sotho.2787.free
ya hao ya mahala
Ntlafatsa letlalo
Haeba o ne o lakatsa ho ba le letlalo le letle, lethathama la EVEN & CLEARTM la ha Ambi® le nang le EVENBLENDTM ke tharollo ya hao.
Le kenyeletsa le Foaming Cleanser, Daily Moisturiser (SPF 20) le Intensive Spot Clearing Cream.
EVENBLENDTM ke e nang le metswako e ikgethang ya anti-oxidant Vitamins C le E, tse thusang letlalo hore le dule le le boreletsana le le bonolo mme le bile le le letle.
E na le metswako e ikgethang ya ho fedisa matheba a letlalo hore le shebahale le phetse hantle mme le bile le hlakile.
Bakeng sa monyetla wa ho hapa se seng sa diphuthelwana tse 10 tsa Ambi® tse bitsang R380 ka seng, tse nang le ditlolo, o ka re romella lebitso le aterese le nomoro ya hao ya mohala ho: BONA/Ambi® Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS AMBI ho 35919.
® Trademark of JOHNSON & JOHNSON
© J & J (Pty) Ltd 2007.
Bakeng sa letlalo le boreledi, le botle bo makatsang, leka lethathama la Cocoa Butter Formula la Palmer. Metswako e ikgethang ya dietswa tsa Palmer e etsa e be lethathama la tse pele tsa cocoa butter lefatsheng lohle. Dietswa tsa Palmer haesale di sebediswa ke meloko ya basadi ho nolofatsa letlalo hore le dule le le letle le bile le se na matheba le menyama, re leboha metswako e ikgethang ya Vitamin E.
Di kenyeletsa le: Cocoa Butter Lotion, Cocoa Butter Cream le Cocoa Butter Balm.
BONA e na le diphuthelwana tse 16 tsa dietswa tsa Palmer tse bitsang R250 ka seng tseo e fanang ka tsona.
Bakeng sa monyetla wa ho fumana se seng sa diphuthelwana tsena, re romelle lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Palmer's Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS PALMERS ho 35919.
Letlalo le bonolo le boreletsana
Bohle re tseba bohloko ba ho qakeha hoo o sa fumaneng le nako ya ho ja dijo tse phepo e phethahetseng. Ka Replace e ntjha - seno se monate se bileng se nang le phepo - o tla fumana nako ya ho inyorolla ka seno seo o tsebang hantle hore se tla fepa mmele ka sohle sa bohlokwa seo o se hlokang, divitamine le diminerale.
Replace ke phofshwana e theko e ntle e fumanehang ka tatso ya vanilla, chocolate kapa strawberry mme e molemo haholo ho bakudi le maqheku. E dube ka metsi, seno kapa ka lebese.
E molemo ho boradipapadi hobane e a matlafatsa hape e okolla mmele.
Re na le diphuthelwana tse 30 tseo re fanang ka tsona tse bitsang, R130 ka seng tse nang le mefuta e meraro ya tatso. Ha o batla ho fumana se seng sa tsona, re romelle lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Replace Giveaway, Private Bag X1030, Lyttelton, 0140, kapa SMS REPLACE ho 35919.
Sejo ka kgalaseng
Dimpho tse bitsang R16 000
Letsatsi la ho kwala:
Pherekgong 31, 2008
(SMS e bitsa R3.)
Manala a matle a tlhaho
Manala a Nailene a tiiswa hore a tshwara motho hantle ho feta ohle hape a lekana bohle. A kgona ho lekana matsohong ohle mme hape a tiile hoo a sa kumeheng ka bonolo kapa ho robeha pele ho matsatsi a 10. A fumaneha ka mmala wa tlhaho, o mopinki le o beige.
Ha o sa rate a malelele, leka a makgutshwane a Nailene ao o ka a kenyang kamehla kapa French Manicure nails e fumanehang ka mebala e meraro. Sete ka nngwe e kenyeletsa le borashe bo bosesane le mehato e mebedi e bonolo e tla o etsa o shebahale ekare a kentswe ke setsebi. Ntlafatsa le maoto ka Perfect Toes kapa o sebedise Miracle Maker e nang le diproteine ho boloka manala a le matle 24/7.
BONA e na le diphuthelwana tse 10 tsa R400 ka seng tseo e fanang ka tsona. Ho ba e mong wa bona, re romelle lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Nailene Giveaway, Box 3460, Cape Town, 8000, kapa SMS NAILENE ho 35919.[s]
