sotho.2713.natasha
Iron Lady
O SE A LOKETSE 2010
"Re lelapa le utlwanang," ho rialo Natasha, eo e seng e le dilemo tse 30 ba nyalane le Angelo.
Ho FIFA Natasha o sebetsa le dikakapa tse kang George Weah wa Liberia, Michel Platini wa Fora, ha re bala ba mmalwa feela.
BOLO
Natasha Tsichlas o ne a re ho ha se fetang bana ba hae - empa jwale ditloholo di mo hlantsha hlooho...
Bolo ya rona jwale e ntlafetse
NATASHA Tsichlas ke e mong wa batsamaise ba bolo naheng ena. O dutse a bua ka ditloholo tsa hae, Angelo (5) le Anthea (2). "Ke thabela ho dula le bona," o boletse jwalo ka pososelo.
O rata ho lokisetsa bana bana dijo tsa hoseng. Leha a se a ba behetse dijo tafoleng, ha ba je pele dijo tseo di "hlohonolofatswa."
Ba rata ho bapala. Ho boima ho bolela hore ke e fe papadi eo ba e ratang haholo!
"Re lelapa le utlwanang," ho rialo Tsichlas, eo ba seng ba na le dilemo tse 30 ba nyalane le Angelo eo e leng rakgwebo.
Bana le bara ba babedi - Stelics (28) le Stavros (26). Leha Stelics a se a tswile motse, empa o ntse a fapohela lapeng ho tla latswa masutsa a mmae - le ho siya ditloholo tsa hae.
Lelapa lena la ha Tsichlas le ne le qale ho tuma nakong eo le neng le reka sehlopha sa bolo sa Mamelodi Sundowns.
Ha jwale, Natasha o sebetsa ho SAFA, a boele a be dikomiting tse ngata tsa FIFA.
Sena se bolela hore o qeta nako e ngata a le siyo lapeng, ka hoo, ha a le lapeng, o netefatsa hore e ba nyakallo feela.
"Ntho eo ke e ratang haholo, ke ho tola ditloholo tsa ka mme ke di phetele dipale," ho bolela yena.
E nngwe ntho eo a e ratang haholo, ke ho itlhokomela yena ka boyena, o boletse jwalo. "Ke na le tsela eo ke bolokang botle ba ka ka yona mme ke seo ke se kgothaletsang basadi ba bang ba dikgwebong," ho rialo Tsichlas, a bile a bolela ka moo a ratang mekotla le dieta ka teng.
"Ha o a tlameha ho ya salune kamehla."
Ho tjeka ke o mong wa mekgwa ya hae ya ho ipoloka a le motle - "Ke a ho rata" - hape ha a je leha e le eng.
O bolela hore leha basadi ba tlameha ho sapotwa ke banna ba bona, empa le bona ba tlameha ho hlahisa dineo tsa bona.
"Ke na le bonnete ba hore nka be ke se maemong a na haeba Angelo o ne a sa ntshehetse," ho bolela yena. "Banna ba bang ba ikgella tlase ha ba na le basadi ba atlehileng.
"Angelo yena ha a jwalo. Ha o le monna ya itshepang, o ke ke wa tsamaya o tshoha difohle."
Natasha o ne a tume ho Sundowns, mme ba qetella ba mmitsa "The Iron Lady Of Soccer," e leng lebitso la boswaswi le neng le kgothatse tonakgolo ya mehleng ya Brithani, Margaret Thatcher.
Mabapi le 2010, mme enwa o bonahala a na le letshepa. "Bolo ya rona e ntlafetse," ho bolela yena. "Ha ho sa shejwa dihlopha tse tharo tseo ho thweng ke tse kgolo e leng - Kaizer Chiefs, Orlando Pirates le Sundowns. Dihlopha tse 16 kaofela di ba le menyetla ya ho hapa dikgau mme ha ho sa na sehlopha se sa sokoleng."
Bolo ya basadi le yona e ntlafetse. Jwalo ka ha ba tla ba le liki ya bona, Banyana Banyana, e tla tiha le ho feta, ho bolela Tsichlas.
Jwalo ka ha a ithutetse ho ba mosebeletsi wa tsa thekolohelo, o tseba hantle hore dibapadi di hloka ho tshwarwa hantle hore di tle di bapale ka bokgabane.
Dibapadi le batshehetsi ba Sundowns ba a e tseba taba ena. O tsamaya a sasanke diterateng tsa Mamelodi hobane o a tseba hore ha ho mang ya mo hatileng konse.
Ho FIFA, o sebetsa le batho ba pele ba kang Sir Bobby Charlton wa Englane, George Weah wa Liberia, Michel Platini wa Fora mmoho le Sepp Blatter ka sebele.
O boele a sebedisane le ba kwano ba kang Kaizer Motaung, Irvin Khoza le Jomo Sono.
Lerato la hae bolong le ne le qale a le dilemo di tsheletseng feela ha a ne a tsamaya le ntatae ho ya papading ya Olympiakos ya Greece le Corinthians ya Brazil. Papading eo, motho ohle o ne a lla ka Pele eo ke seng ke sebeditse le yena mosebetsing ona wa ka. [s]
Pale: MakatileMedia
