sotho.2976.biko
Re hopola mohale wa rona
O ne a le motlolo ka Boafrika ba hae mme hape a kgothalletsa boitshepo, le kajeno mehopolo ya hae e ntse e phela
Steve Biko ka mora dilemo tse 30
E NE e le bosiu bo batang ka Phato ha ba mo tshwara. Mapolesa a ne a emisa koloi ka nngwe mmileng ho hlahloba bapalami, mme o ile a tshwarwa ho ya ka Molao wa Boferekanyi wa Nom. 83 wa 1967. A otlwa hampe a lematswa hloohong seteisheneng sa mapolesa.
Ba re "o itemaditse," empa le haeba a ne a itemaditse - e ne e le leshano - hobaneng ba ne ba ka tlohela motho ya lemetseng hampe jwalo a tlameletswe ka mahlaahlela fenstereng letsatsi lohle"
Ka la 11 Lwetse, o ile a palamiswa vene ya mapolesa a tsodisitswe, mapolesa a kganna 1 100km ho ya Pretoria. Nahana bohloko ba leeto leo le tshabehang"
Letsatsi le hlahlamang leo a hlokahalla tjhankaneng ya Pretoria, mme ba mo lokollela ba habo. Ebile polao e sehloho le e neng e sa lebellwa, ba bolaya mohale wa rona ka bokwala ya ...
Mohlala wa sebele
Steve Biko o hlokahetse dilemo tse 30 tse fetileng ka la 12 Lwetse, 1977, a le dilemo tse 30. Nakong ya lefu la hae o ne a tadingwa jwaloka moetapele wa mokgatlo wa Black Consciousness (Ho Lemoha Botsho ba Rona) le e mong wa baetapele ba twantsho ya kgethollo ya batho ka mmala wa bona.
"Batjha ba hloka motho eo ba ka mo nkang jwaloka mohlala wa nnete. Steve o ntse a na le karolo ya bohlokwa kutlwisisong ya rona ya seo re leng sona," ho boletse jwalo mongodi le moprofesara wa Yunivesithi ya Rhodes Peter Mtuze, ya tsebileng Biko e sa le mohlankana King William's Town.
A tseba sebopeho sa mmele wa Biko le botho ba hae le sebete mmoho le tokoloho eo a neng a ena le yona kelellong le ho ba motlotlo ka ho ba motho e motsho le boitshepo boo a neng a dumela ho bona.
E le hore Maafrika a matsho a ka lokoloha, Biko o ile a kgothaletsa batho hore pele ba lokolohe dikelellong tsa bona mme ba lemohe histori ya bona le seo ba leng sona.
Ba ne ba tshwanetse ho lemoha setso sa bona le tokoloho ena dikarolong tsohle tsa bophelo ba setjhaba, bonono le setso, moruo le ka dipolotiki.
Ka bo1960 le bo1970 polelo Black Consciousness e ne e le molaetsa o kotsi haholo - o kotsi haholo mmusong wa kgethollo ya batho ka mmala le polelo e kotsi haholo bakeng sa batho ba neng ba hasa molaetsa wa yona.
O ile a susumetsa moloko wa batho le ho ntjhafatsa matla a ntwa kgahlanong le kgatello.
Biko o ne a utlwisisa hantle dikotsi tsa letsholo lena le kgethehileng ha a ne a ngola, a re: "O ka phela le ho ba motlotlo kapa o ka shwa ... Mme mokgwa wa lefu la hao o ka kgothaletsa dipolotiki."
Dilemo tse mashome a mararo ka morao ho lefu la hae, sebete seo a neng a ena le sona bophelong ba hae kgahlanong le matla a mmuso e ntse e le tshusumetso e matla jwaloka tjhebelopele ya hae.
Moithuti
Bantu Stephen Biko o hlahetse Ginsberg, King William's Town, ka la 18 Tshitwe, 1946, e ne e le ngwana wa boraro wa Mzimgayi Biko le Alice Nokuzola "Mamcethe" Biko.
Ntate wa hae o hlokahetse ha a ne a le dilemo tse nne empa leha ho le jwalo Mme wa hae a fumana ditsela tsa ho mo kenya sekolo, pele o ne a kena King mme hamorao Marianhill haufi le Thekong.
O ile a tswelapele ho ithutela bongaka Yunivesithing ya Natal sekolong sa bongaka sa Thekong. A kena ka setotswana mokgatlong wa baithuti mme ka 1968 a etella pele ho thakgolweng ha SASO, South African Students' Organisation.
O ne a susumetswa ke Frantz Fannon, ya ileng a hlokomela hore batho bao e leng dikolone ba tshwanetse ho qala ka ho lokoloha dikelellong tsa bona pele ba lokoloha dipolotiking.
Fannon o ne a tswa sehleke-hlekeng sa Caribbean sa Martinique, kolone ya Fora moo diphetohelo tse tharo tsa makgoba di ileng tsa susumeletsa batho ba bang ba kentsweng mahlaahlela hore ba kene diphetohelong. Mongodi wa The Wretched Of The Earth and Black Skin, White Masks, Fannon o tadingwa e le moetapele ya neng a sebedisa masapo a hlooho mabapi le ho tloswa ha batho boemong ba bokolone.
