sotho.2918.yourworld_celeb
Dikakapa tsa banna ba Maafrika
Mona ha BONA ha re dumele hore ho bokgabane ho lahla sekolo ka lehare - tsebo ke matla mme thuto yona ke tsela! Ho a kgothatsa ho tseba hore ka nako e nngwe, neo e ka fetola mothwana feela hore e be mohale. A susumetswa ke lerato la mmino, Kanye o ile a sebedisa monyetla ona mme a nyahlatsa dithuto tsa yunivesithi a batla ho ya ntshetsapele ditoro tsa hae mme seo sa mo tswela molemo. Empa katleho mminong le dikgau tse ngata ha di a lekana monneng enwa ya mafolofolo. Mmino wa hae o bua sena le sane ka Louis Vuitton mme ha ho makatse hore ebe o se a hlahisitse lethathama la hae la dieta ka nako ya Paris Fashion Week maqalong a selemo sena - mang? - Louis Vuitton. O tla hlaha le di fe jwale?
DINALEDI TSA MOSE
Haesale a tuma ho tloha dilemong tsa bo 1990 ka You Make Me Wanna, Usher o se a totobaditse hore ke naledi e pele. O na le neo: ka mora dilemo tse 15 feela a kene kgwebong ena ya mmino, motjeko wa hae o se o tshwantshwa le wa dikakapa bo Michael Jackson. O pelo e ntle: o se a tsheheditse leano la setjhaba la New Look, le thusang bana ba ditoropong. Ba rutwa le dipapadi tsa sebaya: le yena o ne a hlahelle hona moo a ena le Chilli wa TLC ka Tshitwe 2003. Mmae ha a rate ha a nyala Tameka Foster ya mo fetang ka dilemo.
Terrence o tswa pele leha a so fihle memong a Will Smith kapa a naledi e kang Kanye West empa katleho ya hae le yena e hlakile hantle mane Hollywood. O hlahisitse albamo ya hae ya pele ka 1992 empa a atleha haholo ka 2005. Ka mora ho sebetsa dilemo, a sa hlahelle, mohlankana enwa ya mahlo a matlenyana, o qetelletse a fumane maemo a mo tshwanelang ho Hustle & Flow. Filimi e neng e mo hapele maemo a ho kgethelwa kgau ya Oscar mme ya mo bulela menyako ya bonaledi moo a neng a hlahelle kgabong le dikakapa tse hapileng dikgau tsa Oscar, Jamie Foxx filiming ya Ray. Ha a na dikgau tse ngata tsa Oscar, empa ke sebapadi se hlwahlwa. Ho sa kgathallehe hore o bapala karolo ya senokwane, sebini kapa monna wa maemo, o dutse a etswa pele.
Ke sengodi sa dipapadi le difilimi hape e le sebapadi - na ho na le bokgabane bo fetang boo? O rata kapa o sa rate, ke kgalala. Ka nako e nngwe thekiso ya tsa thobalano e etsa phaello e ntle ho feta le ya makwenya, empa Perry yena ebile mokgelo ka difilimi tse kang Diary Of A Mad Black Woman le Madea's Family Reunion tse hatellang boitshwaro bo botle ho babohi ba yona ba batho ba batsho. A boela a tswa pele dikgethong hobane eitse ha a le dilemo di 39 e etsa pale ka nalane ya bophelo ba hae ba difiliming tsa Maamerika. Ha o so ka o utlwa, o butse Tyler Perry Studios selemong se fetileng, yaeba Moamerika wa pele wa motho e motsho wa ho ba le studio mane USA. Seo re se ratang haholo ka Tyler ke hore ke lesoha. Halleluya, bohle re sa ntse re ena le monyetla!
Ba mmalwa ba ka ithorisang ka katleho mminong, ho TV le difiliming bophelong ba bona jwalo ka Mong Smith. O se a hapile dikgau tse mmalwa, le tsa Grammy ka mmino wa hae mme ke e mong wa dibini tse pedi tsa rap tse ileng tsa kgethelwa ho qothisana lehlokwa bakeng sa kgau ya Oscar. Hape ke sebapadi sa pele se nang le difilimi tse latellanang tse robedi tse tswileng pele States. Ha ho ka ba le filimi e etswang ka bophelo ba mopresidente wa US, Barack Obama, Smith e tla ba kgetho ya pele. Ha ho mantswe a ho hlalosa neo le katleho ya hae, ka hoo re re: "Halalaaa!"
Ba atlehile - kapa ba tseleng e isang katlehong - hape ha ho se ka ba emang pele
Sebini sena sa R&B se na le neo. O bintsha lefatshe lohle le re: "to the left, to the left" ka pina eo a e ngoletseng Beyoncé ya Irreplaceable mme hape se thusitse le Rihanna hore a hlahise lehlakore le leng la neo ya hae ka Unfaithful. O tswile pele ha a se a bina a le mong dipina tsa marato tse kang So Sick mme haesale a ballwa maemong a hodimo ho tloha hona ka nako eo. Ka albamo ya hae e atlehileng haholo le dipina tsa hae tse monate tseo a di ngoletseng dibini tse ding le dikarolo tse pele tseo a di bapalang difiliming ho bonahala ekare mohlankana enwa o batla ho ipeha maemo a hodimo Hollywood. Ekaba re mo batlang jwale, o nka maemo a pele ka ho hlahisa basadi ba kgonang ho ikemela. [s]
