sotho.3005.Thandiswa
HO KGETHWA ha Bongo ha moraorao bakeng sa dikgau tsa SAMA ho bona ho bohlokwa hantle jwalo ka mohla ba neng ba qala ho kgethwa ho ya ka moo Thandiswa Mazwai a di bonang ka teng. "Mmino o dutse o tjhentjha," ho bolela yena. "Ha ke tshabe ho qala dintho tse ntjha selemo le selemo mme ke dule ke le tlasa kgatello. E fihlile jwale nako ya hore basadi ba utlwahale lefatsheng la mmino. Ha ke tshabe ho etella pele mohwanto oo."
Dikgaung tsa 2006 SAMA ho na le basadi ba bangata ba nang le tshusumetso - ba maemong a lefatshe jwalo ka naledi ya Jazz, Judith Sephuma, Lebo Mathosa naledi ya kwaito le Mofumahadi wa mmino wa bodumedi, Rebecca le Sibongile Khumalo ha re bala ba qothisanang lehlokwa ka kgau ya Sebini se Hlwahlwa sa Mosadi.
Dinaledi tse ntjha tse hlwahlwa haholo tse kang Unathi Nkayi, Zamajobe, Pebbles, Tshedi (Malaika) le Zolani (Freshlyground), le Kelly Khumalo le bona ba kene tlhodisanong ya dikgau tsena tsa SAMA.
Albamo ya Thandiswa ya pele, Zabalaza, e se e rekisitse dikhopi tse 100 000 ho fihlella jwale mme o se a qadile ditlhophiso tse leeto la hae la Amerika ka Phuptjane empa leha ho le jwalo o sa ntse a amohela mosebetsi o mong o nang le kgatello wa ho ya keteka mmoho le sehlopha ha se thabetse katleho ya sona ya ho tloha ka 1997.
"Ke mosebetsi o moholo," ho bolela yena, "empa ha batshehetsi, ba batla hore Bongo Maffin e hlahise albamo e ntjha, nna nka etsang. Ho bile monate haholo ho boela re kena studio le Stoan le Jah Seed."
SEBOHODI sena sa YFM, Unathi, o kgethilwe le yena ho kenela tlhodisano ya dikgau tsa SAMA ka albamo ya hae ya pele My First Time, e buang ka lerato leo a ratang mora hae le ntatae ka lona le ka maikutlo a hae ka tlhekefetso ya basadi le bana.
E se e rekisitse dikhopi tse 10 000 mme Unathi o hlophisa ho hahlaula hohle naheng ha lehlabula le thwasa, leetong la bona la "Unathi And Friends," o tla be a ena le dinaledi tse ding tse pele tsa basadi.
Unathi o dilemo di 27 mme o se a kile a neha dibini tse ding dikgau tsa SAMA ho TV mme o re botswetse bo bile le seabo se seholo mminong wa hae. Ho a thusa ho sebetsa seteisheneng sa radio se nang le bamamedi ba bangata hobane o kgona ho utlwa maikutlo a makgolokgolo a basadi. A mang a maikutlo ao ke ona a ngolang dipina tsa hae ka ona.
"Ke motlotlo hore le nna ke ballwe hara dibini selemong sena le hore ke kgone ho araba mehala ya bamamedi bao ba bangata," ho bolela yena. "Re na le neo e ntle haholo ya banna hona dikgaung tsena tsa SAMA empa basadi ba na le mokgwa wa bona o ikgethang wa ho hlahisa maikutlo a bona ka mmino. Re ikemiseditse ho nkela kgwebo ya mmino matsohong a rona selemong sena."
E MONG hape ya seng a ipehile maemong a matle ke Pebbles (29) ya "motjhatjha" kgwebong ena mme o se a qetile dilemo tse hlano a lokisa setaele sa hae hantle, jwale o iphumana a se a kgethelwa ho kenela tlhodisano ya Sebini se Hlwahlwa sa Mosadi dikgaung tsa SAMA kgahlano le dikakapa tse kang Judith, Rebecca, Lebo le Sibongile.