Ka 1970 Biko o ile a nyala Ntsiki Mashalaba, ya neng a ithutela booki ka nako eo.
Ka mora hore a lelekwe sekolong sa bongaka o ile a kena Mananeong a Setjhaba sa Batho ba Batsho, ka 1972 a thea Black Peoples' Convention.
Hape o ile a fumana nako ya ho etella pele ho hahuweng ha tliliniki ya Zanempilo le keretjhe.
Tshwaro ya Bobatana
Biko o ile a tshwarwa ka makgetlo a mangata le ho kwalwa molomo ka molao wa thibelo, o ile a fana ka puo ya hae ya batho bohle nyeweng ya SASO-BPC ka 1973. Pokello ya dingolwa tsa hae e ile ya hatiswa ka mora lefu la hae ka 1978, tlasa sehlooho I Write What I Like.
O ile a hatikela ka maoto dithibelo tseo e le hore a phehelle letsholo la hae empa ha ho mohla a kileng a qoswa ka tlolo efe kapa efe ya molao.
Biko o ne a bolawe ka lebala ka lehloyo la dipolotiki feela mme ka mora dilemo tse mashome a mararo a bolailwe ka lebaka la sebete sa hae le ho intsha sehlabelo ha hae tseo ebileng karolo ya lefa leo a re siileng le lona.
Ho na le ditshwantsho tse mmalwa haholo tse bontshang tshwaro ya bobatana ya mmuso wa kgethollo tse matla haholo jwaloka ditshwantsho tsa Steve Biko ya ileng a otlwa habohloko ke dinokwane tsa mapolesa a tshireletso le ho tsamaiswa a kentswe ka morao veneng ya mapolesa 1 100km ho tloha Port Elizabeth ho ya Pretoria, a tsotse mme a lemaditswe hoo a neng a le makgatheng a lefu.
"Boipolelo" ba bahlokofatsi ba hae Khomishineng ya Nnete le Dipoelano bo ile ba hanwa ke mosadi wa hae Ntsiki le lelapa la hae jwaloka "mashano a tshwanang le ao ba a boletseng diphuputsong tsa mmuso ka lefu la hae."
Tabatabelo ya lelapa bakeng sa mehato ya lekgotla la molao ya tlolo ya molao e ile ya fumana tshusumetso ha ho etswa tsebiso ya hore lekgotla la naha la mehato ya tlolo ya molao le rerile ho nka mehato kgahlanong le Letona la mehleng la Tshireletso Adrian Vlok le khomishinare wa hae wa mapolesa Mogenerale Johan van der Merwe.
Kajeno Mokgatlo wa Steve Biko o ikemiseditse ho boloka ditabatabelo tsa hae di phela metseng le morerong e tshwanang e neng e le bohlokwa twantshong ya kgethollo ya batho ka lebaka la mmala wa bona, tseo hona jwale di se nang sera se hlakileng.
Sehopotso sa selemo le selemo sa lefu la Biko, seo selemo le selemo se tshwauwang ka lektjhara ya batho bohle, selemong sena se tla tshwauwa ka seboka sa sehopotso, Biko 30:30, se tla tsamaiswa ke Steve Biko Foundation Yunivething ya Kapa.
Empa lefa le siuweng ke Biko le fumanwa melokong ya batjha bao a ba susumeditseng hore ba fetohe batho ba itshepang, ba bangata ba bona kajeno ba etella pele Afrika Borwa.
Tjhebelopele ya hae e ne e le hore qetellong ho tla ba le "mokgatlo wa batho o se nang kgethollo ya botjhaba, o nang le toka le ho tshwara batho ka teka-tekano oo mmala, bodumedi le morabe di ke keng tsa bolela letho."
Mohlomong ha re e so fihlella tjhebelopele eo, empa re haufi haholo ho e fihella ho feta leha e le neng pele. [s]
BONA SESOTHO - September 2007
pale ka IRA JACOBS
KA HODIMO: Ntsiki Biko, mohlolohadi wa Biko le mora, Nkosinathi.
KA HO LE LETONA: Bantu Stephen Biko.
BONA SESOTHO - September 2007
u
t
Batjha ba hloka ho ba le batho bao e leng mehlala ho bona.
KA HODIMO: Nkosinathi Biko, CEO ya Biko Foundation.
LE LETONA: Mehopolo ya hae e tla dula e sebetsa...Biko e sa ntse e le mohlodi wa tshepo ho batjha le kajeno.
BONA SESOTHO - September 2007
u
BONA - September 2007
t
BONA SESOTHO - September 2007
O ne a so ka qoswa ka bonokwane.
LE LETSHEHADI: Ho sa tswa ba le sehopotso sa ho hlonepha moetapele enwa wa BC.
KA TLASE: Ho ipiletswa hore bahlekefetsi ba Biko ba qoswe.
