sotho.2851.yourfamily_pregnancy
Netefatsa hore
lesea la hao le phetse hantle
Utlwisisa teko eo o leng ho yona ka nako eo o immeng
KA MORA thabo eo ya ho iphumana o imme, mehopolo e tla latela jwale ke ya hore: "Ebe lesea la rona le tla hlaha le phetse hantle kapa tjhe?"
Ho na le diteko tse ngata - tse etswang ditliliniking tsa baimana, - tse tla bontsha kgolo le bophelo ba lesea.
Tse ding tsa tsona, o ka di etsa ha o rata, se bolelang hore ha o a tlameha ho di etsa. "Empa ha o kgathatsehile ka hona kapa o bile le mathata boimaneng bo fetileng, diteko tsena di tla o thusa ho tsetsisa maikutlo a hao," ho bolela Ngaka Molebatsi Molefe, ngaka ya ditho tsa basadi eo re buileng le yona.
Re shebisisa tse ding tsa diteko tsa bohlokwa tseo o ka di etswang:
Teko ya moroto
Hona le mofuta wa lefu la tswekere o ka hlaselang boimana mme diteko tsena di tla le hlahisa ha le le teng. Moroto o tla boela o hlahlojwa hape hore ha o na tshwaetso senyeng, e leng se seng sa disosa tse kgolo tsa se qhalana ha mpa.
Moroto o lekwa hape ho bona hore ha ho lefu le kotsi la kgatello e hodimo ya madi leo e ka nnang ya ba le nyonyobela moimana.
Diteko tsa madi
Letsatsing la pele ha moimana fihla tliliniking, o tla hulwa madi. Mona ho tla fumanwa mofuta wa madi a hao mme ho bonahale hore o tla hloka kalafo mohlomong hobane madi a hao e se a mofuta o le mong le wa lesea la hao. Mofuta wa madi a mme o boela a hlahlojwe hantle hape ho bona hore ha a fokole na kapa tjhe le hore ha a na lefu le kotsi le kang la HIV.
Kgatello e hodimo ya madi
Kgatello ya madi e hloka ho behwa leihlo haholo boimaneng. Ka kakaretso kgatello ya madi ya baimana e a theoha, mme ha e nyolohile haholo, ho lokela ho etswe diteko tse ding hape ho fumana sesosa sa mathata.
Boima ba mmele
Ho ya ka Ngaka Molefe, moimana ya phetseng hantle a ka lebellwa ho eketsa boima ba mmele ka mokgwa o latelang:
Ha o le mmele o monyenyane: ka 12,5kg ho ya ho 18kg;
Ha o le boima bo lekaneng: ka 11,5kg ho ya ho 16kg;
Ha o nonne haholo: ka 7kg ho ya ho 11kg.
Ultrasound scan
Dingaka di sebedisa motjhini ona wa ultrasound scan ho hlahloba lesea le ho le kala le ho sheba seemo sa lelana le boholo ba lona.
Kgolo ya lesea e hlahlojwa ho latela bolelele ba lesea le boholo ba hlooho ya lona. Dibekeng tse ka bang 12, moimana a ka nna a etswa ditlhahlobo tsena tsa ultrasound tsa pele ho netefatsa le hore pelo ya lesea e otla ka tshwanelo le ho bona hore ha le na mathata a Down syndrome na.
Anomaly scan
"Anomaly" ke ntho e sa tlwaelehang, kapa e sa lokelang ho ba teng. E etswa pakeng tsa dibeke tse 18 le tse 20, mona ho hlahlojwa hore mmele wa lesea o ntse o hola hantle le hore tsohle di eme hantle kapa tjhe. E hlahisa mathata a maholo ao e ka bang lesea le na le ona empa ha e tsebe ho totobatsa hore le tla hlaha le holofetse kapa tjhe.
O ka kgona ho le bona mme o nehwe le ditshwantsho tsa lona tseo o ka nnang wa oroha le tsona.
Ha ho ena le kgolofalo e teng, ngaka e tla o hlalosetsa mme ho etswe diteko
tse ding hape.
Dibekeng tse 36 ho tla boela ho etswa ditlhahlobo tsa setho sa bosadi ho bona hore dinoka di boholo bo lekaneng kapa tjhe.
Pale: Kamogelo Sebola
E qotsitswe: babiesonline.co.za
BOIMANA BA HAO
Diteko tsena di tla o thusa ho o kgoba mai-kutlo
