sotho.2703.celebs
Kaofela ha rona re ba dihlong ha re bontshwa difoto tsa bonyaneng ba rona. "Ekaba ke nna eo?" ke yona potso ya rona eo ha re bona diaparo le ditaele tsa meriri tsa ka nako eo tse phakisitseng ho tswa fesheneng... le ka moo di seng di sa tlala ka teng. Ho lokile, a ko nahane o le motho ya tummeng, ho hlahiswe difoto tseo tsa hao tsa pele o ba naledi. A ka bone difoto tsena - o be o shebe le tlhahiso leseding eo re o fileng yona - sheba hore na o ne o ka bona hore na ke bo mang bao...
O ke se ba tshwantshe...
Ke bomang?
Ke e mong wa dibini tsa banna tse neng di rekise haholo dilemong tsa bo 1990.
Naledi ena e kgethetswe dikgau tsa Oscar ka mmino wa yona.
O ne a ikahele lebitso nakong eo a bapalang karolo ya ngaka ho e nngwe ya dipale tse pele Afrika Borwa.
Monna enwa o ikahetse lebitso ka ho bapala dikarolo tsa nnete dipale jwalo ka ya Steve Biko.
Monna enwa ya shebahalang a le bodutunyana, o tla thabisa basadi ka lentswe lena la hae le monate...
Nkgolwe, rapper ena e ne e rate Snoopy e sa le ngwana.
Phetla o bale hore na mang ke mang
BONA SESOTHO - July 2007
O kile a ba ditabeng ka ho ba le bukana ya ho eta ya mokokotelo ya Afrika Borwa.
O nkwa jwalo ka e mong wa dibini tse pele, empa o kile a hlahella ditabeng ka diketso tse mpe.
Ditshwantsho tsohle leqepheng lena SCOOP SYNDICATION
O ne a iketsetse lefa ka katleho ya hae a bile a rekisa le dieta...
Lebitso la hae la nnete ke Anna Mae Bullock, empa jwale o se a tumme ka lena le ka tlase...
Ke...
ANGELA BASSETT
(O hlahile ka Phato 16, 1958)
Bassett e ne e le makgwebo ho tloha bonyaneng ba hae, a hlophisetsa mmae le borakgadiae dipontsho.
Ka mora ho tsebisahala ho di-movie tse kang Boyz N The Hood le Malcolm X, o ne a hlole dibapadi tse kang Robin Givens le Halle Berry a fumana karolo ya Tina Turner ho What's Love Got To Do With It. Karolo eo e ne e etse hore a kgethelwe ho kenela dikgau tsa Oscar.
Tse ding tsa dikarolo tseo a kileng a di bapala ke ya Bernadine ho Waiting To Exhale, ya neng a eke monnahae ka ho tjhesa koloi le diaparo mme a rekisa tsohle tseo a neng a na le tsona ka dollara e le nngwe feela. Ho How Stella Got Her Groove Back, Bassett o ne a eke mosadi ya dilemo di 40 kaofela ya neng a ratana le monna wa Jamaica ya neng a le monyane ho yena.
NA O NE O TSEBA? Hore Bassett ke MoKreste ya inehetseng ya kerekang kerekeng ya LA's West Angeles Church Of God In Christ mmoho le Denzel Washington. Jwalo ka MoKreste, o kile a re "ke a ithata jwalo ka motho e motsho. Ke a ithata."
...dinaledi tsa kajeno
Ke...
BILL COSBY
(O hlahile ka Phupu 12, 1937)
William Henry Cosby Jr. ke mokaubere o neng o tlile o ipabotse jwalo ka naledi ya TV pele Maafrika Borwa a mo tseba jwalo ka Heathcliff Huxtable ho The Cosby Show bohareng ba dilemo tsa bo 1980.
Ka pale ena ya Cosby o ne a etsa thapedi ho babohi hore e be setjhaba se ngatananngwe, ho se be teng ba tla kgesana.
NA O NE O TSEBA? Cosby o ne a nyatswe haholo ka lebaka la ho bolela hore Maamerika a batho ba batsho ao e leng mehlala a nka dipapadi, feshene, ho bapala dipale e le dintho tse bohlokwa ho feta thuto, ho itlhompha le ho intlafatsa.
