sotho.266.countdown
Re qala ho bala!
Metsotso e a theoha jwale, nako e lekana motinyane pele ho letsatsi leo bohle re le shebileng ka mahlo a matala. E ba le rona tseleng e lebang ho 2010, ha re hlahloba nalane ya tonamente ena ya lefatshe, re sheba maima le manolo, bahale le dinokwane, dihlopha le dibapadi tseo o ka di lebellang ka 2010 mme mahlo ohle a shebile Afrika Borwa...
BONA SESOTHO - January 2008
KE NALANE!
Lenane la dihlopha tse kenetseng Mohope wa 2010 di feta lenane la tsa 2002 tse neng di ballwa ho 199.
LETSATSI la ho qetela la ho ingodisetsa Mohope wa Lefatshe wa 2010, e ne e le mohla 15 Hlakubele 2007. Letsatsing lena, dihlopha tse 204 ho tse 208 tseo e leng ditho tsa FIFA, di ne di ingodise mme Bhutan, Brunei, Laos le Philippines ha di a ka tsa ingodisa, empa Bhutan e ne e amohelwe ka mora ho ntshuwa ha Papua New Guinea.
Seo e ne e mpa e le selelekela feela. Bohato bo latelang, ke ba dipapadi tsa tlhekelo dikontinenteng tsena tsa FIFA, Afrika, Asia, Amerika Leboya le Bohareng le Caribbean, Amerika Borwa, Oceania le Yuropa.
Hore na kontinente ka nngwe e tla ba le dinaha tse kae, eo taba e laolwa ke boiphihlelo ba kontinente eo bolong. Ke naha eo ho bapallwang ho yona feela e kenang mahala tlhodisanong ena.
Jwalo ka ha o bona, dipapadi tsena tsa ho qala, di fokoditse dihlopha tse itseng kontinenteng ka nngwe. Mohla la 25 Pudungwana 2007, ho ne ho phatlalatswe dihlopha kapa dinaha tse kenetseng mohope ona. Lothong eo, re ka bala dinaha tse 156 ho tse 204 tse neng di ingodiseditse mme tsona di arotswe jwana...
UEFA: Ke dinaha tse 53; CAF: tse 48; AFC: 20; mme CONCACAF: 35.
Ha ho lotho e tla etswa dihlopheng tsa CONMEBOL, jwalo kaha kaofela jwalo ka ha di le leshome di tla bapala sehlotshwaneng se le seng ka mokgwa o tshwanang le wa selemo sa 2006.
Lenane la dipapadi le a fapana ho ya ka dikontinente, empa di tlameha ho fela ka nako e tshwanang e leng pakeng tsa Loetse le Pudungwana 2009.
Bakeng sa dinaha tsena tse 32, tse hlokahalang bakeng sa Mohope wa Lefatshe wa 2010, sheba dintlha mmapeng o ka tlase...
Amerika Leboya, Bohareng le Caribbean (CONCACAF)
Dihlopha tse 35 di tla be di itseka ho ba tse ding tsa tse 3/4 mme ho be le papadi ya mantshano (playoff) kgahlano le Amerika Borwa e tla hlakisa lenane la dihlopha tse tla kena mohopeng ona
Dipapadi tsa pele (tse tla bapalwa karolong ya pele ya 2008) di tla fokotsa lenane la dihlopha tsena, e le theolele ho 24 le ho 12. Dihlopha tsena di tla arolwa ka bone ho bapalwe seka makgaolakgang mme tse pedi tse tswileng pele sehlotshwaneng ka seng, di tswelapele ho ya theha sehlotshwana sa dihlopha tse tsheletseng ka 2009.
BONA SESOTHO - January 2008
Amerika Borwa (CONMEBOL)
Dihlopha tse leshome di tla
tseka ho kena
ho tse nne kapa
tse hlano tse hlokehang mme
ho be le papadi ya mantshano (playoff) kgahlano le naha e tswang ho CONCACAF ho hlakisa lenane
CONMEBOL e sebedisa mokgwa o bobebe - dihlopha tsena tse 10 di bapala habedi dihlotshwaneng tsa tsona mme tse nne tse hodimo, di se di kene mohopeng, naha ya bohlano yona e tla bapala ya mantshano (playoff) le naha
e boneng ho CONCACAF.
Yuropa (UEFA)
Dihlopha tse 53 di tla lwanela ho kena ho tse 13 tse hlokahalang
Dihlopha tsena di arolwa dihlotshwana tse robedi tse nang le dihlopha tse tsheletseng sehlotshwaneng ka seng mme sehlotshwana sa ho qetela sona se na le dinaha tse hlano mme dipapadi tseo di tla qala ka Loetse 2008.
Afrika (CAF)
Dihlopha tse 53 di ne di itseka ho ba ho tse tsheletseng tse tla kena mohopeng ona ho balellwa le Afrika Borwa eo ho bapallwang ho yona.
Dihlopha tsa Afrika tsona tse tlasa mokgatlo wa CAF di qadile dipapadi tsa tlhekelo ka Mphalane le Pudungwana ngwahola mme jwale ha sala dihlopha tse 48 pele ho lotho e neng e tshwaretswe Thekong.
