sotho.2889.Zimbabwe
Tlaleho ya naha e mathateng
Bala ka moo basadi ba ntseng ba beha maphelo a bona kotsing ka teng letsatsi le letsatsi ba leka ho lwantsha bohlanya ba Mugabe...
KA HLAKOLA 2005, makgolokgolo a ne a kgobokane pakeng e nngwe e se nang le mabone toropong ya Harare mane Zimbabwe, a rapella kgotso mohla dikgetho tsa palamente. Empa setjhabeng seo le barapedi ha ba sa amohelwa hohang...
Mapolesa a ne a fihle ka bongata a teteka basadi bao a ba akgela ka dikoloing. Eitse ho phirima ba 300 ba futsanehileng, ba hodisang bana ba bona ka thata, ba be ba kwaletswe ntlwanatshwana, bonyane ba robong ba bona ba lemetse ha bohloko.
Wa pele e ne e le Jenni Williams, mothehi wa mokgatlo wa Women Of Zimbabwe Arise, o mong wa mekgatlo e mmalwa e sa ntseng e tsitlallella ho hwanta ka ngongoreho ya maemo a mabe a naha eo.
"Basadi ba rwetse ka thata haholo Zimbabwe mme jwalo ka ha e le bona ba hlekefetswang ho feta, ba lokela ho hlahisa bohloko ba bona," ho bolela Williams, ya seng a tshwarwe makgetlo a 18. "Re rata naha ya habo rona mme ho hloriswa ho ke ke ha re nyahamisa."
Ba kgothatswa ke ka moo ditokelo tsa baahi ba US di tlatlapuwang ka teng le ka moo Afrika Borwa e neng e lwanele tokoloho ya yona ka teng. Basadi ba tseba hantle hore mme o tshwara thipa ka bohaleng."
Ba hlonepha mapolesa, ba phetha ditaelo tsa ona ka boikokobetso ka tshepo ya hore a tla ba le dihlong tsa ho tshwara bomme ba lekanang hantle le bommabona, dikgaitsedi tsa bona esitana le baradi ba bona ha bohloko hakaalo.
WILLIAMS o ne a hlahelle ka mahetla ka nako eo e neng e le sebui sa boramapolasi ba makgowa, Commercial Farmers Union of Zimbabwe dilemong tse ka hodimo ho tse hlano tse fetileng ha mmuso wa naha eo o ne o qala ho laela boramapolasi ba makgowa hore ba arolelane naha le batho ba batsho ba futsanehileng.
Dintho di ile tsa fetoha haholo. O ne a shebahala jwalo ka moemedi wa barui ba makgowa a Zimbabwe mme ke hona dilemong tseo moo William a neng a qala ho kenella setjhabeng sa batho ba batsho ho ya batla tshehetso. Khampane ya hae e ne e hirilwe ke boramapolasi ba batla e ba etsetse dipapatso empa mokgatlo wa Women Of Zimbabwe Arise ke se neng se le pelong ho yena.
Eitse ha batho ba bangata ba Zimbabwe ba phaphatheha naheng eo, yena a etsa qeto ya ho dula fatshe mme a lwanele hore ho tjhe mokhukhu ho sale masenke.
Mehwantong ya basadi ba Women Of Zimbabwe Arise ka nako e nngwe eba yena feela lekgowa hara batho ba batsho. O re leha e le lekgowa jwalo empa moloko wa habo ke wa motswako wa Matebele le makgowa.
Monnae le bara ba hae ba babedi ba se ba balehile empa yena o sa na le tshepo ya hore dintho di tla loka mme ba kgutle.
"Ke dilemo tse tharo jwale ke arohane le ba lelapa la ka empa leha ho le jwalo ba ntshehetsa haholo. Ba utlwisisa hantle hore ke leka ho lokisa dintho."
KA MORA dilemo tse hlano tsa moferefere wa dipolotiki le kgatello, bongata ba haahi ba Zimbabwe ba tshaba le ho phahamisa melomo kgahlano le mmuso leha moruo wa naha o thefulehile, ditoropo di harasantswe tlasa leano la "Operation Murambatsvina" kapa "senya o ahe botjha" le siileng baahi ba moo ba 700 000 ba se na mahae, diketekete tsa bana di sa kene sekolo.
Zimbabwe ho behwa melao e metjha letsatsi le letsatsi ya ho thibela setjhaba ho hlahisa maikutlo a sona kgahlano le mmuso. Dikoranta le tsona ha di na tokoloho mme mmuso o tshehetsa mehwanto ya merusu kgahlano le ba o phehisang le mekga ya dipolotiki e kgahlano le ona mme bohle ba phela ba dinonyana.
Ka nako eo batshehetsi ba mmuso le banyefodi ba ona ho bolelwa hore ba tlasa tshireletso ya molao, nnete ke hore molao o sebetsa kgahlano le ba phehisang mmuso.
Ho sebediswa ona molao oo ho hlekefetsa le ho kwala melomo ba hwantang le ba tshwereng dikopano tsa ho hlahisa maikutlo a bona kgahlano le mmuso. Arnold Tsunga, mookamedi wa Babuelli ba Ditokelo tsa Batho, o emetseng ditho tsa mokgatlo wa Women Of Zimbabwe Arise lekgotleng la dinyewe, o re ka 2003 le ka 2004, ho ne ho tshwarwe batho ba 2 000 tlasa melawana ena ya naha eo.
Empa kaofela ha batho bana ha ho le ya mong ya kileng a qoswa mme a ahlolwa ka tlolo eo ya bona ya molao. Ka mora hore batho ba bangata ba tshwarwe ka Hlakubele ha re etsa mohlala, ditho tsa Women Of Zimbabwe Arise di ne di lokollwe ha thwe di se hlole di phatsamisa sephethephethe leha nnete ba ne ba hwanta pakeng moo ho seng dikoloi kapa ona mmila.
MOETAPELE wa mokgatlo wa basebetsi, Thabita Khumalo, le yena o tseba hantle lonya la mmuso wa naha eo...
Ka Moqebelo o mong ka Phato, mosadi enwa o ne a itlhophisetsa ho bula kopano ya basebetsi e neng e tshwaretswe hoteleng e nngwe mane Harare ha sehlopha sa batho se ikakgela, se qhala seboka. E mong wa banna bao a betsa Khumalo ka setebele, a mo roba meno, a mo siya a mo kwetse mahlo. Leha ho le jwalo basebetsi ba se ke ba phasaphasa. Le yena o se a kile a tshwarwa ka makgetlo. O se a kile a otlwa, bana ba hae ba hlekefetswa mme ba tshoswa ha bohloko. O se a kile a kwetelwa ke batshehetsi bana ba mmuso mme eitse ha a bolella mapolesa a re ke dikgohlahano tsa sepolotiki ha ho letho leo ba ka mo thusang ka lona. Leha ho le jwalo, Khumalo ha a ikemisetsa ho nyahama pelo.
"Ke naha ya heso ena, le mokgubu wa ka o mona, ha ho moo ke yang athe le bana ba ka ke batla ba holele mona, ke batla ba hole ha monate," ho bolela yena.
"Rona basadi re sebete hampe re mpa feela re ikgella tlase. Athe mohla basadi bohle ba hlokomelang nnete eo, naha ena ya Zimbabwe e tla tjhentjha!" [s]
Ke mahlomola feela naheng ya Zimbabwe
BONA SESOTHO - March 2006
pale ka NICOLE ITANO/featurenet.co.za
BONA SESOTHO - March 2006
