sotho.2777.parenting_2
BONA SESOTHO - August 2006
Botswadi
tataiso e ka o thusang
PHATO ke kgwedi ya matjhaba ya tlhokomelo ya meno mme ho na le dintlha tsa bohlokwa tse ka o thusang tsa ka moo o ka hlokomelang meno a hao le molomo ka teng. Tlhokomelo ya meno ha se ntho e tsotellwang haholo setjhabeng mme le mmuso ha o na leano le ikgethang la yona ntle le hore feela a nkelwe bohato ha a se a opa ke ka hona ho leng bohlokwa hore batswadi ba rute bana ba bona ho hlokomela meno a bona mmoho le marenene...
Tlhokomelo ya meno ya motheo
Batswadi ba bangata ba nahana hore meno a bana ha a hloke tlhokomelo e kaalo hobane a sa ntse a tla kgenoha ho mele a matjha, a boholo.
Empa dingaka tsa meno di hatella hore bana ba lokela ho qala ho borosola meno ho tloha hang ha ba qala ho medisa feela - hoseng ho hong le ho hong ka mora dijo le pele ba robala.
Ho bua nnete, o lokela ho borosola meno a lesea nako le nako ka mora dijo e le hore a se ke a bola.
Dilemong tse tharo, ngwana o ebe a se a loketse ho ya hlahlojwa meno ke ngaka, mme a boele hape dikgweding tse ding le tse ding tse 6 ho ya ho tse 12.
Marashe a bana
Ho na le lethathama la ona le sa tshwaneng hohang le la batho ba baholo. Ona a bonojwana ha a utlwise marenene bohloko mme le mehele ya ona bana ba kgona ho e tshwara ka bonolo. A fumaneha ka dibopeho tse fapaneng le mebala mme hape ba lokela ho sebedisa le sesepa sa meno se ikgethang bakeng sa bana, se nang le fluoride e nyenyane.
A tiise
Dingaka di hlokomedisa batswadi hore calcium e ka thusa ho tiisa masapo le meno a bana ba bona. Ha ho hlokahale dipidisi tsa calcium hobane e a fumaneha dijong tse ngata.
Dijo tse nang le lebese di na le calcium e ngata ke ka hona ho leng bohlokwa ho nwesa lesea kgalase ya lebese, selae sa kase kapa sejana sa yogurt letsatsi le letsatsi.
Phema yogurt e tswekere hobane e ka nna ya bodisa meno. Meroho e metala le tlhapi le tsona di na le calcium e ngata.
Thibela ho bola ha meno
Dijo tse nang le carbohydrates di atisa ho bodisa meno haholoholo ha a sa hlokomelwa ka tshwanelo. Kgothalletsa lelapa lohle ho borosola meno ka nako e le nngwe ho netefatsa hore bohle ba borosola meno ka tshwanelo. Phema dijo tse nang le tswekere ka ho:
n Se ba nwese dino tse tswekere. Ba nwese lebese kapa metsi ka mora dijo ho theolela.
n Ba kgothalletse ho hlatswa meno ka mora ho ja diswiti.
n Dino tse entsweng ka lero la ditholwana di ntle bakeng sa phepo ya bana empa di kotsi menong hobane di salla ka hanong, di kgoramele menong nako e telele. Kgothalletsa ngwana ho hlatswa meno ka mora ho di nwa.
A hlokomele
Ya bomme le bontate....
Hlokomela dintho tsa hao tsa bohlokwa...
ka NONHLANHLA KHUMALO
Dietswa tsa masea!
KE dilemo jwale Johnson's Baby Aqueous Cream le Johnson's Baby Petroleum Jelly e le dithatohatsi tlhokomelong ya letlalo la masea le batho ba baholo. Aqueous Cream e hlwekisa letlalo e le nolofatse, ha Baby Jelly e boloka mongobo wa lona ho le thibela hore le se be le mafafatsane. Ho na le tse ntjha lethathameng lena la Johnson's Baby Aqueous Cream, tsona ke Aloe Vera le Vitamin E formulation, tse tlatseletsang Fragrance Free, Lightly Fragranced le Bedtime tse ratwang haholo.
BONA e na le diphuthelwana tse 30 tsa dietswa tsa masea tsa Johnson's, tse bitsang R130 ka seng, tseo e fanang ka tsona.
Ha o batla ho ba e mong wa ba tla ba lehlohonolo, re ngolle lebitso, aterese le nomoro ya hao ya mohala, o romele ho: BONA/Johnson's Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS "JOHNSONS" nomorong ena 35919. (SMS e bitsa R3.)
Dikenelo di kwala mohla la: 31 Phato 2006.