Jwalo ka ha Afrika Borwa ho bapallwa habo yona, yona e se e ntse e kene dipapading tsena, empa o se makale ha o e bona e bapala dipapading tseo tsa tlhekelo hobane e tla be e itokiseletsa Mohope wa Afrika wa 2010.
Asia (AFC)
Dihlopha tse 43 di tla qothisana lehlokwa ho ka fumana dihlopha tse 4/5 tse tla ya mohopeng ona, ho tla bapalwa papadi e le nngwe ya mantshano (playoff) ho hlakisa
lenane la dihlopha tse tla
ya Mohopeng ona wa Lefatshe
Mekgahlelo e mmedi e seng e bapadilwe e kgonne ho theolela lenane la dihlopha ho tse 20. Dintho di a thatafala. Dihlopha tsena tse 20, di arotswe ka bone ho etsa dihlotshwana tse hlano moo sehlopha se tswileng boemong ba pele le bobeding sehlotshwaneng ka seng, di tla boela di bapala mokgahlelong o mong hape wa dintlha. Dihlopha tse tswileng borarong mokgahlelong wa tsane tse 20, di tla bapala di le notsi ho mantshano ho sale sehlopha se tla ya bapala ho mantshano (playoff) kgahlano le sehlopha se tswang Oceania. Dipapadi tsena tsa dintlha di tla bapalwa ho tloha ka Loetse 2008 ho ya ho Mphalane 2009, ha tsa mantshano (playoff) di tla bapalwa ka Pudungwana 2009.
Melao mokgahlelong wa dihlotshwana
Melao e fetohile ho tloha ka 2006.
Tonamenteng tsohle tse bapalwang ka mokgwa wa dihlotshwana, ka tlholo sehlopha se fumana dintlha tse tharo, e le nngwe ka ho bapala ka ho lekana le lefeela ka ho hlolwa.
Ha ho etsahetse ha fela mokgahlelo oo dihlopha di tshwarane ka dintlha, ho qala ho lekolwe phapang pakeng tsa dintlha tseo sehlopha di se hlabileng le tse keneng kgahlano le sona, kapa ho shejwe hore ke sefe dihlopheng tseo se hlabileng dintlha tse ngata ho feta tonamenteng ka kakaretso.
Haeba ho se phapang, ho lekolwa tsona dihlopha tseo tse amehang:
ho shejwa sehlopha se ileng sa fumana dintlha tse ngata ha di ne di bapala;
phapang ya dintlha pakeng tsa dihlopha tseo;
dintlha tsa tsona ha di ne di bapala.
Haeba ho ntse ho se phapang, di tla boela lebaleng papading ya mantshano (play-off) (e nang le nako e ekeditsweng le dipenene) mme FIFA e tla e shebela sebaka hona matsatsing ao a tonamente.
Haeba ho sa etswe jwalo, ho tla etswa lotho.
Sehlopha se tla hapa lotho, ke sona se tswelang pele! Haeba melao ena e ne e sebediswe ka 2006, Nigeria ekabe e le yona e neng e tswelepele, e seng Angola.
BONA SESOTHO - January 2008
Ho hlokahala dihlopha tse 32!
Ka 1930, ho ne ho se dipapadi tsa tlhekelo, ho ne ho mengwa feela, mme ho ne ho arabele dinaha tse 13 feela selemong seo. Ho tloha selemong seo, lenane la dihlopha tse kenelang, le ne le nyolohe - ho tloha ho 16 pakeng tsa 1934 le 1978, ho ya ho tse 24 pakeng tsa 1982 le 1994, ho ya ho tse 32 ho tloha ka 1998.
Dipapadi tsa tlhekelo di tshwarwa ka mokgwa o tshwanang, dinaha di arolwa ka ho ya ka dikontinente mme ho a tsebisahala hore ho hlokahala dihlopha tse kae kontinenteng ka nngwe.
Ho ne ho tlwaelehile ho ba le dikgeo tse pedi "tse beheletsweng ka thoko" - bakeng sa naha eo ho bapallwang ho yona, le eo e neng e le mpodi. E ne e le lekgetlo la pele hore bao e neng e le bompodi, e leng Brazil e neng e qete e le boemong ba pele sehlotshwaneng sa yona hore e se kengwe feela tonamenteng ena. [s]
Oceania (OFC)
Dinaha tse 10 di itseka ho ba naha eo e hlokahalang mohopeng wa lefatshe mme e bapale ho ya mantshano (playoff) kgahlano le Asia
Dipapadi tsa tlhekelo di ne di qale tonamenteng ya South Pacific Games ka Phato 2007. Dihlopha tse tharo tsa pele - New Caledonia, Fiji, le Vanuatu - di tla kopana le New Zealand di bapale papadi tse pedi mokga-hlelong wa dihlo-tshwana. Sehlopha se tla tswa pele se tla bapala le sa Asia, ha se tsweleletse, se kena Mohopeng.