Ke...
SNOOP DOGG
(O hlahile ka Mphalane 20, 1971)
Rapper, mohlahise le sebapadi, ke bua ka Calvin Cordozar Broadus ya neng a tume ka la "Snoopy" ho tloha bongwaneng ba hae hobane feela a ne a rata di-cartoon tsa Charlie Brown. O ne a ipitse Snoop Doggy Dogg nakong eo a neng a qala ho hatisa mme ya re ka 1996, a ipitsa Snoop Dogg.
O holetse Long Beach, California, e ne e le setho sa lequlwana le bitswang Crips mme ho ne ho fele dilemo tse tharo ka mora ho qeta dithuto tsa hae sekolong se phahameng a tswa a kena tjhankaneng. Lerato la hae la mmino le ne le tote mme a sebedisana le Dr Dre.
Leha dilemong tsena a ne a se a bonahala a se a ikgula maqulwaneng, a tswelapele le mmino, empa ka Mmesa o ahloletswe dilemo tse hlano tjhankaneng ka lebaka la ho tshwara sethunya bohlaswa le dithethefatsi.
NA O NE O TSEBA? Ha a ne a lokollwa ka Pudungwana 1993, Snoop's Doggystyle e ne e be albamo ya hae ya pele ho behwa boemong ba pele.
Ke...
WHITNEY HOUSTON
(O hlahile ka Phato 9, 1963)
Houston e ne e be sebini sa pele Amerika ho ba le dialbamo tse supileng tsa mosollane ho behwa maemong a pele ka tatelano le ka pina ya Dolly Parton ya 1992, I Will Always Love You.
Ka 2006, a theoha maemong ha ho phatlalatswa ditshwantsho tsa kamore ya hae ya ho hlapela moo ho neng ho bonahala ho tletse masalla a dijo, maphaka a dibiri mmoho le dipeipi le dikgaba tse neng di kgwakgwathetse cocaine.
Ditshwantsho tseo di ne di tsamaisana le ditlaleho tsa hore Houston o ne a qeta nako e telele a ikwaletse kamoreng eo ya ho hlapela, a tsuba a ikgotsofatsa thobalanong ka dietswa tsa maiketsetso, fatshe hohle ho tletse masalla a dijo, a se na taba le taba ya makgethe.
NA O NE O TSEBA? Ho na le menyenyetsi ya hore Houston o boya sekwele mminong mme ha jwale o sebetsana le albamo ya hae e ntjha.
Ke...
R KELLY
(O hlahile ka Pherekgong 8, 1967)
O se a hapile dikgau tse ngata tsa Grammy ka ho ba sebini se pele sa monna sa R&B le sengodi sa dipina mme Robert Sylvester Kelly ke e mong wa dibini tsa banna ho rekisa haholo dilemong tsa bo 1990 ka ditlabolane tse kang Bump N' Grind, I Believe I Can Fly le I'm Your Angel (le moo a binang mmoho le Céline Dion).
NA O NE O TSEBA? Kelly o ne a hatise Rise Up ho hlompha mahlatsipa a koduwa ya Virginia Tech. Pina eo e ne e phatlalatswe semmuso mohla Motsheanong 15, 2007 ho Internet mme tjhelete e neng e bokeletswe moo, e ne e nehelwe ho thusa ditho tsa malapa a mahlatsipa a koduwa eo.
Ke...
WESLEY SNIPES
(O hlahile ka Phupu 31, 1962)
Ke setsebi se seholo sa dipapadi tse ngata mme Snipes o ne a bapala karolo tse pele difiliming tse kang Passenger 57, Drop Zone, Money Train le US Marshalls, ha re bala tse mmalwa.
Ho Blade o bapala karolo ya setsomi.
Ka 2005, o ne a tshwarwe Boemafofaneng ba Matjhaba ba Johannesburg hobane a ne a tshwere bukana ya ho eta ya mokokotelo. Hobane o ne a na le bukana ya mannete ya ho eta ya Amerika, ba ne ba mo dumelle hore a boele naheng ya habo, empa mmuso wa Afrika Borwa wa mo kgutsufaletsa ketelo ya hae naheng ena. Ho fihlela kajeno, ha ho so be le dintlha tse hlalosang hore hobaneng a ne a na le bukana ya mokokotelo ya Afrika Borwa.
