SOTHO.2788.muthi
ka FORCE KHASHANE
NA o tseba motho ya hlolwang ke dijo tsa mokete" Mosadi e mong o re yena ha a rate ho ja dijo meketeng e kang ya manyalo.
"Ha nka ja, ha ke robale, ke mathiswa ke mala," ho hlalosa yena.
"Se nkile ka robala sepetlele matsatsi a mararo ke dijo tsa moketeng wa lenyalo.
"Ha ke tsebe hore mathata ke eng, empa seo ke se tsebang feela ke hore ha nka ja moketeng, ke tshwareha hampe ka maleng.
"Ha ke bone e nngwe pheko ntle le ho qoba ho ja meketeng."
Ke hotse ke se na mathata ana - empa jwale bophelo ba ka bo fetohile.
"Ke tshaba le ho thetsa dijo meketjaneng, ke bolela le haeba e le ya leloko," ke yena eo.
Ha se yena feela. Ke fumane mangolo a mangata a babadi ba nang le mathata a kang a hae.
Ba hloka keletso.
Ho fepela dijo
Ena ke ntho e hlokolosi. Moetlong wa rona, ke ntho e makatsang haholo ho se be teng ha dijo moketeng o kang wa lenyalo kapa lefung.
Malapa a sebedisa ke bolela le sente ya ho qetela eo a nang le yona ho netefatsa hore batho ba tlang lenyalong kapa lefung ba fumana se yang ka maleng.
Haeba o bonahala o sa thabele dijo tseo, o nkwa jwalo ka motho ya ikgohomosang.
Ha motho a ka bonahala a sa je lefung, batho le bona ba tla etsa jwalo ka yena mohla le yena a hlahelwang ke tsietsi.
Batho ba tla fihla ba hlape matsoho feela lapeng ha ba tswa mabitleng mme ba shape dishwapha tsa bona ba orohe.
Jwale ke ka hona basadi bana ba kgathatsehileng hakana ka mathata ana a bona!
Empa he ke eng se kudisang motho ha a jele meketeng kapa hona mafung"
Hlahlobisisa ditaba tse latelang, hangata mona ho ebe ho phehilwe nama e kgubedu. Hobaneng ho tlameha ho ba jwalo"
Ke mang ya ka etsang mosebetsi ona ka nepo
Setjhabeng sa habo rona, ho na le batho ba tshetjwang bakeng sa ho hlaba diphoofolo tse kang nku, kgomo kapa podi. Ka hoo he, nama ya diphoofolo tsena e nkwa e le e "hlwekileng" ha e hlabilwe ke motho ya kang eo.
Empa ha ho ka hlaba mang kapa mang ya sa tsebeng sepheo sa seo a se etsang, nama eo ho dumelwa ha e tla qaka batho, ba mathiswe ke mala.
Batho ba bangata ha ba sebedise ditsebi tsa dihlabi meketeng ya bona ya manyalo esitana le mafung.
Taba ena ba e kgella fatshe, ba ipolelle hore ho teng ya tla hlaba ho ba leloko kapa ho baahisane.
Haeba eo ba neng ba nahana hore a ka hlaba a se a itatola tlasa mabaka a itseng, ho se ho tla nkuwa leha e le mang feela ho etsa mosebetsi oo.
O a nahana he hore ke eng e tla latela moo. Motho ya sa tsejweng le hore o kile a hlaba kgomo ya mang kae o se a nehwa mosebetsi oo wa ho hlaba.
Sephetho ke ho kudisa batho.
"E nngwe ntho e etsahalang ke hore batho ba tsebang mosebetsi ona ba se ba le mmalwa haholo.
Ka ho ya ka moetlo, ona ke mosebetsi o etswang ke banna, empa hore moetlo ona o se fele, ekaba ntho e ntle ha basadi le bona ba ka rutwa ho hlaba.
Empa he o teng mokgwa wa ho alafa motho ya jeleng "nama" e sa mo tshwareng hantle ka maleng.
Ho na le moriana oo Mazulu a o bitsang isiphephetho, serokolo ka Sesotho, o ka thusang motho ya hlolwang ke dijo tsa meketeng kapa mafung.
Ba tlameha ho tsamaya ba tshwere moriana ona nako le nako matsatsing a mmalwa pele ho mokete. Pele motho eo a ka ja moketeng, o tlameha ho hlafuna leqhetswana la serokolo sena a nne a kwenye mathe mme a se tshwele ha se se se feletswe ke tatso.
Moriana ona o thusa haholo tshilong ya dijo ka maleng. Ha motho a o sebedisitse, o qhelela thoko kwana mathata a ka bakwang ke ho se silehe hantle ha dijo ka maleng. [s]
36 BONA SESOTHO - October 2006
Re bua ka ditlhare
O hlolwa ke dijo tsa moketeng kapa lefung"
Leka serokolo!
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