MALAPENG a mangata ho robatsa ngwana ke mosebetsi. Ka nako e nngwe batswadi ba ba tlohela hore ba shebelle TV ho fihlela hara kgitla, e leng mokgwa o mobe haholo ho ngwana ya tla tsoha a eya sekolong ka le hlahlamang.
Dipatlisiso di bontshitse hore bana ba sa robaleng hantle, ba atisa ho otsela sekolong. Ba boetse hape ba dutse ba opelwa ke hlooho hape ba ba le mathata a boroko leha ba se ba hodile.
Bana ba lokela ho dula ba le mafolofolo letsatsi lohle. Ho bapala sekolong le ho ithuta ho a ba kgathatsa ha letsatsi le ntse le phahama. Ho boela a dula bosiu kaofela ho etsa hore mmele wa ngwana o fellwe ke matla e leng se etsang hore a se hlole a kgona ho robala hantle leha a se a hodile.
Ha ngwana a robala hantle ho lekana, o tsoha a le mafolofolo hoseng mme a kgone ho dula a hlaphohetswe ho fihlela sekolo se etswa.
Ha a lla ka hlooho kgafetsa, o lokela ho shebisisa nako eo a robalang ka yona. Hlooho e ka nna ya eba sesupo sa mafu a mang a bana, jwalo ka ho ruruha ha letlalwana la boko, e leng lefu le tshwaetsanang hape le tlwaelehileng haholo baneng.
Ho ya ka dipatlisiso, ho se robale hantle ho ka nna ha etsa hore motho a dula a tshwerwe ke hlooho ke ka hona ho leng bohlokwa hore ngwana ha a se a tshwarwa ke hlooho kgafetsa a hlahlojwe ke ngaka.
E nkilwe ho: Mayo Clinic and Foundation For Medical Education And Research
Na ngwana wa hao o
robala ho lekana"
BONA SESOTHO - August 2006
u
t
thata
BONA SESOTHO - August 2006
NAKO ya boimana ka nngwe ke e ikgethang mosading ka mong. Ho na le mabaka a fapaneng a etsang hore o eketse boima ba mmele wa hao le wa lesea le inngweng.
Baimana ba bangata ba sa noneng haholo ba a kgathatseha motho a nahane hore lesea la hae ha le hole hantle.
Sena ha se seo o ka ikgathatsang ka sona. Hape ha o hloke ho itima dijo ka kgopolo ya ho fokotsa boima ba mmele hobane hoo ho ka nna ha hlekefetsa lesea.
Boima bo tlwaelehileng boo moimana a ka nonang ka bona ke ba 13,5kg. O qala ho nona dikgweding tse tharo tsa ho qala ka lebaka la tsela eo o jang ka yona.
Baimana ba bang ba ba dipelo di ntsho ka lebaka la ho dula ba nyekelwa ke pelo, ha ba bang bona ba eja sa mpana phatloha.Tliliniking ya baimana motho o a kalwa hobane boima ke bona bo tla bontsha ha ho ena le mathata kapa tjhe.
Baimana ba nonneng tlolo le ba otileng, mmele ya bona e ebe e bontsha hore ba na le mathata, mohlomong a lefu la tswekere kapa kgatello e hodimo ya madi e leng se ka nnang sa etsa hore ba belehiswe ka opereishene pele ho nako ya bona.
Tlhokomelo ya boima ba mmele
Mpa e kalwa nako le nako tliliniking ya baimana mme hape le moimana o a kalwa.
Ho netefatswa hore lesea le fela le hola hantle mme ha ho bonahala ho se diphetoho, ho etswa diteko tse ding hape ka teko ya ho utulla sesosa sa mathata a lesea.
Lefu la tswekere le ka nna la etsa hore lesea le none tlolo ya molao. Tliliniking o hlahlojwa le madi ho bona hore lesea leo le nonne feela ka tlhaho kapa le na le mathata a ho kula.
Ho tsuba le ho nwa jwala ha moimana ho thefula lesea le inngweng mme le qetelle le fokola haholo mmeleng.
Ha lesea le hlaha le fokola haholo mmeleng le atisa ho kgathatswa ke bophelo.
Jwala bona ke sesosa se seholo sa maemo a bitswang Foetal Alcohol Syndrome (FAS), a etsang hore lesea le tswalwe e se ntse e le lekgoba la jwala mme le ka nna la holofala ka lebaka la maemo ana.
Hlola monono...
Tse
Ya bomme le bontate....
Ke boima ba eng"
Lesea 3,5kg
Lelana 0,7kg
Amniotic Fluid 1,2kg
Mafura 3,5kg
Metsi ka popelong 1,5kg
Madi 1,4kg
Popelo 1kg
Matswele 0,7kg
E nkilwe: Dr Miriam Stoppard.
u
BONA - August 2006
BONA SESOTHO - August 2006
Ka moo o thodisang lesea ka teng
Le tlame!
