sotho.2719.yourstories_mother_2
Ebe bana ba ka
ba tla nthata?
Basadi ba bangata ba iphumana ba se na boikgethelo empa tlameha ho nyahlatsa bana ba bona matsohong a ba bang ba leloko la habo bona ha ba fumana manyalo a matjha hobane banna ba bona ba sa batle - kapa ba sa tlo dumela ho hodisa bana ba banna ba bang
KA NAKO eo Mavis Sambo (37) a neng a nyalwa ke Vusi dilemong tse robong tse fetileng, o ne a nahana hore o fumane lerato la nnete - a re e tla ba ntate wa bana ba hae ba babedi bao a ba fumaneng lenyalong la hae la pele. Empa dipuisanong tsa mahadi, ha hlakiswa hore bana bona ha ba hlokahale lenyalong leo.
Mavis a tshoha: "Vusi o ne a se na bothata le bana ba ka mme a bile a ba tshwere hantle. Hohang o ne a so ka a ntlhokomedisa hore ha a ba batle." Jwale o re ke ba siye hae kapa ke ba ise ho ntatabona, e le hore ba tle ba ithute maseko a habo bona hantle. Mavis a tlameha ho siya bana ba hae ba banyenyane le mmae.
Dikamano tsa hae le bana bao tsa senyeha. "Ba dilemong tse ka tlase ho tse 20 jwale mme ba ntjhakela hang ka mora nako e telele, ke ba bona hantle hore ba utlwile bohloko ba re ha ke ba tsotelle. Empa ha ho seo nka se etsang. Ke na le tshepo feela ya hore ba tla utlwisisa ha ba se ba hodile," ho bolela yena.
Basadi ba bangata ba iphumana ba se na boikgethelo ba tlameha ho nyahlatsa bana ba bona matsohong a ba leloko la habo bona ha ba fumana manyalo a matjha hobane banna bao ba bona ba sa batle ho ba amohela le bana ba bona kapa bare ba keke ba hodisa bana ba banna ba bang.
Moses Twala wa Kara Heritage Institute, mokgatlo o shebaneng le meetlo ya setho, o re ha se moetlo wa Seafrika o hatellang basadi hore ba nyahlatse bana bathong ba bang ha ba fumana manyalo a matjha.
"Rona jwalo ka Maafrika re dumela ha bana ba fumanetsweng lapeng, e le bana ba lelapa la habo mosadi eo. Empa hangata ha ho hlaha monna ya nyalang mosadi ya nang le bana, o lokela ho amohela le bana bao mme a ba tataise jwalo ka ntata bona," ho bolela Moses.
O dumela ha monna ya ke keng a dumela ho hodisa baba ba mosadi eo a mo nyalang, a ke ke a phela ka kgotso lenyalong la hae.
"Ha monna a hatella mosadi hore a siye bana ba hae le batho ba bang hobane yena a re ha a ba batle, hona ho tla ba qabanya."
"Ho se hodiswe ke mmao hobane a ena le lelapa le letjha leo a sa batleng ho o kenya ka hara lona, ho ka etsa hore ngwana a se ke a itseba hantle. A se ke a tseba hore ke mang," ho bolela Moruti Gracewell Msimango wa Gracewell Ministries mane Vosloorus.
Bomme ba buileng le ba ha BONA ba re boleletse mabaka a mangata a entseng hore ba siye bana ba bona le ba malapa a hoba bona.
Ba bang ba re ba ne ba tshaba hore bana ba bona, haholoholo ba bananyana ba ka nna ba hlekefetswa ka thobalano ke banna bao. Bang ba re ha se sebaka seo bana ba bona ba ka se bitsang lehae hobane thabo ya bona ha se seo ba neng ba ka se netefatsa hobane ka nako e nngwe malapeng ao ha ho kgotso haholoholo ha le ntatae eo le yena a ena le bana ba hae ba ba banyenyane.
Christina Mothlale (34) o ne a siye ngwanahae le mmae ha a ne a nyalwa dilemong tse tsheletseng tse fetileng. Moradiae o ne a ena le dilemo tse robong ka nako eo mme a se a tlwaetse ho dula le yena feela. "Ka nahana hore o tla tetebela moya ha a se a lokela ho dula le ntate," ho bolela Christina. Moradiae o dilemo di 15 jwale mme ba bile ba utlwana haholo.
