha hona Japan. Re bua ka bo bitswang Akashi-Kaikyo kapa Pearl Bridge bo tabolang ka hodimo ho Akashi Strait, e leng bona bo hokahanyang Maiko e mane Kobe le Iwaya e mane dihlekehlekeng tsa Awaji.
Qalong bo ne bo ralwe e le borokgo ba dikoloi le diterene, empa e itse ha bo qala ho ahwa ka Mmesa 1986, ha fetolwa mawa, ya ba ba makoloi feela ba ba le mela e tsheletseng. Mmila o na o ne o qale ho sebetsa mohla 05 Mmesa 1998.
Borokgo bona bo na le dikarolo tse tharo. Karolo e bohareng e bolelele ba 1 991m ha tsena tse ding tse pedi tsona ka nngwe e le 960m. Borokgo bona bo bolelele ba 3 911m. Bo tiile mme bo kgona ho emelana le meya a fokang ka sekgahla sa 286km/h, ho reketla ha lefatshe le meya a matla ya lewatleng.
Akashi-Kaikyo e na le mabone a 1 737.
Dipapadi tsa mefutafuta
BONA SESOTHO - September 2006
Maqephe a boithabiso a
Iteke tsebo ya puo ya hao. Setshwantso ke mohlala, ke eng lebitso la seo o se bonang?
BONA
Borokgo ba Akashi-Kaikyo kapa ba Pearl ke ona a malelele lefatsheng.
FERRARI
Ferrari ke khampane ya Italy e hlahisang dikoloi tse mabelo tseo bongata ba tsona di seng di kile tsa hapa mojaho wa dikoloi wa matjhaba wa Formula One.
Khampane ena e ne e thehwe ke Enzo Ferrari ka selemo sa 1929. Koloi ya pele ya Ferrari ke ya 1947 125 S, e neng e na le enjine ya mofuta wa 1,5 L V12.
Jwalo ka ha dikoloi tsena tsa hae tse majabajaba di ne di fumana setumo, Enzo o ne e leke ho boloka boleng ba ona molemong wa bareki ba hae ba neng ba reka dikoloi tseo ka lebaka la boleng e seng lebelo.
Letshwao la khampane ena ke pere e ntsho hodima thebe e mmala o mosehla.
Enzo Ferrari o ne a kopane le Countess Paolina, mme wa Count Francesco Baracca, mokaubere wa sesole sa moyeng sa Italy ya neng a tlwaetse ho akanya pere lehlakoreng la difofane.
Countess o ne a eletse Enzo hore a sebedise letshwao leo dikoloing tsa hae, a mmolella ha e tla mo tlisetsa mahlohonolo.
Ferrari o ne a etse jwalo, empa a kenya mmala o mosehla oo e leng wa toropo ya Modena, e leng moo a neng a hlahele teng.
11% tsa batho lefatsheng ke manqele.
Bala o ithute
BONA SESOTHO - September 2006
Lenaneo le bitsang ho feta la TV ke ER yona eo ho bitsang $13,1 million ho hlahisa pontsho ka nngwe ya yona.
The Simpsons ke lona letoto le le lelele mananeong a akantsweng a TV. Le qadile ka 1989 mme le ntse le tswelapele le kajeno.
Filimi e bitsang ho feta tsohle ho fihlela ha jwale ke King Kong, e ntjhafaditsweng ka 2005 e bitsang
$207 million.
1kg ya lamunu e na le tswekere e ngata ho feta 1kg ya monokotshwai.
Setshwanatsho ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola dikgeong
Smallpox o ka kgona ho e bona ka microscope.
Dr Jenner wa dimakatso
Edward Jenner o hlahile mohla 17 Motsheanong, 1749 mme ke yena ngaka e neng e hlahise moriana o neng o pholose batho ba bangata lefung la smallpox.
Smallpox ka nako eo e ne e le lefu le kotsi le neng le bolaya motho a le mong ho ba bararo ba neng ba tshwarwa ke lona mme mahlatsipa a lona a ne a sala a holofetse.