Polokeho mebileng e bolela hore motho o lokela ho tlama mabanta a pholoso. E seng bakeng sa bomme le bontate feela, empa le bana. Dikoloi tsohle di na le mabanta a pholoso le ditulong tse ka morao mme le bana ba banyenyane le bona ba lokela ho tlamellwa ho ona hore ba dule ba bolokehile. Masea ona a hloka ho kenngwa setulong sa ona sa koloi ho netefatsa hore le ona a tla bolokeha ka koloing.
Ha o reka setulo sa koloi sa masea, netefatsa hore o se hlahlobisisa hantle, hore se be le:
n Marapo e matenya, se tlamehe hantle. Lehetla ka leng le be le lebanta la lona, dirope, maoto esitana le pakeng tsa dirope ho be le mabanta.
n Ebe se tlamehang ka bonolo ntle ho moo, ho ka nna ha etsahala diphoso tse ka lematsang lesea le ho feta ha le ka hlahelwa ke kotsi ya koloi.
n E be se butshabutsha. Setulo se thofoselang le mahetleng se etsa ngwana a natefelwe ke leeto.
n Se hlwekisehe ka bonolo.
n Se dumellane le dilemo tsa lona. Di fapana ka boima ba bana - ho tloha boseeng ho ya boimeng ba 22kg le 36kg (ho ya baneng ba dilemo di 12, ba ka tlase ho 1,5m).
MASEA a tumme ka seboko mme ke ona feela mokgwa oo a tsebang ho hlahisa maikutlo a ona ka ona. Masea ha a lliswe ke mahloko kapa ho se tshwarehe hantle feela, ka nako e nngwe a lliswa ke bodutu, a batla ho bona motho pela ona.
Ntlha ya pele ya ho le kgoba matshwafo ke ho netefatsa hore ha le lliswe ke tlala kapa ha ho na le moo ho leng bohloko (mohlomong le metsi kapa le robetse ha bohloko), le kula kapa le phumuhile.
Ka mora moo o se o ka leka tsena tse latelang.
n Le sike o le ake. Masea ohle a thabela ho sikwa. Ho le tiisa sebete hape ho etsa hore le be le dikamano tse tiileng le lesea la hao. Batswadi ba etsang sena - dipatlisiso di bontshitse hore masea a bona a thabela ho mamela ho otla ha dipelo tsa bona.
n Tsama-tsamaya le lona. Sika lesea o nyolose o theose le lona ka tlung. Kapa o le pepe. O ka boela hape wa le qhoba ka koloinyana ya masea o nyolose o theose le lona mebileng.
n Binela lesea kapa o bue le lona. Lesea le rata ho o sheba mahlong mme le thabela ho utlwa o bua le lona. Ka nako e nngwe le leka le ho araba ho bontsha hore le a bona hape le a utlwa. Ho binela lesea le hona ho a le thabisa haholoholo ha le binelwa pina e neng o atisa ho binwa le inngwe.
n Le sidile. Hona ho molemo haholo hape ho thusa lesea hore le bohle. Qala ka ho futhumetsa matsoho mme o le sidile ka oli mpeng.
n Le bohlise. Ha le lla ka mora dijo, mohlomong le ebe le pipitletswe. Le behe lehetleng mme o le sidile ka mokokotlong hantle. Le hlokomele hore le paqame hantle hape le se ke le futhumala haholo hobane mmele wa lona ha o kgone ho laola motjheso.
n Le phomotse. Ha lesea le kgathetse, le phomotse, o se dumelle metswalle le ba leloko ho nna ba le olosa hobane le tla o kgathatsa ka ho lla ka mora nako ha mmele wa lona o se o tetetsehile.
n Le ise ngakeng. Ha lesea la hao le lla tlolo ya molao, le ise ngakeng ntle ho tshenyo ya nako. Hona ho tla thusa hore ho bonahale phapang, e se be mohlomong le a kula.
Ya bomme le bontate....
Thari
Helang bomme le bontatae, ke nako jwale ya hore le lahle dithari tsane tsa sekgalekgale mme le kgethe ena e bolokehileng ya Chicco Soft & Safe baby carrier. E tiile, e butshabutsha hape e rokilwe ka lesela le tshwarang masea ha monate hape e ka atollwa ya honyetswa ho ya ka boholo ba lesea. Maafrika haesale a thodisa bana ka ho ba pepa, hona ho etsa masea a ikutlwe a le haufi le wena, ha le wena o kgona ho tswelapele le mesebetsana ya hao ya letsatsi. Ka Chicco Soft & Safe baby carrier mme le ntate a ka kgona ho dula a le haufi le lesea. Di fumaneha ka mefutafuta .[s]
'Letsetsa 0860CHICCO bakeng sa tse haufi.
