sotho.2988.yourman_coaching
HO HLABA dintlha
Ha ho qeaqeo hore re hloka bahlabadintlha bolong ya rona - ke ena tsela eo bontate ba ka thusang ka yona tabeng ena
HORE o be mohlabadintlha ya hlwahlwa, o tlameha ho tseba ho "lara." Re bolela hore o tlameha ho ruta morahao ho lebisa bolo moo a ratang e ye teng. Le tlameha mohlomong ho ithuta sena ka metsotso e 30 ho ya ho e 45 - ha o ka lelefatsa nako, ngwana o tla fellwa ke thahasello.
Ho phetapheta sena ho bohlokwa, ho bolela Mike "Sporo" Mangena, eo e leng setsebi temeng ena. Mosebetsi ona le tlameha ho o etsa bonyane hararo ka letsatsi ho fihlela morahao a tlwaela, ho bolela Mike.
O ka mo qala ka hore o behe ditene tse pedi tse arohaneng ka mehato e mene. Ditene tsena ke tsona tseo e tlang ho ba mekwallo ya lona. Wena o tlameha ho ba sethibathibane nakong eo o rutang morahao sena mme o mo rute ho ba mohlabadintlha ya hlwahlwa jwalo ka ha re na le leqeme la bona Afrika Borwa. [s]
Pale: Force Khashane
Ditshwantsho: Shaun Smith
BOKWETLISI BA BOLO
Bashemane ba bangata ba atisa ho rahela bolo hodimo ha ba ipapalla ba le bang. Ona e ka ba mokgwa o mobe mme o tlameha ho kgalengwa e sa le nako. Diforose le bahlabadintlha ba bangata ba atisa ho lahla menyetla ya ho hlaba dintlha hobane ba se ba tlwaetse ho rahela bolo hodimo, e tlole mekwallo kapa e ye matsohong a sethibathibane. Bolo e raheleha hodimo ha leoto leo ho setletsweng ka lona le salla morao nakong eo sebapadi se rahang bolo.
TSA SETHATHO
1IKGETHELE SEBAKA. Morahao o tlameha ho itlwaetsa hore a ipehela sebaka seo bolo a ratang ho e isa ho sona, ho ena le hore a rahele bolo leha e le kae fela.
Tsela ke ena: sheba moo o ratang ho rahela bolo teng, mme mahlo a kgutlele bolong.
2HO LAOLA LEOTO. Leoto leo o setletseng ka lona le tlameha ho sheba moo bolo o batlang e lebe teng. Ha leoto leo le setletseng, le ka sheba lehlakoreng, bolo e ke se ye moo o batlang hore e ye teng.
3O SE KA E ISA HODIMO. Hore bolo e se ke ya ya hodimo, o tlameha ho sekamela pele nakong eo o rahang mme leoto leo o setletseng ka lona le tlameha ho bapa le bolo.
Netefatsa hore ha a qetohe ha a raha hobane bolo ka ha e tla ya hodimo.
Mduduzi Ndlovu le morahae ya dilemo di 12, Nhlakanipho.
KELETSO
