sotho.2877.Shwi
BONA SESOTHO - February 2006
Ba ikemiseditse ka mmino
Shwi noMtekhala ke sehlopha sa banna ba babedi seo mmino wa sona wa maskandi o rekisang jwalo ka wa sehlopha sa mehaladitwe kapa wa naledi ya kwaito...
SHWI le Mtekhala, bao sehlopha sa bona sa maskandi se bitswang Shwi noMtekhala, ha ba ikemisetsa ho ba dinaledi. "Ha re a lebella ditlatse ka dipina tsa rona," ho rialo bona. "Ditlatse ke tsa Modimo - ke Yena ya re atlehisitseng."
Hona jwale ka mora kgwedi feela, CD ya bona e ntjha e se e rekisitse dikhophi tse 25 000. Pina e reng Wangisiza Baba, e bapalwa kgafetsa diyalemoyeng naheng ka bophara.
"Sena se bontsha ho hola ha batho ba ratang mmino," ho rialo DJ Linda Sibiya. Shwi noMtekhala ba fetisa molaetsa wa bohlokwa ka dipina tseo tsa bona tsa "maskandi." Ho CD ya bona ya mosollane "Ngafa" ba bua ka monna ya llang ka moratuwa wa hae ya neng a mo tshwaetse ka lefu la EITSI.
Maikemisetso a bona ke ho thibela kokwanahloko ya lefu lena le kotsi. Setumo sa sehlopha se bontsha hantle hore batho ha ba tsotelle dintho tse se nang molemo feela, ho bolela Sibiya.
Shwi o dilemo di 32 ha Mtekhala yena tsa hae di le 35. Ba qadile ho bapala mmino ho tloha bongwaneng habo bona mane Msinga. Ba leba Joburg dilemong tse 17 tse fetileng ba sa tsebe le hore ba ka iphedisa jwang ka talente eo ya bona. Ba phela ka bofutsana mane Katlehong ka nako eo naha e neng e hlasetswe ke merusu. Ba qetella ba fumane tumello ya ho hatisa ka mora ho bina ditameneng le dihosetele.
"Bophelo bo ne bo le boima ka nako eo," ho rialo Mtekhala, "empa ha re ka ba ra nyahama. Seo re neng re ikemiseditse sona feela ke ho bina."
Sehlopha se tsebisahalang haholo ka mmino wa setso dilemong tsena tse 30 tse fetileng, ke sa Soul Brothers. Shwi noMtekhala ke sehlopha sa pele sa mmino wa setso ho rekisa hakana.
Morethetho wa bona wa maskandi ke wa katara eo e leng kgale ba e qadile hape ba utswa hanyane setaele sa pop ho hapa batshehetsi ba baholo le ba banyane.
Ngafa, ha re etsa mohlala, morethetho wa yona ekare wa sebini sa R&B sa Amerika, Marvin Gaye pineng ya hae ya selemo sa 1972, Sexual Healing.
Ntle ho setumo sa bona, banna bana ba ntse ba tswelapele le ho bina ditameneng esitana le ho ngola dipina tse ntjha.
Lehlohonolo leo ba bileng le lona selemong sa 2005, le ile la tshwana le ho hapa lotto mme le hona jwale ba sa ntsane ba maketse. Ba bile hape ba a tseba hore setumo sa bona haholo se tlisitswe ke tsela e nepahetseng ya ho bapatsa talente ya bona.
CD ya bona ya pele, Dustbin, e ne e rekise dikhophi tse 8 000 feela mafelong a 2003, empa leha ho le jwalo, e ne e ba kopanye le ba ha Bula Music moo molaodi wa teng Harvey Roberts, e neng e le yena mohlahisi e moholo wa bona ya kileng a hlahisetsa dikakapa tse kang Brenda Fassie, Ringo le Rebecca mmino.
Empa he seo, e ne e be phephetso sehlopheng sa Shwi noMtekhala. "Re ne re sa tsebe hore mmino wa sehlopha sena o tla rekisa hakana," ho dumela yena.
"Ho ne ho bonahala mmino wa setso sa maskandi wa Sezulu o eshwa. Ba bontsha talente e kgolo mme ke rata pina ya bona e ntjha Wangisiza Baba.
"Ke ne ke nahana hore albamo ena e tla rekisa dikhophi tse
25 000 feela. Re ile ra e bapatsa hantle mme ra ba ra fumana le moo dimilione tsa balatedi ba maskandi di ipatileng teng.
"Ba ne ba tle ba tlile moketjaneng, empa jwale ba se ba tla dikonsareteng ba bile ba reka le di-CD.
"Ya rona karolo re e bapetse, empa katleho e kgolo e tlile le bona banna bana," ho bolela Harvey.
"Ha re sebedisetse tjhelete ya rona dinthong tse kang dikoloi le diaparo, ho rialo Mtekhala. "Re hlokomela malapa a habo rona jwalo ka ha ka bobedi re se re se na bontate."
Shwi o re: "Re hodima albamo e ntjha mme ha balatedi ba ka e thabela le yona, re tla tswelapele le ho sebetsa ka thata.
"Ha re batho ba ikgethang," ke yena hape, "kapa ba betere ho feta balatedi ba rona. Re mmoho le bona, ke bona bao e leng moputso wa mosebetsi wa rona." [s]
"Modimo ke yena ya re ngollang dipina tsa rona," ho rialo Shwi le Mtekhala.
pale ka DOUG GORDON
Ba bontsha hore le wa "setso" o ka rekisa
LE LETONA: Moputso oo ba o fumaneng ka lebaka la ho rekisa dikhophi tse ka hodimo ho 200 000 ka CD ya bona e ntjha.
BONA SESOTHO - February 2006
