sotho.269.purity
Sis Purity, setho sa Ditsebi tsa Phepo ya Masea sa ha Purity o araba dipotso tsa hao mabapi le phepo ya lesea la hao
Sis Purity o re...
leqephe la papatso
Potso 1:
Lesea la ka le dikgwedi di 6 le a nyanya. Ke le fepa motoho, mooki o re ke le fepe dijo tse nang le iron e ngata. Ke dife tseo"
- Z Basetsana, Vereeniging
Karabo:
Letswele le na le iron e lekaneng bakeng sa lesea ho fihlela dikgweding tseo empa mooki o batla ho netefatsa hore le tla dula le shahlile le ka mora moo, ha letswele le se le hloka ho tlatseletswa ka dijo tse ding. O batla ho le kgwesa jwale mme o le fepa motoho. Ho bohlokwa ho re lesea le dikgweding tseo, le je metoho ya masea, hobane a na le iron e ekeditsweng. Iron e bohlokwa kgolong ya boko ba lesea.
Purity e na le lethathama la dijo tsa masea tse kang Cream of Maize kapa Mabele Baby's Soft Porridges tse nang le iron e ekeditsweng ho hodisa boko ba masea.
Vitamins C le A tse ekeditsweng metohong ena, di thusa mmele hore o kgone ho monya iron ka nako eo di o ekeletsang zinc le selenium tse matlafatsang masole.
Erekaha masea a hola ka pele, a hloka iron e ngata ho feta batho ba baholo. Lesea la hao le hloka dijo tse nang le mefuta e fapaneng ya phepo, le nama ya kgoho mmoho le sopho ya minced meat di ka boela tsa thusa ho le matlafatsa mmele ha di tswakilwe le papa ya phofo ya poone hobane nama le yona e na le iron e ngata.
Potso 2:
Thabiso wa ka ya dikgwedi di 7, ha a rate dijo tse thata, o ithatela ho nwa lebese feela. Ke se ke lekile mefuta e fapaneng ya metoho, wa phofo ya poone ha a batle le ho o bona hape o a sokelwa. Nka etsa jwang"
- A Hlomuka, Vryheid
Karabo:
Masea a mang ha a thabele dijo tse se nang tswekere hobane a tlwaetse letswele kapa lebese la masea.
Mo qale ka Mabele kapa Cream of Maize ya ha Purity - ka ha ke tse ikgethang bakeng sa masea ebile di thumiseha ka bonolo. Ha Thabiso a sa di thabele, tswaka le lebese la masea kapa la letswele - o sa le monyenyane bakeng sa la kgomo.
Ho na le mefuta e meng ya metoho ya ha Purity e fumaneng mabenkeleng eo Thabiso a ka e ratang.
Ha a ntse a sokelwa, mo fepe meroho le ditholwana tse sokilweng (kapa dijo tsa Purity tse nang le mofuta o le mong feela wa tholwana, ke hore Stage 1). (Hopola ho boloka dijo tsa Purity tse butsweng ka sehatsetsing hape di fele dihoreng tse 48 - se kenye kgabana eo lesea le neng le eja ka yona ka botlolong eo hobane e na le mathe, a tla hlapolla dijo tseo.)
DIhlahiswa TSA ha Purity KAOFELA HA DI NA METSWAKO YA DIFETOLAMMALA, KAPA YONA YA HO TJHENTJHA TATSO YA DIJO
Neha Lesea la
hao Qalo e Ntle!
QALA letsatsi ka leng ka ho fepa lesea la hao dijo tsa hoseng tse monate tsa Purity. Kgetha hara lethathama la Purity la Baby's Soft Porridges, leo kaofela le nang le phepo, le kgorisang, hape le na le divitamin tse ekeditsweng mmoho le selenium, zinc le iron. Kgetha hara Purity Cream of Maize (Original, Strawberry kapa Banana) kapa Purity Mabele (Original, Mixed Fruit kapa Vanilla.) Calcium e ekeditsweng e thusa kgolong ya masapo le meno a lesea ha vitamins B1, B2, B3 le B6 di hodisa boko. Di thumiseha ka bonolo, ho tloha tholwaneng ka nngwe ya Purity Baby's Soft Porridge, tseo kaofela di kgotsofatsang lesea la hao.[s]
Sheba
Dipakana
tsa rona
tse ntjha
