SOTHO.2835.AfricaBeat
GUINEA
Pherekano ya batjha ba Guinea e ile ya baka merusu mme le sesole le sona sa tsohela mmuso matla - sena se totobaditswe ka dibini tsa mmino wa serabe tsa moloko o motjha tse rorisang le hona ho thoholetsa baetapele, e rialo tlaleho ya BBC.
"Ha diketso tsa ditlolo tsa molao di ata, merusu le yona e a ata," ho rialo sebini sa Guinea Phaduba Keita. "Ke nahana hore ha ho naha e nang le bobodu ho feta Guinea.
"Kajeno Conakry ke yona toropo e lefifi ho di feta lefatsheng ka bophara - ke motsemoholo o se nang motlakase, metsi le tse ding ditlhoko."
"Motho ohle o batla diphetoho, empa boradipolotiki bona ha ba re letho," ho rialo sebini se sa leng senyane, Ablaye "Skandal" M'baye. "Bona ba phela hantle le malapa a bona ha setjhaba sona se eshwa ke tlala."
Mokaubere mminong wa jazz, Sekou "Le Grow" Camara, eo mmino wa hae o neng o kgothatsa mokga o neng o lwanela tokoloho dilemong tsa bo 1960, o dumela hore dibini tsena tse nyane di ka etsa phapang. "Ke nahana hore ba etsa mosebetsi o motle, molaetsa wa bona o a utlwahala," ke yena eo.
O bolela hore le ka mora dilemo tsena tse 50 ka mora tokoloho, o ntse a lohotha ho qapa pina ya boipiletso.
NIGERIA
Makgolokgolo a batshwaruwa ba ahloletsweng lefu Nigeria, dinyewe tsa bona di buuwe ka leeme mme ho ka etsahala hore ba bang ba bona ha ba molato, ho rilao mokgatlo wa ditokelo tsa botho Amnesty International (AI).
Batho bana ba a hlekefetswa hore ba bue nnete mme ba ahlolwe ka bopaki boo, ho bolela ba mokgatlo wa AI, e ipiletsa ho mmuso ho phumula dikahlolo tseo.
"Baahlodi ba bangata ba a tseba hore mapolesa a hlekefetsa batho, empa a tswelapele le ho ahlola batho ka bopaki boo," ho rialo Chino Obiagwu wa Ledap, Mokgatlo wa tsa molao wa Nigeria.
"Ha ke senokwane, ke roka dieta. Ke ne ke reke sethuthuthu leshodung," ho bolela monna ya dilemo di 57 ya ahloletsweng lefu, a bolella ba AI.
O ne a ipiletse dilemong tse 24 tse fetileng empa le kajeno nyewe eo ha e so buuwe!
FATSHE LA RONA
TSA Afrika
MALAWI
Mmabotle wa Malawi, Peth Msiska, o iketela dikgetho tsa naha eo tsa Motsheanong 2009.
Mohaladitwe ona o nang le degree ya accounting, o tlohetse ho etsa dipontsho tsa feshene, wa kena letsholong la ho iketela dikgetho sebakeng sa habo sa Chileka, se mebila e lepoqo ka borwa ho naha eo.
Ngwanana enwa ya dilemo di 24, o dumela hore a ka kgona ho thusa setjhaba jwalo ka ha a sa le monyane, a bile a kgonne ho emela mosebetsi wa ho ba Mmabotle wa Malawi.
"Ke nkile qeto ya ho kena dipolotiking hobane ke rata ho tlisa phapang maphelong a batho, haholoholo ba mahaeng," o boletse jwalo.
Ke a tseba, ha ho bobebe. Batho ba ka bang 70 lekgolong setjhabeng sa batho ba dimilione di 14 ba Malawi, ke ba mahaeng mme ba fetang sekoto ho bona, ke bafutsana, ha ba 22 lekgolong ho bona, ba futsanehile ka ho fetisisa," di boletse jwalo ditlaleho tsa Matjhaba a Kopaneng.
Ngwanana enwa o kgothaditswe ke ketso ya Sarah Palin wa USA, ya neng a tswe borarong ho bommabotle ba Alaska ka 1984 mme le yena a iketela dikgetho," ho rialo Msiska a bolella IPS.
BOTSWANA
Mopresidente wa mehleng wa naha ena, Festus Gontebanye Mogae o sa tswa hapa kgau ya 2008 Ibrahim Prize For Achievement In African Leadership.
"Mopresidente Mogae ke moetapele ya neng a ipabole ka ho netefatsa hore naha ya Botswana e a atleha twantshong ya HIV le EITSI, e leng yona e fiifatsang bokamoso ba naha, ho rialo Kofi Annan, modulasetulo wa dikgau tsena.
Re a mo leboha Mogae, "Botswana e bontshitse hore naha e nang le ditlhoko tse kang diminerale e ka intlafatsa jwang."
Dikgau tsena tse pele lefatsheng ka bophara, di tsamaisana le tjhelete e US$5 million ka selemo dilemo tse leshome mme ka mora moo e be US$200 000 ka selemo bophelo bohle.
Mothehi wa dikgau tsena ke radibilione wa Sudan MO Ibrahim, e leng monga khampane ya tsa kgokahanyo Celtel International. [s]
EKGEPETA
Amr Zaki o a tshepa hore Ekgepeta e tla kgona ho kena Mohopeng wa Lefatshe wa 2010. Forose ena ya sehlopha sa Wigan eo ka nako eo re neng re ngola pale ena e neng e le yena ya tsamayang pele ka ho hlaba dintlha liking ya Manyesemane, o ne a bue sena pele ho etswa lotho la mokgahlelo wa ho qetela wa dipapadi tsa ho phunyeletsa mohopeng ona.
"Ke tshepa hore re tla kena Mohopeng ona hobane re bontshitse hore ha ho poho pedi Afrika, ntle ho rona," ho rialo Zaki.
Leha naha ena e hapile Mohope wa Afrika makgetlo a tsheletseng, empa e sa kene habedi feela Mohopeng wa Lefatshe dilemong tse 18 tse fetileng.
Ke ena tsela e molemo ya ho lwantsha bonokwane. Ephraim Mateyo, motshwari wa mapolesa Zambia, o laetse mapolesa a naheng eo hore a thunye a bolaye dinokwane tse hlometseng. Ha a ne a bua pulong ya seteishene se sa tswa ntjhafatswa mane Ndola, o boletse hore mosebetsi wa mapolesa ke ho netefatsa hore dinokwane tse kotsi di a "qetwa."
O re mapolesa ha a sa tlameha ho beha maphelo a ona kotsing, matsohong a dinokwane tse hlometseng. "Ha ho lere lebe ho bolayeng dinokwana ha feela re sa tlole molao," o boletse jwalo.
ZAMBIA
