sesotho.299.muti
Hlokomelang dithokolosi
NA moriana o ka atlehisa kgwebo e neng e hula ka falese" Makgwebo e mong ya kgathatsehileng wa Saldanha mane Kapa Bophirima o re: "Ke ngola tjena, ke etsa matsapa a ho intsha bofutsaneng."
O re ana ke a mang a mathata a mo thefulang moyeng bophelong ba hae.
O re le ka nako eo a neng a sebeletsa batho ba bang, o ne a ntse a ena le mathata.
"Ke ne ke fetotswe mohlouwanyana, ho sejwa ka nna hohle, ke qoswa ka dinthontho."
Eitse leha a se a qadile kgwebo ya hae, ha itshwanela feela.
"Ke etsa matsapa a ho etsa dintho ka tshwanelo mme leha ke sebetsa ka thata ho bapatsa kgwebo ya ka, empa ha ke bone phapang."
O dumela hore moya o mobe ke sesosa sa mathata a hae.
Bokeatseba ba mo boleletse ka makgetlo hore kgwebo ya hae e putlamiswa ke thokolosi ya mosadi e mong wa ba leloko la habo, ya neng a hlokahale ka dilemo.
Ba bangata ba re thokolosi ena e sebopeho e kang sa nonyana, e ka o tlisetsa lehlohonolo la tjhelete ha feela monga yona a ka e etsetsa tee, e kenyeletse le ho hlaba kgoho, kgutshwane kapa yona kgomo.
Moetlo ona wa ho hlaba, o lokela ho phethwa ka tshwanelo le hona nako le nako ke motho ya sietsweng lefa lena hobane ha o se o sa etse jwalo, thokolosi ena e tla utlwa bohloko mme e o tlisetse bomadimabe kapa o fetohe mohlouwa hara setjhaba, le ho ba leloko.
Tholokosi e ka ba morwalo o boima haholo hobane e lebella monga yona hore a hlabe kgafetsa ntle ho moo, ho qala mathata.
"Ke tla e nka kae tjhelete ya ho hlaba dinku le dipodi, ha ke bue letho he ka kgomo haeba ke dumela ho amohela thokolosinyana ena e shwetsweng ke mmayona"" ke potso ya mosadi eo wa Kapa Biphirima.
Ha ho moriana o ka nthusang hore ke e leleke mme ke tsebe ho phela ka kgotso, maemo a ka a ditjhelete a ntlafale, kgwebo ya ka e tsitse"
Pelo e telele
Ka bomadimabe, ha ho bonolo hakaalo.
Mosadi enwa o batla ho lahla thokolosi eo empa ha ho bonolo hobane ha a utlwisise hore ke phoofolo ya mofuta ofe le hore e fetohile lefa ho yena jwang.
Sena ha se mpho ya badimo, ke moya o mobe feela kapa yona thokolosi eo motho a neng a e ruile ka lebaka la pelo e telele hobane a batla ho ba morui ka nako le motsotso.
Hohang ha ke kgothalletse batho ho rwala kapa ho sielwa lefa la dithokolosi hobane ho thwe di tla ba thusa ho ba barui ka nako le motsotso hobane borui ba mofuta oo bo fela ka potlako jwalo feela.
Ba bang ba re ho rwala ho ka boela ha bakela lelapa bomadimabe ha thokolosi eo e se e esa fetjwe ka tshwanelo.
E tseba ho hlasela batho ba se nang molato ha e se e sa hlabelwe. Ke etsa boipiletso ba hore ho rwala le se ke la ho nahana hohang!
Ke mokgwa o mobe haholo wa ho etsa kgwebo, o kotsi dingakeng tsa setso esitana le setjhabeng ka kakaretso.
Eya ngakeng
Moriana wa tlhaho o kang utshani bezwe le molomo monate - ke wa lehlohonolo bakeng sa ho tjhentjha maphelo a batho - mme o ka thusa.
Empa meriana ena e ke ke ya sebetsa ka katleho ha thokolosi ena e ntse e kentse dinala motseng kapa kgwebong ya hao.
Ke eletsa mosadi enwa wa Saldanha ho ikopanya le lethuela kapa ngaka ya setso e matla e tla mo thusa ho leleka thokolosi ena le meya yohle ya yona e mebe.
Lethuela le tla tlameha ho qala ka ho leleka yona pele hore moriana o tsebe ho sebetsa, motho a be le mahlohonolo le katleho bophelong. [s]
BONA SESOTHO - April 2008
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka ditlhare, aterese ke: Dikeletso tsa ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
DIKELETSOTSADITLHARE
ka FORCE KHASHANE