Ho ne ho ena le le leng le neng le bitswa cowpox mme Jenner o ne a hlokomele hore bao ba neng ba disa dikgomo ba ne ba sa tshwaetswe ke smallpox.
Ka Motsheanong 1796, Jenner o ne a etse diteko tsa hae ka ho enta moshemane e mong, James Phipps, ka lero le neng le tswa matjhatjhetsing a cowpox e neng e tswile letsohong la Sarah Nelmes ya neng a tshwaeditswe ke kgomo e bitswang Blossom jwalo ka ha a ne a sebetsa ka lebese.
Sephetho sa diteko tsena se ne se bontshe hore Phipps ha a ka a tshwaetswa ke smallpox.
Ka 1840, mmuso wa Brithani o ne o qale ho enta batho mahala.
Ka 1980, Mokgatlo wa Bophelo wa Matjhaba o ne o phatlalatse hore smallpox ke lefu le alafehang. Sena se ne se tle ka mora ho etswa ha diteko bathong ba bangata, empa se neng se hlokahala ke moriana.
KE ENG? Vaccine ke ente e sebedisetswang ho alafa kapa hona ho thethefatsa bohloko bo itseng.
Lebitso lena ke la Selatini "vacca" (kgomo) le neng le sebediswa ke Edward Jenner bakeng sa cowpox, e leng ente e neng e entwa batho ho ka thibela smallpox.
Taolo ya tshebediso ya ente ena yona e bitswa vaccination.
Ho na le mefuta e mmedi ya vaccine:
lE thotofatsang: Ho qetwa ha lefu ka khemikhale kapa ona motjheso. Re ka etsa mohlala ka ente ya mokgohlane, cholera, bunonic plague le hepatitis A. Hangata ente ena e sebetsa ha nakwana mme e hloka ho thusetswa.
lE phekolang: Ena ke ente e qetang lefu hohang. Re ka etsa mohlala ka lekgopho la maselese le la chicken pox.
Mmele ya rona e a kgona ho sebedisana le diente tsena, e bone ha lefu le hlasela e be malala-o-laotswe mme e re ha bohloko boo bo hlasela, ona (1) o bolaye kokwanahloko le pele le kena mading kapa (2) o bolaye masole a mmele a seng a tshwaeditswe pele kokwanahloko eo e ikatisa. [s]
Marangrang a ditshwantsho
BONA SESOTHO - September 2006
Maqephe a boithabiso a
Setshwanatsho ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola dikgeong
BONA
Papadi
Bulgaria ke yona feela Mohopeng wa Lefatshe ka 1994, eo dibapadi tsohle tsa yona tse 11 di neng di na le mabitso a qetelang ka "OV."
Lewatle la Atlantic le metsi a letswai ho feta la Pacific.
Lebitso lena TAXI le peletwa ka tsela e tshwanang ka Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Swedish, Sepotoketsi le Se-dutch.
Unscramble
Sort the letters into the right order
BONA SESOTHO - September 2006
All about...
OWLS
lOwls are nocturnal, meaning they hunt at night. They're found in most areas of the world and there are two kinds - the typical owl and the barn owl.
lOwls cannot move their eyes - they must turn their entire head to look around.
lOwls can't see up close very well, but can see far away very well, especially in low light.
lMany owls can also hunt by sound in total darkness. Their muffled wings and dull feathers allow them to fly practically silent and unseen.
lThe smallest owls include the pygmy owls, some of which are only 13cm long with a 32cm wingspan.
lThe largest owls are the eagle owls, which are more than 70cm long with a wingspan of just over 2m.
lIn many parts of the world, owls have been associated with death and misfortune, likely due to their nocturnal activity and common screeching call. However, owls have also been associated with wisdom and prosperity as a result of frequently being companion birds for goddesses.
ABLUE WHALE'S heart only beats nine times a minute.
