sotho.2883.birthday
BONA haesale e dumellana le lepetjo la yona la hore - "ke makasine ya batho"
pale ka CHRISTINE MAROT
KA NAKO eo BONA e neng e thehwa, barati ba tsa feshene ba ne ba tena dibaki tse nang le dikonopo tse tsamayang ka bobedi, dieta tse Peppa tse tjhorileng, ba rwala diborele tse lefifi. Banna ba bile ba rwala le dikatiba tsa Stetson, Dobbs kapa Dorian, athe ba neng ba nka matshwao ka dikoloi bona ba ne ba kganna Buick, Studebaker, Plymouth kapa Ford V-8.
Ho ne ho ena le ba ipitsang "bocleva" ba bitsa ba bang "dimaumau". Basadi le bona ba ne ba sa ipeha fatshe, ho ne ho ena le ba bitswang "bos'cuse Me'."
Athe bolong teng, Orlando Pirates, Moroka Swallows, Bush Bucks, Pretoria Home Stars le Rockville Hungry Lions di ne di etswa pele.
BONA e ne e qale ho rekiswa ka 1956 tlasa Mohlophisi Ngaka CJ Oosthuizen. Ha e kaba ya hlahiswa semmuso ka pele ho ya ka moo ho neng ho rerilwe hobane ho ne ho phehisanwa ka hore batho ba batsho ba ke ke ba thabela ho bala makasine e ngotsweng ka dipuo tsa habo bona. Leha ho le jwalo kgatiso, ya pele e ne rekwe lenyelenyele, ya bobedi ya rekwa ka hodimo ho yona ka halofo. Eitse ho fela dilemo tse pedi ya be e se e rekisa dikhopi tse ka hodimo ho tse 100 000. Bahlophisi ba tswa ba kena, empa morero o le mong, wa katleho ya BONA, bona ba kenyeletsa le: Peter Becker, Earl Martin, Reg Vermeulen, mofu, Daizer Mqhaba, Fraser Mtshali le Force Khashane.
Makasine haesale e tsitlallela ho ruta, ho thabisa, ho tsebise dinaledi tse tummeng ka mmino, bolo le katleho dikarolong tse ding tsa bophelo. BONA haesale e tshepahala bathong, "ke makasine ya batho."
Haesale e le pulamadiboho tshehetsong ya setjhaba. Ka mokotla wa BONA People's Fund ho ne ho bokelletswa tjhelete ya ho thusa ba hlokang. Maano a kenyeletsang le ho reka dietswa tsa boikwetliso le ditlhoko tsa dipakeng bakeng sa bana ba Soweto, ditlhoko tsa sekolo, metjhini ya ho tlanya ya difofu, dikoloi mmoho le diphaposi tsa borutelo. BONA e boetse hape ya tshehetsa bana ba Gauteng ba hlokang ba neng ba lakatsa ho ya diphomolong lewatleng la KZN.
Tlhodisano ya BONA
ya Reach For the Stars e ne e hlahise dibontshi tse pele. Se seng sa tsona ke Khanyi Dhlomo-Mkhize ya seng a tumme kajeno, ya neng a kgethwe moketeng wa mabenyane o neng o le Thohoyandou. BONA Bonanza e ne e nke dilemo. Basebetsi le bona ba ne ba etswa ba kena dilemo tseo kaofela, bang ba ya makgulong a matala.
Mohlophisi wa Sesotho wa dilemong tsa bo 1980, mofu Mike Mtakati, o ne a se a sebetsa Anglo American, a hahlaula le lefatshe lohle pele a re siya kotsing e tshabehang ya koloi ka 2004. Wa Sezulu mofu Sibusiso Mntaka o ne a se a sebeletsa makasine e nngwe. Lechesa Tsenoli yena o ne a se a sebetsa palamenteng.
BONA haesale e tshepahala ho babadi. Le dimakasine tse ding di dutse di e kgalla. Hape e na le batshehetsi ba tshepahalang ba dutseng ba thabela ho bapatsa ho yona! Re leboha tshehetso e tiileng ya: Defy, Surf, Omo, Hart Cookware, Royal Baking Powder, Lucky Star, Glenryck le Damelin College.
Re tshepa hore le thabela ho hopola matsatsi ao a monate a fetileng mme kaofela re re mahlohonolo le katleho ho BONA ha e keteka dilemo tse 50.
Natefelwa ke tse ding hape tse 50! Halala! [s]
BONA
BONA SESOTHO - September 2006
e
Tsa mehleng le... bokamoso bo botle
50
BONA SESOTHO - September 2006
