sotho.2840.Sex
Ke potso ya BOHLOKWA
Neng, kae le mang" Ho sa kgathallehe maemo empa lebaka la hao e lokela ho ba le nepahetseng...
KA NAKO eo Keratiloe (17) a neng a qala ho etsa thobalano, ha a ka tebisa maikutlo ka mathata ao a ikenyang ho ona. "Ke ne ke batla ho tiisa dikamano tsa ka le moratuwa wa ka empa ka mora moo, ka ipona ekare ke bile sethoto mme ke dumelletse motho e mong ho bapala ka nna," ho bolela yena. "Ha ke tebisa maikutlo ka qala ho hlokomela hore ke ne ke so ho lokele," ho bolela yena ka maswabi.
"Keratiloe le yena ke e mong wa batjha ba dilemo di ka tlase ho tse 20 ba qadileng ho etsa thobalano ba so ka ba lokela ho emela le sephetho sa yona moyeng, kelellong le mmeleng," ho hlalosa moeletsi wa mokgatlo wa Planned Parenthood Association Of South Africa.
"Dilemong tsena tsa botjha, ho tlwaelehile hore motho a lakatse thobalano le pele a hlokomela ka moo e tla ama bophelo ba hae ka teng. Ha o ntse o hola, o ba le bokgoni bo botle ba ho nka diqeto tse nepahetseng ka dikamano tsa tsa lerato, o bone tse ka nnang tsa o thefula moyeng le tse tla ba monate.
"O utlwisisa hantle sephetho se tsamaisanang le thobalano mme o bile o maemong a ho nka boikarabello ba sona, se le monate kapa se le bohloko, hape o se o le maemong a ho kena dikamanong tsa lerato tse monate tse bileng di tla o tswela molemo.
"Ke ka hona re dutseng re eletsa batjha ho se tatele ho kena dikamanong tsa lerato ba sa le banyenyane haholo."
Ke lena lethathama la dipotso tse ka o thusang ho bona hore o se o ho loketse kapa tjhe...
Na o HLILE o batla ho e etsa"
Qeto e lokela ho ba ya hao ya hore o qala bophelo ba thobalano neng. O lokela ho lokoloha ka yona o tsebe hore o tla emelana le boikarabello bo tsamaisanang le yona. Se leke ho thabisa motho e mong, ithabise wena pele.
Ke lerato kapa ho kgala, kgatello ya metswalle kapa botshepehi"
Ha madi a se a tjhesa, motho o qetella a fapantse takatso ya thobalano le lerato la nnete. Takatso ya thobalano ke ntho e ntjha bophelong ba batjha, e tsamaisana le ho hola, mme ba bang ba hlolwa ke ho e laola. Kgatello ya metswalle le ho se itshepe, ho mpefatsa maemo. O ka ithusa feela ka hore o itshepe, o tsebe hantle lebaka leo o batlelang ho le etsetsa thobalano.
Na o tseba moratuwa wa hao hantle"
Ha le sa tswa tsebana, le ke ke la natefelwa ke thobalano. Hobane ka mora yona le tla sala le dipelo tse bohloko le ikwahlaya. Ke ka hona ho leng betere ho e etsa le motho ya tla dula e le karolo ya bophelo ba hao. Ebe eo o mo tsebang hantle, eo o mo thabelang haholoholo eo o mo ratang ka ho fetisisa.
Na o ikutlwa o lokolohile ho etsa thobalano le yena"
Ho tlwaelehile ho swaba le ho se lokolohe ka mora thobalano hobane ha o a e tlwaela. Le moratuwa wa hao o tla ikutlwa jwalo feela. Ha o tshaba ho bolela hore ha o so ka o etsa thobalano, ho molemo ho emela hore o be o ikutlwe o lokolohile ho bolella moratuwa wa hao.
Na ha o a tahwa"
Athe ha o nahana hore ho nwa jwala pele ho thobalano ka kgopolo ya hore o tla lokoloha, tseba hore o ntse o so ho lokele.
Na o tseba hantle ka thobalano"
O a tseba se tla etsahala thobalanong" O a tseba hore e etswa jwang le hore hobaneng ngwanana a ka nna a ima" Na o a tseba ka mafu a nalehetsanang ka thobalano"
O tla ba motlotlo ka wena ha o se o hodile o hopola hore o qadile thobalano o le mokae"
Inahane ka moo o tla ikutlwa ka teng dilemong tse 10 tse latelang. Ha o nahana o tla ikutlwa jwang ka nako eo ha o hopola hore o ne o lahlehelwe ke borwetsana ba hao neng" Ebe o tla ikwahlaya" Ha karabo ya hao e le "E"- ho pepenene hore ha o so ho lokele.
