SESOTHO.2995.yourfood_lesson
HO HLOTHA KGOHO
1. Tsela e bobebe ya ho hlotha kgoho, ke ho e hlotha ka mora ho e hlaba hobane letlalo le ebe le sa tjhesa, le le bonolo.
2. Haeba o sa kgone ho e hlotha hanghang, o ka e tshela ka metsi a belang. O se ka e tlohela metsing a belang nako e telele hobane letlalo le tla butswa le tlohe le masiba.
3. Qotsa masiba o ka a kgonang, o a tshwarelle tlase letlalong. Qala mapheong, sefubeng, o qetelle ka mmele.
4. Tlosa masiba a manganga ka ho tshela metsi a belang ho ona, mme o a tlose.
5. Ha o qeta ho e hlotha, tshela metsi pitseng e kgolo, o tshele asene (kapa lero la sirilamunu) mme o "hlatswe" kgoho ka ona. Sena se tla thusa ho qeta lephoka.
Ithute ho pheha
le Ntwenhle Mpanza
Ha ho qeaqeo, kgoho ya lapeng, e tswa pele! Ke tsena diresepe tse pedi tse ka etsang e latswehe betere
CHICKEN BITES
* 200g difuba tsa kgoho tse ntshitsweng masapo
* 1/2 eie e kgabetsweng
* 1 sekaqa garlic, e kgabelwe
* 1 selae sa bohobe bo bosootho, bo futswelwe
* bohashana ba letswai
* 1 lehe
* 3 dikgaba (45ml) oli
1. Kgabela nama ha sesane e be mince.
2. E tshele sejaneng, o tshele eie, bohobe, letswai le lehe. Kopanya.
3. Bopa motswako ona o etse dibolo tse lekanang le bolo ya kolofo.
4. Futhumetsa oli paneng. Hadika nama ka dikgethe metsotso e 3 ho ya ho e 4, o ntse o e fetola ho fihlela e ba sootho.
5. E minye ka kitchen paper.
E ka fepela ba 2
CHICKEN AND DOMBOLO
* 2 dikgaba (30ml) oli
* 1 eie e kgabetsweng
* 1 sekaqa garlic e kgabetsweng
* 1 kgabana (5ml) curry powder
* 4 maqa a kgoho (haholoholo difuba kapa diqholo)
* 1 tamati e kgabetsweng
* 3 dihwete tse kgabetsweng
* 1 chicken stock cube
* 2 dikopi (500ml) metsi a belang
Bakeng sa Madombolo:
* 4 dikopi (1 000ml) cake flour
* 1 kopi (250ml) sweetcorn
* 2 dikgabana (10ml) letswai
* 1 kgabana (5ml) tswekere
* 1 x 10g pakana instant yeast
* 2 dikopi (500ml) metsi a futhumetseng
1. Futhumetsa oli pitseng e kgolo. Hadika eie le garlic ho fihlela eie e ba sootho.
2. Tshela curry powder, o hadike metsotswana e 10.
3. Tshela nama. Hadika, o ntse o e fetola ho fihlela e ba sootho.
4. Tshela tamati le dihwete. Qhibidihisa stock cube metsing, tshela nameng. Kwahela o phehe mofuthung o tlase metsotso e 45.
5. Ho etsa ledombolo: kopanya folouru, sweetcorn, letswai, tswekere le yeast sejaneng. Tshela kopi ya bobedi o tswelepele le ho kopanya. (Hlama e se be metsi haholo).
6. E dube metsotso e 7. E behelle ka thoko metsotso e 45 mme o nne o e kokobetse metsotsong e meng le e meng e 15.
7. Bopa dibolo tse lekanang le ya tenese mme o di ine ka bonngwe motswakong wa nama.
8. Kwahela o phehe mofuthung o tlase metsotso e meng e 30. E fepele e tjhesa.
E ka fepela ba 4 [s]
TSE MATHEMALODI
