sotho.2663.vuvuzela
Modumo o mokgelo
Pele-ya-pele ka vuvuzela!
pale ka TEDDY GOMBA
O RATA o sa rate, di-vuvuzela ke karolo ya bolo Afrika Borwa jwalo ka dikarete tse kgubedu le ho rahwa ha dipenene. Ho na le ba bolelang hore tsena tse bolelele ba mitara tse mebalabala ha se karolo ya moetlo wa rona.
Re a di sebedisa, di tshwana le manaka a neng a letswa kgale ha ho ne ho na le dikopano metseng le metsaneng.
Leha ho ka thweng, melodi ya di-vuvuzela tsena ke e ikgethang, na e be e le yona eka etswa seletsa sa mmino"
Ho lokile, sena se ka etsahala haeba morero wa Vuvuzela Orchestra o ka atleha.
Sehlopha sa orchestra se ditho di 60, se ile sa thoholetsa dibapadi papading ya setswalle ya Bafana Bafana le Amerika mane Ellis Park ba feleheditswe ke batshehetsi ba mahlahahlaha ba Bloemfontein Celtic ba 2 000.
Vuvuzela Orchestra ke monahano o motle wa Kideo's Pedro Espi-Sanchis.
"Ke ile ka nahana feela hore ho tla ba jwang ha ditiletile di kopana kwano ka 2010 empa ho se mmino," ke yena eo a bolella BONA. "Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tsa mmino lefatsheng ka bophara."
Empa di-vuvuzela"
Moqolotsi ya tummeng wa ditaba eo e leng molatedi e moholo wa bolo, Jon Qwelane, o boletse ha yena a se a shebella bolo lapeng mme a kwale lerata la theleveshene hobane a tenwa ke lerata la di-vuvuzela.
Empa he ha ho makatse ho utlwa ba kang Pedro ba sa dumellane le yena. "Bongata bo nahana hore di-vuvuzela empa e le lerata feela, empa ha o ka di ntsha ka lebaleng, papadi e ba bosula," ke yena eo.
"E se e ntse e le letshwao la rona."
Bakeng sa orchestra, o entse di-vuvuzela tse tsheletseng tsa mefutafuta.
E nngwe le e nngwe e na le mmala le molodi wa yona o mokgelo o kang wa brass esitana le wa diletsa tsa Afrika.
Mantswe a batho ona a tla tlatseletsa feela mminong oo.
Dinoto tsa mmino ona di nkilwe meloding ya Seafrika e kang Tshikona le Dinaka, ya Limpopo mmoho le Dithlaka, ya Botswana.
Pedro o tshepa hore Vuvuzela Orchestra e tla bapala karolo e kgolo ka 2010, jwalo ka ha a tshepa hore bongata bo tla ikamahanya le yona. Ho bobebe ho letsa orchestra ena, o sheba seiponeng sa theleveshene se moo lebaleng, ha ho hlaha mmala wa vuvuzela ya hao, o a e butswela, ho bolela Pedro.
"Re e re utlwe papading tsa bolo dinaheng tsa Afrika tse kang Nigeria, Cameroon le Senegal, balatedi ba bapala dikupu tse ntshang mmino o monate," ke yena hape.
"Vuvuzela Orchestra e tla natefisa dipapading tsa Bafana Bafana le Mohopeng wa Lefatshe.
Ena e ka nna ya eba tsela e ikgethang eo Afrika Borwa e behang letsoho mohomeng ka yona mmino wa papadi ya bolo." [s]
BONA SESOTHO - March 2008
Na e be di-vuvuzela di tla etsa Afrika Borwa e ikgethe bolong" A ko nahane ha orchestra e tswakilwe le modumo wa manaka ana a polasitiki" Ikutlwele...
KA HODIMO: Ke seo he sehlopha sa orchestra.
KA HO LE LETSHEHADI: Pedro Espi-Sanchis le ditho tsa orchestra.
