sotho.3003.tattoo
Letlalo
le a tabolwa
ditshwantsho ka KAREN LOTTER
MABENKELE ao ho etswang di-tattoo ho ona Afrika Borwa, a se a atile, le batho ba nang le tsona ba bangata, kaofela ba itlama ho sehwa letlalo. Batho ba bangata ba merabe le maemo a fapaneng a bophelo, ba kena ka sekgahla setaeleng sena.
Sena se ne se totobale mohla ho neng ho kopanwe ho African International Tattoo Fest lekgetlo la pele mane Ocean Conference Centre, Golden Mile, Thekong moo ho neng ho ena le dinono tse pele tsa matjhaba tsa di-tatoo tseo tse 12 tsa tsona e neng e le tsa Maafrika Borwa.
Lentswe lena "Tattoo" ke la Setahili le reng "tatua," le bolelang "letshwao." Motjhini wa pele wa motlakase o etsang tatooo o ne o hlahiswe ke Moamerika, Samuel O'Reilly ka 1890. Sethunya se nang le dinalete se laolwang ka letsoho se sebetsa ka motlakase ho tsamaisa dinalete tse hlonngweng ho sona tsa boholo le dibopeho tse fapaneng. Se tsamaiswa ka leoto. Nale e hlaba letlalo mme e lokolle enke ka makgetlo a 3 000 ka motsotso feela.
Tlhweko ke ntho ya bohlokwa ha motho a etsa tattoo mme ho sebediswe le di-gloves tse ntjha bakeng sa motho ka mong. Enke ena e ikgethang, e tshelwa ka hara dikopinyana tse bitswang "ink caps," dinale le ditjhupu di inolwa ka hara mokedikedi wa ho bolaya dikokwanahloko pele di ka kenngwa motjhining.
Ho tshwelwa metsi a hlwekileng a 'distilled water' ka koping bakeng sa ho hlwekisa dinale ka nako eo ho ntseng ho kgabiswa leha ho tjhentjhwa mebala ya enke.
Moetlo
Dilemong tse ka hodimo ho tse 5 000 tse fetileng, Maekgepeta a ne a ikgabisa ka di-tattoo. Ka bo 2000 BC, Matjhaena le ona a ne a ikgabisa ka tsona. Haesale e le moetlo wa bohlokwa merabeng e meng.
Mane Borneo, basadi ba ne ba di etsa diphatleng ho bontsha bokgoni boo ba nang le bona, athe matsohong le menwaneng teng, ho dumelwa ha di alafa mafu. Mehleng ya pele, mane China, dinokwane di ne di tshwauwa ka mela e meraro phatleng, athe ba seng ba tlotse molao hararo bona, ba ralwa setshwantsho sa ntja. Dinokwane hohle lefatsheng di ne di rata ho iketsa di-tattoo molaleng le matsohong ho bontsha mekga ya bona.
Feshene
Ntando Kunene, wa Umlazi, o dilemo di ka hodimo ho 30, ke mme wa bana ba babedi, ya nang le kgwebo ya tsa ntshetsopele. Ha a botswa hore a ka thabela ho ba le tatto, o arabile ka hore: "E, ha ke bone bothata ba letho, ke mpa feela ke tshaba ho hlajwa ka dinale."
O re metswalle ya hae e mengata e na le tsona hape o re ha a nahane hore di bontsha boitshwaro ba motho. "Ke mokgwa feela wa feshene." Shaun Cele, wa Joburg, o ne a le kopanong ya African International Tattoo Fest Thekong, a sheba hore ke dife tse ntjha. O ne a ena le tsona sefubeng le diphakeng. "Ke ne ke di etswe Zimbabwe," ho bolela yena. "Ke nahana hore jwale ke di etse sephakeng kaofela." Jwalo ka ha di-tattoo di se di le fesheneng, motho o se a ipotsa hore ke dife ditshwantsho tseo a ka di ralang mmeleng wa hae. [s]
Ho a ikgabiswa
LE LETSHEHADI: Shaun Cele o motlotlo ka menkgabiso ya hae.
KA TLASE HO LE LETSHEHADI: Dikakanyo tse hlakileng tsa serabe.
Di-tattoo ha di fele hohang - athe ho bohloko ho di etsa - empa di fesheneng...
Di etswa jwang"
Bohato 1: Kgetha kakanyo o e ratang.
O ka etsa kakanyo efe kapa efe ho tloha ditlhakung ho ya ditshwantshong. Athe ha o ena le e ikgethang, o ka ya le yona ho senono seo kapa o se hlalosetse, se tla o akanyetse yona.
Bohato 2: Ho hlwekisa le ho kuta
Karolo ya mmele o batlang ho etsa tatoo ho yona e tla lokela ho hlwekiswa, hangata, ka hore ho sidilwe alcohol ho yona. Ho kutwe mohwete ka lehare le letjha le tla lahlwa ka mora moo.
Bohato 3: Ho kgorametswa pampiri.
Dinono tse ngata di kgorametsa pampiri e nang le kakanyo eo motho a e ratileng ho etsa hore e tle e totobale haholo. Ha pampirri eo e se e tloswa e siya letshwao leo le mmala o perese bo bolou.
Bohato 4: Kakanyo.
Kakanyo e a hlakiswa jwale ka enke e ntsho. Dinale di tshela enke ena karolong e ka harehare ya letlalo. Metsotso ya pele ya ho qala ho ba bohloko haholo. Ka mora nakwana letlalo le a tlwaela mme le be shohlo ho fihlela ho qetwa.
Bohato 5: Moralo.
Hang ha tattoo e se e entswe moralo wa kantle, senono se tla tsamaya hodima ona ka dinale jwalo ka motjhini ho fihlela se o qeta. Senono sena se tla laola dinale ka letsoho ka nako eo se o hatelletseng ka leoto, dinale di tla tsamaya di ntsha enke jwalo ho ya ka moo di lokelang ho etsa ka teng.
