sotho.2661.yourlifeguide_legal
TJHE!
TSEBA DITOKELO TSA HAO
Kgweding ena: o ka etsa jwang ha o ka qobellwa ho lefella motho e mong molato wa hae (le hore hobaneng o tlameha ho bala pele o saena)
NTHUSENG! KE MATHATENG A DITJHELETE!
Motswalle wa ka o ne a rata ho reka koloi, empa a sa kgone ka lebaka la lebitso la hae le lebe dikolotong. Ka lebaka leo, o ne a kope thuso ho nna hore ke be moemedi wa hae. Ke ne ke mo saenele ditokomane tsohle tsa ba neng ba mo adima tjhelete. Ha nka ba ka badisisa hantle hobane di ne di le ngata ditokomane tseo, le mongolo le ona o le mosesane haholo.
Ka mora nakwana, motswalle wa ka o ne a fellwe ke mosebetsi mme jwale koloi ya jewa.
Khampane e neng e mo adimme tjhelete, jwale e batla hore ke mo lefelle tjhelete e setseng hobane ke nna ya neng a saene hore ke tla ba "moemedi" wa hae. Jwale ke ipona ke tlameha ho lefella koloi eo nna kapa yena motswalle a se nang yona.
Khampane ena e mpolelletse hore e ka amohela tefello ya R1 900 ka kgwedi - mmoho le tswala. Empa bothata ba ka ke hore ha ke kgone ho lefa tjhelete ena! Nthuseng hle!
KELETSO YA SCORPION
Tokomane eo o neng o e saene e bitswa "deed of suretyship." Ho e saena ha hao, ho bolela hore wena o ba "moemedi" wa motswalle wa hao, ha yena a hloleha ho lefa, molato o wela ka ho wena.
E na ke e nngwe ya ditsela tseo dikhampane di itshireletsang ka tsona ha di adima motho tjhelete.
Haeba monga sekoloto (motswallao) a se a hloleha ho lefa, ya dumetseng ho ba moemedi wa hae (wena ka bomadimabe) sekoloto se wela ka ho yena
Re o eletse ho latela mehato e latelang:
1 TSEBA SEO O TLAMEHANG HO SE LEFA
Kopa hore ba o romelle dintlha tsohle tsa hore ba e badile jwang tjhelete eo ba e tsekang ho wena. (Molao o a o dumella hore o etse sena.)
2 BUA LE BONA
Ba hlalosetse mathata a hao mme o ba kope ho fokotsa tjhelete eo o tlamehang ho ba lefa yona ka kgwedi ho dumellana le maemo a hao.
3 E NNGWE TSELA
Haeba khampane ena e hana, ho molemo o ye ho moeletsi wa dikoloto (debt counsellor) ya ingodisitseng ya tla fuputsa maemo a hao a ditjhelete mme a o ralle lenaneo leo o ka lefang dikoloto tsa hao ka lona. Haeba o na le bothata ba ho fumana moeletsi wa dikoloto, o ka ikopanya le kantoro e haufi ya ha Scorpion Legal Protection ho o thusa. [s]
KELETSO YA MOLAO
Jwalo ka ha o se o iponela le wena, keletso eo re ka o nehang yona ha jwale, ke hore o re "TJHE" ha ho le teng ya kopang hore le "kopanele" sekoloto! Menyetla ya ho kena mathateng e meholo - ho hana ho etsa sena, ha ho qete setswalle sa lona.
HLOKOMELA!
Hlokomela ho saena ditokomane tse o etsang hore o emele motho sekolotong kapa o be le seabo sekolotong.
O tla iphumana o le ka mosing ha monga sekoloto a ka hloleha ho lefa.
Mohlala: ha o le moemedi, o tla lefa haeba monga sekoloto a hloleha, empa ha o le karolo ya sekoloto, o ba monga sekoloto, mme o tlameha ho lefa di tloha feela, ho tshwana leha le wena o adimme tjhelete!
HAPE: Jwalo ka tumellanong, tokomane e tlameha ho fella pele o e saena. Ha ho a tlameha ho ba le dikgeo, haholoholo dikarolong tse bolelang tjhelete eo o e kolotang!
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
