sotho.2708.students
Ba senya tjhelete!
Batswadi ba bangata ba sebetsa bophelo bohle ba bona, ba boloke tjhelete hore ba tsebe ho lefella thuto ya bana ba bona diyunivesithing, empa boholo ba yona e a senngwa, ho lefellwa diaparong tsa feshene hobane bana ba batla ho ba batle metswalleng ya bona... Pale le ditshwantsho ka Brenda Nkuna
BONA SESOTHO November 2008
BONA E A FUPUTSA
BATSWADI ba sebeletsa ho boloka tjhelete hore ba lefella bana ba bona ditjeho tsa thuto e phahameng empa ho bonahala ekare bana ba bangata ha ba tsotelle boinehelo boo ba bona, se bohlokwa ho bona ke ho amoheleha metswalleng.
Matsatsing a kajeno dikolong tsa thuto e phahameng, ha o batla ho ba thatohatsi, o lokela ho tena diaparo tsa feshene. O hopole di theko e hodimo.
Sena ke seo batswadi ba bangata ba sa se tsotelleng. Ba nahana hore sa bohlokwa ke ho lefella dithuto le ho reka dibuka. Barutwana ba shebelwang tlase hobane ba se na diaparo tsa maemo, diselefounu le dintho tsa ho ikgabisa, ba qhekella batswadi ka hore ba haellwa ke tjhelete ya dibuka mme ba reke ka yona dintho tseo tsa masawana.
Batswadi, bao ba bang ba bona ba dulang hole le diyunivesithi, bao ba bang ba bona ba so kang ba beha le maoto a bona moo, ba ntsha tjheletana ya ho qetela hobane ba batla se molemo bakeng sa bokamoso ba bana ba bona.
Yandiswa Ndiwa (22), moithuti wa selemo sa boraro wa psychology mane University Of The Western Cape (UWC), o re yena o lehlohonolo hobane ntatae o fumana moputso o motle, o bile o tseba bohlokwa ba diaparo tse ntle, o a dumela hore bana ba bang ba "hlantshwa ke diaparo tsa feshene," ba batla ho tsejwa ka diaparo tsa kakanyo e pele jwalo ka tsa Carvella, Gucci, Tommy Hilfiger le Polo.
"Ba nahana hore ka ho etsa jwalo, ba tla hlonepheha metswalleng ya bona mme ba tlwaelane le bana ba barui," ho bolela yena. Zinzi Sixaba (20) ya etsang selemo sa bobedi dithutong tsa bohahlaudi o re ba bang bao batswadi ba bona ba se nang tjhelete ya ho reka diaparo tseo kapa ba hanang ho di reka, ba be ba ba tshose ka hore ba tla ipolaya kapa ba ratane le banna ba seng ba hodile hobane ba batla tjhelete, ba re ba a ikgwantlella.
"Ba bang ba batla ho tlohela sekolo haeba ho sa phethwe thato ya bona," ho bolela yena.
Malapa ao e sa leng a boloka tjhelete ka dilemo hore a lefelle thuto e phahameng ya bana ba bona, a se a tlatlapeha jwale.
"O ne o ntlisetsang fatsheng le haeba o se na tjhelete ya ho mphedisa?" ba bua jwalo bana ba so kang ba hola hantle dikelellong. Ba tlasa kgatello ya ho kgahlisa metswalle. "Ha metswalle ya ka e tena di-jean tsa Levis 501, nna jwale?" o re ba bolella jwalo Zinzi.
Le bana ba malapeng a itlhophereng, ba a itebala, ba batle diaparo tsa maemo," ho bolela Rema Lekhehla, moeletsi wa barutwana wa Walter Sisulu University. "Re phela hara setjhaba se ratang dintho tsa maemo, batho ba behwa maemong ho ya ka moaparo wa bona."
Sena se boima haholo batswading haholoholo ba kojwana di mahetleng. Hona ho ba tlamella ho etsa dikoloto mme lelapa kaofela le sale le itlhophere.
Ho lefa tjhelete feela eo o sa e tsebeng hore ke ya eng, ho ka nna ha bolela hore o lefella le meketjana le majwala ho ya ka moo a bolelang ka teng mme Mpisi Mfete (65), ya itshwaretseng lelapa la hae ka meno, eo moradi wa hae (21) a leng yunivesithing.
"Ke amohela pei, moradi o ne a hlola a mpatlile tjhelete ya dibuka, ka qetelle ke hatelletse hore a mpontshe dintho tse ding tsa hae tsa bohlokwa!"
A hana hehehe mme ha mme Mpisi a mo botsa ka diaparo tse ntjha tsa hae, a re o ne a ipolokela tjhelete ya ho di reka. Ka qetella ke fumane motswadi e mong eo ngwanahae a etsang dithuto tse tshwanang le tsa hae. Ke ne ke thetswa." Batswadi ba bang ba tshepang bana ba bona ditabeng tsa thuto, o ba eletsa ka hore ba ele hloko.
Ho a makatsa hore ditsebi tse ding tsa kelello di re ho ka nna haeba bohlokwa ho neha ngwana tjhelete leha a ilo e senya hobane ha a ka ikgella tlase, e ba mokgelo ho ba bang mme le matshwao a hae a theohe dithutong.
Ebe ke tsona! Matswao a ka ba matle jwang ho phethwa nako yohle ya phomolo metjaneng le majwaleng!
Re reng ka maikutlo a tsetsitseng le ho tseba seo o se batlang bophelong? Meharo, ho qetella ho fetotse bana dinokwane, ebe setjhaba sa kamoso se se nang boikarabello. Ditsebi tse ding tsa dikelello jwalo ka Khetani Msimeki wa Yunivesithi ya Limpopo o re ho theoha ha matshwao dithutong ho ka bakelwa ke mathata a mang a tebileng ho feta ho hloka diphahlo.
Ho batla ho ratwa, ho kenya barutwana ba bang tlasa kgatello empa ho itsheolla metswalleng, ho tetebetsa maikutlo mme ho bake mathata a maholo bathong.
"Ho bohlokwa ho ruta bana ho tseba hantle seo ba batlang le ka moo ba ka se fihlelang ka teng, e sa le nako." O re morutwana ya tsebang hantle hore ha a kgellwe fatshe ke batswadi le matitjhere a ka kgona ho iphapanyetsa kgatello ya diaparo tsa feshene. [s]
West Cape News
Barutwana, Yanga Tunzi, Yonela Ntlahla le Tshidi Selela - ba lokela ho ba fesheneng le bona hore ba hohele metswalle e mengata.
"Ba tshosa batswadi ka hore ba tla nyahlatsa dithuto"
Ho ba le diaparo tsa kakanyo e pele ho ka o thusa hore o pase hantle sekolong?
Phindile Gxumisa o re ho tena diaparo tsa kakanyo e pele ke ntho ya bohlokwa dikolong tsa thuto e phahameng.
BONA SESOTHO November 2008
