sotho.2880.newbeauty
Mascara E NTLE!
TSA BOTLE
Natefelwa ke selemo se setjha ka dintshi tse ntle ka thuso ya disebediswa tseo o di ratang tsa ho ikgabisa jwalo ka, mascara ena...
HA HO bohlokwa ho ba le mefuta e mmedi ya mascara, e tlwaelehileng le e sa keneng metsi? Ho bua nnete, e tsheletse. Sheba phapang pakeng tsa tsona, o tsebe ho bona hantle e o loketseng:
E di lelefatsang: Ke yona e ratwang haholo hobane ha o e tlotsitse haholo, haholoholo ho tlelella ntlheng ya dintshi ka pele, e a di lelefatsa.
E etsang di be tenya: Ena mascara e etsa dintshi di shebahale di le tenya mme di hlake hantle mahlong a batho.
E di harahanyang: Mascara e harahanyang dintshi ke e nang le borashe bo sothehilweng empa ha o sa rate ho e reka, o ka nna wa bopa tjhebeho eo ka mascara e tlwaelehileng ha o ka sebedisa eyelash curler (R9,95, Dischem Stores).
E sa keneng metsi: Ha e tsamaye le metsi, ha e etse seretse. Empa e ka nna yaeba bohale dintshing ke ka hona e seng mohopolo o motle ho e tlotsa kamehla.
Keletso: O ka thibela ho fothoha ha dintshi ka ho di tlotsa ka Vaseline pele o robala kamehla.
E sa etseng dikaqa: Ena mascara e na le borashe bo bolelele ho feta bo tlwaelehileng, mme bo kgona ho tlotsa karolo e kgolo.
E di fepang: Mefuta e meng ya mascara e na le dikarolo tse pedi, lehlakore le letsho le le lesweu. Bosweu bo tlotswa pele ho botsho, hore e fepe dintshi, e di lelefatse hape di be tenya.
Tlotsa mascara jwalo ka setsebi ka mehato ena e meraro e bonolo
1. E tlotse metsong ho tloha ho le letshehadi ho ya ho le letona. Ke metso ya dintshi e tlotsitsweng ka mascara e etsang hore di shebahale di le telele ho feta tse tlotsitsweng ntlheng ya tsona.
2. Di tlotse o lebisa borashe hodimo.
3. Haufi le leihlo. Hloma borashe ntlheng ya dintshi mme o tlotse o lebisa hodimo ho tlosa dikaqa. [s]
Pale: Charis Dawson
Mascara tse tharo tse pele
Candice Moonsamy wa Red Square, La Lucia Mall, Thekong, o boleletse BONA mabitso a mascara tsa bona tse tharo tse ratwang haholo.
1. Estée Lauder MagnaScopic (R195). E bitswa Maximum Volume Mascara e etsang dintshi di shebahale di le tenya.
2. Clinique Lash Power (R130). E a di lelefatsa hape ha e tsamaye le metsi leha e hlatsweha ka bonolo ka metsi a fofo.
Dikeletso
Ho phema dikaqa, hlakola borashe ba mascara hantle ka tissue ho tlosa masalla a sa hlokahaleng.
O ka hara dintshi ka eyelash curler pele o tlotsa mascara. Hona ho tla etsa mahlo a shebahale a le maholwanyane.
Hore mascara e tswe hantle, bidikisa borashe ka hare haholo ha nngwe o bo ntshe, o se bo kenye o bo ntsha kgafetsa. Mascara e ka ba dikaqa, e tlale moya e ome.
E nngwe e ratwang
Candice yena ka sebele o ithatela Clarins Wonder Volume (R190). "Ha e lelefatse dintshi feela empa e eketsa le botenya ba tsona."
3. L'Oreal Telescopic (R134). E a di lelefatsa e di arole ntle le ho etsa dikaqa hape borashe ba yona bo kgona ho fihlella le ho tse kgutshwanyane haholo.