"Ho a tshosa," ho bolela yena. "Albamo ya ka e bonahala e ratwa haholo ke batjha hobane e ba thusa ho utlwisisa maikutlo a bona a lerato le bohloko."
Playful Soul e qothisana lehlokwa le dinaledi tse kang Unathi, Ishmael le Camagu karolong ya R&B.
"Ke motlotlo ha le nna mosebetsi wa ka o hlokomeleha," ho bolela Pebbles. Thandiswa le Simphiwe ke mehlala ho nna. Batho ba thabela mmino wa rona haholo - ke ka hona dikgau tsa SAMA di leng bohlokwa haholo basading."
JUDITH SEPHUMA, yena o bona ba sa ntse ba lokela ho lwana ntwa e nngwe e ntjha - mme albamo ya hae e ntjha, New Beginnings, e tswa pele. Ke ya pele dikarolong tse hlano kaofela - Sebini sa Mosadi se Hlwahlwa, Albamo e Hlwahlwa ya Jazz, Mohlahise ya Hlwahlwa wa Mmino, Engineer e Hlwahlwa le Sebini se Ratwang.
"Sena se a tshosa ka nnete," o boletse jwalo Judith ha a bua le ba ha BONA. "Re dutse re utlwa tse tshosang tsa peto le dipolao matsatsing ana mme dibini di na le boikarabello ba ho kgothalletsa setjhaba boitshwaro bo botle.
"Re lentswe la tshepo bathong ba bangata ka mosebetsi le boitshwaro ba rona. Ha ke sa hola mane Polokwane, ke ne ke sa kgothalletswe hohang ho kena mminong ha ke fihla Joburg hobane mmino o ne o nkwa e le sehlaha sa dithethefatsi le boitshwaro bo bobe. Ha ke fihla teng, ka sebedisa monyetla ke tshepile boitshwaro ba ka le kgodiso eo ke hodisitsweng ka yona hore ke tla kgona ho phela bophelo bo hlwekileng. Ke seo ke batlang ho se fetisetsa le barating ba mmino wa ka le kajeno." [s]
LE LETSHEHADI: Thandiswa - o bina a le mong empa o thabetse ho boela a bina le Bongo Maffin hape. Setshwantsho ka PETER BAASCH mokgabiso wa sefahleho ka FAITH SEUOE setaele ka: MARINA WALSH (Mose: Stoned Cherrie; sefaha: ke sa Thandiswa. Setshwantsho sa kantle: mose: Sun God'dess; masale: Mandisa Designs; wrap: ke ya mokgabisi.)
LE LETONA: Judith - "Re lentswe la tshepo ho dimilione tsa batho."
KA HODIMO HO LE LETONA: Pebbles - O ipeha maemong a matle selemong sena.
BONA SESOTHO - May 2006
Basadi ba hatohile mese!
pale ka DOUG GORDON
Ka moo basadi ba habo rona ba etelletseng pele kgwebo ya mmino ka teng!
BONA SESOTHO - May 2006
Ba tla utlwahala
Jwale banna bona"
Ho ya ka dikgetho tsa SAMA, sebini se pele sa monna ha jwale ke Ntando.
O tswile le tlotla ya Sebini se Hlwahlwa sa Monna le Pina e Hlwahlwa haufinyane dikgaung tsa Metro, mme o bonahala eka o tla fumana tlotla e kgolo le dikgaung tsena tsa SAMA - o kgethetswe karolo ya Pina e Ratwang, ka pina ya hae, Dali Wam; le ho Best Adult Contemporary Album (ya Seafrika) le Best African Pop Album - ka Imvelaphi - le ya Sebini se Ratwang Haholo.
Mohlankana enwa ya dilemo di 24 le dibini tse pele tsa basadi di a dumela hore o na le tshusumetso e kgolo mminong wa bona le dilemong tse ngata tse tla latela - mme Ntando ke motshehetsi e moholo wa ho hlahiswa ha maikutlo ka ditaba tse amang setjhaba.
"Basadi ba habo rona ba bona bophelo ba setjhaba ka mokgwa o fapaneng le oo banna ba bonang ka ona. Empa ke seo mmino o lokelang ho ba sona - kaofela ha rona re tlamela nqa e le nngwe."
