sotho.2736.gordon
Hobaneng ho thwe Gordon o ipabotse!
BONA SESOTHO - July 2007
HA HO tikatiko Gordon Igesund ke mokwetlisi ya ipabotseng nalaneng ya bolo Afrika Borwa. Sena se hlakile hantle sehlopheng sena sa Sundowns.
Empa ho thata foroseng ena ya mehleng ya Highlands Park le sa Durban United hore katleho ya hae e hle e be ya motjha-o-tjhele.
Leha a lekile ka hohlehohle ho bontsha bokgoni ba hae, empa naha ena ha e bo sebedise ka tsela e mo kgotsofatsang.
Ho a ferekanya ho mokwetlisi hore batho ba nyefole lewa la hao la papadi leha le atleha.
Ba mo hlalosa e le mokwetlisi ya sebedisang lewa le le leng la papadi - e leng la ho tshireletsa kapa ba bolele ha a le lehlohonolo la ho fumana sehlopha se nang le dibapadi tse matla mona ho PSL.
Empa ha o latela nalane ya hae, e phehisana hohang le seo. Ho Manning Rangers le Santos, o tla mpolella hore o ne a na le dibapadi tse ipabotseng hakalo" Igesund o ne a sebedise bokgoni ba dibapadi tseo a neng a na le tsona, ya ba ke phetho ke tu, a kgutla le dikgau.
Katleho ya Rangers dilemong tse leshome tse fetileng, ha e a tshwana le ya Sundowns e ileng ya hlaka le pele mojaho wa liki o fela.
O ne a hape liki le Manning Rangers ka 1997, Orlando Pirates ka 2001 le Santos selemong se hlahlamang seo.
Ho Pirates re ka dumela hore o ne a na le tsona dibapadi tse pele.
Tse pele
Mona ho Sundowns Igesund o fumane sehlopha se nang le dibapadi tse pele ho feta tsohle tseo a kileng a di kwetlisa.
Ma-Brazilians mona fatshe, a a e bapala bolo ya ona, ha a futuha, a a futuha. Le nyolohile lenane la balatedi ba shebellang papadi ya bona mme ho hapa ha bona liki ho swabisitse banyefodi ba Igesund.
O ne a fihle sehlopheng sena nakong eo dintho di neng di sa tsamaye hantle ka mora ho lelekwa ha mokwetlisi wa Agentina, Miguel Gamondi mmoho le sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana, Neil Tovey ka Loetse dikgwedinyana ka mora hoba ba ne ba sa tswa hapa liki.
"Ha o na le dibapadi tse pele, di o bebofaletsa mosebetsi," ho rialo Igesund ya ileng a hapa dipapadi tse 11 kaofela ka tatelano ho tloha ka Pherekgong ho ya ho Mmesa.
"Ke fumane sehlopha se shahlileng, se neng se hloka feela maikemisetso. Bohato ba ka ba pele e ne e be ho qeta ho itseba dibapading le ho fetola tsela ya ho bapala.
"Dibapadi tsa Sundowns di ne di bapala bolo e ntle ho tloha morao ho ya mpeng.
Ba ne ba sa hlasele. Nna ke sebedisa lewa le potlakang. Ha le potlake feela, le bapala le ntse le le tjhatsi hore le se lahlehelwe ke bolo, le ntse le shebile le monyetlanyana o monyane wa ho hlaba ntlha."
Ho sebetsa ka thata
Igesund o bolela ha a na le bokgoni ba ho bona diphoso ka lebaleng a be a di lokise hona ka nako eo, empa o bolela hore katleho e kgolo e tliswa ke ho sebetsa ka thata.
E nngwe ntho hape, ke ho sebedisa kelello.
"Ke sebedisa kelello haholo dibapading tsa ka. Ke bua le tsona. Ke di etse hore di itshepe, di lakatse papadi, di tsetlallele katleho," ho rialo Igesund.
"Ke etsa di ntlhomphe, e seng ho batla hore di ntlhomphe. 'Ha ke tle ho bona ke le Gordon Igesund, mokwetlisi wa maemo mme ke di bolelle hore di tla etsa seo nna ke se batlang.'
"Ke kgona ho fumana seo ke se batlang dibapading ka ho sebetsa ka thata, ke nka dintho hanyane hanyane."
Igesund hape o re o tsitlallela boitshwaro bo botle dibapading.
"Haeba sebapadi se boleletswe seo se tlamehang ho se etsa, se tlameha ho etsa jwalo, ha ho nako ya maswana."
Boinehelo
Igesund o bolela hore ho na le mosebetsi o mongata lebaleng la boikwetliso o etswang ka mekgahlelo e fapafapaneng.
"Ke etsa hore dibapadi di bone seo di se etsang di bone ha di se etsa ka nepo." Igesund ntho o e pheta makgetlo a mahlano ho isa ho a tsheletseng, e be ke phetho.
Hona jwale o ne a rahe ntho a ba a lemala monwana o motona a ferekane mane diphaposing tsa ho tjhentjhela. Empa ho bonahala Igesund a fumana seo a se batlang dibapading tsa hae.
Hape o bolela hore ho kwetlisa Sundowns e bile mosebetsi o boima ho feta yohle eo a seng a kile a e etsa.
O re mona o fumane dibapadi tse pele empa tseo ho leng boima ho fumana seo o se batlang ka tsona.
Dibapadi tse ngata ho ba mading ho tsona hore o fumane seo o se lebeletseng ho tsona - empa ha ho ka ba ha ba jwalo ho tsena.
Igesund o bolela hore mokwetlisi o hloka kgwedi ho hlahloba sehlopha. "O tlameha ho ithuta hore diqeto tsa hao di ka o atlehisa kapa tsa o lahlehisa."
Igesund, ke monna eo e reng ha a nehilwe mosebetsi, a o etse. [s]
Gordon Igesund o hapile dikola tse nne tsa bompodi ba Premier Soccer League dilemong tsena tse leshome, e leng se mo behang maemong a ho ba e mong wa bakwetlisi ba ipabotseng nalaneng ya bolo ya maoto Afrika Borwa.
pale ka MARK GLEESON
ditshwantsho ka GALLO IMAGES
O ipabotse
BONA SESOTHO - July 2007
Gordon le Patrice Motsepe ba thabetse kgau ya Sundowns. "Ke na le tsela ya ka ya ho rapela. Ke etsa ba itshepe, ba batle ho bapala, ba batle ho lwana," ho rialo Igesund.
.