NA O NE O TSEBA? Hore difiliming tse ngata, ntle le ho bapala karolo ya banna
ba pele, Snipes o kile a bapala karolo ya mofumahadi (mmoho le Patrick Swayze le John Leguizamo) ka 1995 ho To Wong Foo, Thanks for Everything! Julie Newmar.
...dinaledi tsa kajeno
Ke...
MICHAEL JORDAN
(O hlahile ka Hlakola 17, 1963)
Ho bolelwa ha e ne e le sebapadi se pele sa basketball ka nako ya hae mme hape Jordan ho bolelwa ha e kile ya eba ramabelo ya hlwahlwa. Letshwao la dihlahiswa tsa hae jwalo ka dieta tsa hae, ho nahanelwa ha di entse tjhelete e ballwang makgolong a dimilione tsa didollara.
Moo dipapading, o kile a etsa pale ka hore a etse tumellano ya moputso a neng o feta $30 million ka selemo.
NA O NE O TSEBA? Bokgoni ba Jordan ba ho tlolatlola bo ne bo mo fumantshe theneketso ya "Air Jordan."
Ke...
LIONEL RICHIE
(O hlahile ka Phutjane 20, 1949)
E ne e le sephoko sehlopheng sa The Commodores. Ka mora ho tlohela sehlopheng sena ka 1981, e ne e be sebini se pele dilemong tsa bo 1980.
Hara ditlabolane tsa hae re ka bala Truly, Say You, Say Me, Dancing On The Ceiling, Se La le tse ding tse ngata.
NA O NE O TSEBA? Ho fihlela kajeno, o se a bokeleditse tjhelete e fetang $3.1 million bakeng sa dipatlisiso ka kankere ya letswele. Nkgonwae o ne a be le yona a le dilemo di 80, empa a phela ho fihlela a kopanya 104 ya dilemo mme ka lebaka leo, a rera ho beha letsoho mohomeng twantshong ya bohloko bona.
Ke...
TINA TURNER
(O hlahile ka Pudungwana 26, 1939)
Mmino wa hae ha o hloke ho hlaloswa.
O tsebitsahala
jwalo ka "Mofumahadi wa Rock & Roll" mme hara ditlabolane tsa hae re ka bala Private Dancer, What's Love Got To Do With It, It's Only Love (moo a binang le Bryan Adams) le We Don't Need Another Hero.
O ne a behe meja fatshe bohahlauding ka 2000, empa o ne a tswelapele le ho hlahella setjhabeng. Morao tjena, o sa tswa hlahella konsareteng ya pokeletso ya ditjhelete bakeng sa mokgatlo wa bana mane London.
NA O NE O TSEBA? Ka 1986, Tina Turner o ne a bine ka pela letshwele le so kang le bonwa le shebella sebini se le seng - e ne e le batho ba ka bang 184 000 mane lebaleng la dipapadi la Maracana, Rio de Janeiro, Brazil.
Ke...
DENZEL WASHINGTON
(O hlahile ka Tshitwe 28, 1954)
Mohlodi enwa wa kgau ya Oscar makgetlo a mabedi o ne a boye sekwele ho tla ipabola paleng ya TV, St. Elsewhere ho tloha ka 1982 ho ya ho 1987.
Ka 1987, ka mora ho hlahella thelevesheneng le kalaneng, o ne a bapale karolo ya Steve Biko ho Richard Attenborough's Cry Freedom.
Morao tjena Washington o hlahella letotong la dibapadi tse neng di bapala difiliming tse kang Man On Fire, The Manchurian Candidate le Inside Man, eo Spike Lee a neng a e laola mmoho le Jodie Foster le Clive Owen.
NA O NE O TSEBA? Sesole sa mangangele a Colombia a ne a bolele hore Washington ke e mong wa balaodi ba bararo mmoho le (Oliver Stone le Michael Moore) bao ba neng ba batla ho buisana le bona ka diteko tsa ho lokolla Maamerika a mararo ao e sa leng a kwallwa ho tloha ka 2003. [s]
