sotho.277.health oct
Tee e diehisa nako
Phoka tee o diehe ho tsofala ho ya ka moo Ngaka Zeno Apostolides wa University Of Pretoria a di bonang ka teng. Tee e na le metswako e thusang hore disele tsa mmele kapa di-tissue di diehe ho senyeha. Ho phoka dikopi tse nne kapa tse hlano tsa tee ka letsatsi ho ka o thusa hore methapo ya hao ya pelo e dule e hlwekile e se na dintho tse ka nnang tsa o bakela lefu la pelo kapa wa shwa lehlakore.
Bonneteng tee e lokela ho tlohelwa ka metsing metsotso e meraro hore e loe hantle, hore e ntshe khemikhale ena ya bohlokwa.
Tsa bophelo bo botle
Robala hantle, o phele ha monate
Ho robala bosiu - le ho sebetsa bosiu kgafetsa - ho ka o kenya mathateng a ho kenwa ke kankere ho ya ka diteko tsa UK tse bontshang lebaka la hore batho ba sebetsang bosiu jwalo ka basebetsi ba difofaneng le baoki ba ba le menyetla e fihlellang ho 60% ya ho kenwa ke kenkere ya matswele ha re etsa mohlala.Boradipatlisiso ba fumane hore ho se robale ho etsa mmele o se kgone ho ntsha hormone ya melatonin ka tshwanelo. Hangata e tswa ka meso mme ho nahanelwa hore e thusa ho theola ho hola ha kankere mmeleng.
O ke o nahane-
Hobaneng o nwa jwala- Dipatlisiso tsa Brits di bontshitse hore dipersente tse 40 di re jwala bo ba thusa ho kgoba matshwafo; tse 26 bo ba thusa ho tobana le mathata a ho tetebela maikutlo; ha tse 30 di re bo ba thusa ho lebala ka mathata a bona. Sephetho ke hore dipersente tse 96 tsa batho di a dumela hore di nwella ho itebatsa mathata ho ya ka Mental Health Foundation.
Empa ena ke ntho e kotsi haholo bophelong. Ba hlokomedisa batho hore jwala bo ka nna ba fokotsa matla a khemikhale eo boko bo e hlokang ho fokotsa ho tetebela maikutlo le ho itebatsa mathata.
BONA SESOTHO - October 2006
KE NNETE:
Tshela bohashana ba letswai
Hangata Maafrika Borwa a rata dijo tse letswai - empa ha o reka letswai, kgetha le nang le iodine hobane mobu wa naha ena ha o na iodine ho ya ka moo setsebi sa dijo sa Sugar Association, Priya Lalla a bolelang ka teng. Dipatlisiso tsa moraorao di bontshitse hore dibakeng tse ding tsa SA ho na le dipersente tse 42 tsa bana bao mmele ya bona e fokollwang ke iodine.
Se mpefatsang maemo ke hore masea a shwa kapa a hlahe a le manyenyane tlolo, a hole ka thata mmeleng le kelellong mme hape a ruruhe melala ha a hola leha e se e le batho ba baholo.
Pelo e boima bo tlwaelehileng e ba 300g
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
GREAT STOCK!
Na diselefoune di ka lematsa disele tsa hao tsa boko mme wa mela ditlhala- Jwalo ka ha diselefoune di se di le matletsatletse lefatsheng, hona ho se ho bakile phehisano e kgolo ho tsa kalafo. Dipatlisiso tse ntjha tsa UK Institute Of Cancer Research ha di bone phapang pakeng tsa kankere ya boko e kotsi e hlahang e se e le kotsi le e phelang le motho nakwana pele e qala mathata hara batho ba sebedisang diselefoune le ba sa di sebediseng. Empa le ena taba e tshwana le di-ringtones, dula o lebelletse tse ntjha nako le nako...[s]
Disele tsa boko
KE NNETE:
Ke mang ya bohale-
Ho phehisana le molekane wa hao ho ka thatafatsa methapo ya pelo ho ya ka moo dipatlisiso tsa US di bolelang ka teng. Kgalefo basading e kotsi ka ho fetisisa - haholoholo ha le banna ba bona ba le bohale.
Bonyane o ka itseka ka ho kenyeletsa le metswalle kapa o amohele tlholo kapa o laole maikutlo empa nnete ke hore mosadi ya bohale o lokela ho bonana le baeletsi ba profeshenale hore a tsebe ho ithuta ho rarolla mathata mme a phele halelele a be dikamanong tse monate tsa kgotso.
Dipersente tse 60 tsa mmele wa hao ke metsi feela
BONA - August 2005