O ka bua le moratuwa wa hao ka taba ena ka bolokolohi"
Ha le keke la qoqa ka thobalano, ho totobetse hore ha le so e lokele. Ho ntsha maikutlo a lona bobedi ka ka moo le ikutlwang ka thobalano, ho tla le thusa.
Na o a tseba ka thobalano e bolokehileng"
Hangata batjha ba so kang ba lokela ho etsa thobalano ha ba itshireletse. Ho bohlokwa ho tseba ka moo o ka itshireletsang ka teng kemarong le mafung a thobalano. Polokeho thobalanong ke seo le lokelang ho bua ka sona le moratuwa wa hao le pele le e etsa, le hlophise ka polokeho ya lona.
Haholoholo ka dintho tse kang dikgohlopo, ho bohlokwa ho ipha nako ya ho di kgohletse. Ha ho molemo ho ba le dikgohlopo empa o sa tsebe ho di sebedisa!
Na bobedi ba lona le a e batla"
O ka nna wa ikutlwa o se o batla thobalano athe moratuwa wa hao yena ha a ikutlwe jwalo. Thobalano e monate ha bobedi ba lona le e batla. Se hatelle motho thobalanong.
Hape hona le phapang pakeng tsa ho kgothalletsa motho ho etsa thobalano le ho mo hatella ka kgang - ha o se o mo hatella, seo se bitswa peto - ke tlolo ya molao, o tla tlangwa maoto le matsoho. Nka nako ya hao, itsebe, se etse thobalano ka kgopolo ya ho thabisa mang kapa mang hape ho hlokahala boikarabello ba bohlokwa bakeng sa boitshireletso e le hore o natefelwe ke yona. Na ebe ha se seo o neng o batla ho se fihlela"[s]
BONA SESOTHO - February 2006
pale ka PRIMROSE WILLIAMS
setshwantsho ka GREAT STOCK!
O ikutlwa jwang ka thobalano"
Tlohela haeba o sa lokoloha...
E ka nna ya ba HA O so ho lokele ha...
lO sa tsebe moratuwa wa hao hantle. (O sa tsebe hore o kile a etsa thobalano le bomang kapa hore o na le lefu la thobalano kapa tjhe.
lHa o tsebe le mafu a neheletsanang ka thobalano (a kenyeletsang le HIV, mokaola le a mang).
lO sa ntse o batla ho ithabisa feela. (Ho tatela boithabiso ba nakwana ho bontsha ho se hole hantle ka kelello.)
lO tatile. (Hei bo, ha o batla ho qala thobalano, iphe nako o tsebe ho natefelwa ke yona.)
lHa o tsebe seo o ka se etsang ha o ka ima kapa moratuwa a re o imme. (Ha le e so ka le qoqa ka taba ena le moratuwa wa hao.)
lHa o nahana hore o tla ba thatohatsi ho moratuwa wa hao. (Thobalano ha e tiise dikamano tsa lerato).
lHa o tsebe letho ka dioli kapa tsona dikgohlopo (haholoholo ha o sa tsebe le molemo wa tsona!)
Mohlomong O lokile ha...
lBonyane o ena le yena dikgwedi tse ka hodimo ho tse 6 le ratana (ha le potlakele dintho.)
lO ikemiseditse hore bobedi le natefelwe. (Ho batla ho ithabisa le moratuwa wa hao di tloha feela ke ntho ya bohlokwa.)
lBobedi le qoqa ka thobalano le mafu a nelehetsanang ka yona. (Le ikemiseditse ka bophelo bo botle.)
lLe se le tswa le tliliniking ya thero ya malapa mme hape la etswa le diteko tsa madi ho bona mafu a nelehetsanang ka thobalano. (Ke sesupo sa hore le hodile ka dikelello mme le na le bokarabello.)
lLe se le kgethile mofuta wa sethibelapelehi o le ka o sebedisang le ka moo le ka itshireletsang kateng mafung a nelehetsanang ka thobalano.
lO etsa thobalano hobane o batla ho ithabisa WENA mme o bile o ikutlwa hore O se o ho loketse, ha o etsetse ho thabisa motho e mong leha e le yena moratuwa eo wa hao.
BONA SESOTHO - February 2006