Ho ya ka moo ngaka ya kelello eo re buileng le yona, Puseletso Dlukulu, ya ikgethang ka ho eletsa ditho tsa malapa , o re malapa a mang a ke a etse qeto e jwalo hobane ba batla moradi wa bona a qale bophelo ba lenyalo hantle ho se letho le mo sitisang haholoholo ha monnae a totobaditse hore ha a batle ho hodisa bana ba mosadi eo.
Empa ha se banna kaofela ba tjena. Lufuno Madonsela (40) o re yena monnae o ne a amohele moradiae ka matsoho a mabedi leha yena a ile a etsa qeto ya hore a mo siye le mmae kaha ba ne ba utlwana haholo.
"Ke mong lapeng leso mme ke ne ke nahana hore ke tla be ke etsetsa mme lonya ha ke nka moradi wa ka a sala a le mong," ho bolela Lufuno.
Tumellano e tjena e ntle ha ngwana a tla hlokomeleha hantle mme a fumane ditlhoko tsohle tsa hae tsa motheo jwalo ka ho ba le lehae, diaparo, dijo le ho kena sekolo. Leha ho le jwalo, Puseletso o ile a hatella hore ngwana o tla nne a hloke lerato la motswadi.
O re bana ba sa fumaneng mofuthu wa lerato la batswadi, ka nako e nngwe ha ba hole ka tshwanelo mme ba dula ba ngongorehile meyeng. Hape ho arohanngwa le mme, ho etsa dintho tse fapaneng bananeng le bashemaneng.
Moshemane a ka nna a ba le mathata a ho theha dikamano tse ntle le basadi kgolong ya hae. Ha banana bona ba le beterenyana hobane ba phakisa ho hola mme ba ikemele, ba thehe le dikamano le motho ya ba hodisang.
"Banana ba atisa ho theha setswalle le bomma bona mme ba shebane le lelapa leo la habo bona le letjha athe bashemane bona ba ikutlwa ba lahlilwe mme ba hlabehe ha bohloko dipelong leha seo ba sa se bontshe," ho bolela Puseletso. [s]
Pale: Kamogelo Sebola
BONA E A FUPUTSA
Serata ngwana ke serata mmae
Ebe bana ba ka ba tla nthata?
O KA NNA WA BA MME WA SEBELE!
Dula o buisana le bona:
Maemo a ka nna a o hanela ho bona bana ba hao letsatsi le letsatsi empa ho dula o buisana le bona ka mohala kapa ka SMS ho ka thusa ho tiisa dikamano tsa lona.
Iphe nako ya ho ba le yena:
Kgetha letsatsi le itseng kapa o iphe nako ya ho bonana le yena mme bobedi le dule le lebelletse nako eo ka tjheseho. Mohlomong le ka keteke mmoho letsatsi la tswalo.
Tseba ka bophelo ba hae ba sekolong:
Dipatlisiso tsa United Nations di bontshitse hore bana ba sa duleng le bomme (kapa bontate) ba bona, ba atisa ho se kgothalle sekolo mme ba bang ba be ba se tswe pele ho nako. Ka hoo, mo kgothatse, o mo tshehetse haholo sekolong hape le hlophise le bokamoso ba hae mmoho.
Ba kenyelletse:
Dula o tsebisa bana hao ka diketsahalo tsohle tsa bophelo ba hao.
Se lebale ho nahanela maikutlo a bona:
Ba hlalosetse lebaka le etsang hore o se dule le bona mme o netefatse hore ba itseba e le batho ba bohlokwa bophelong ba hao.
Tjhelete:
Leka ho ba lefella ditlhoko tsa bona ka tshwanelo mme ha ho kgonela o boele o ba fe e nngwe e lehlakoreng bakeng sa ditlhoko tsa bona.
Christina Mothlale o ne a sihi ngwanahae le mmae ha a ne a nyalwa dilemong tse tsheletseng tse fetileng.
