sotho.2660.africa
DINTHO DI BA BETERE
Jwalo ka ha ba se ba na le demokrasi, le moruo o se o ntlafatswa, tsa bophelo bo botle naheng ya Sierra Leone di mathateng. Palo ya bana ba hlokahalang le ya bomme ba hlokahalang ba beleha, e phahame, mme leqeme la motlakase le lenane le hodimo la batho ba sa balang di etsa ho be boima hore ba Matjhaba a Kopaneng ba fumane dintlha tseo ba di hlokang moo.
Yunivesithi ya Norway jwale e tlile le tharollo: hore ho balwe ka majwe.
Baoki ba metsaneng moo, ba bala bana ba hlahang, ba hlokahalang ka mora ho hlaha, ba hlahang ba kgathetse, ba kulang kapa bomme ba hlokahalang ka hore ba kenye majwe ka lebokoseng le entsweng dikarolwana ka hare. Kgwedi le kgwedi mabokose ao a iswa tliliniking moo manane ao a fihlang a kengwe khomputareng e le hore mmuso o tle o tsebe ho rera maano a ona hantle.
HO KA ETSAHALA!
Malaria e kudisa le hona ho bolaya batho ba bangata dinaheng tse ngata, ho kenyeletsa le Afrika Borwa mme dinaha tsena di leka ka hohlehohle ho thibela hore menwanng ena e se ke ya fetela dibakeng tse ding tse ntjha.
Leha ho le jwalo, dintho di ka mokgwa o mong Gambia. Ka ho ya ka dipatlisiso tse ntjha, mathata a malaria a theohile ka 90 lekgolong dilemong tsena tse hlano tse fetileng.
Dipalopalo tsena hape di bontshitse hore ba se ba le mmalwa haholo bana ba kenwang ke bohloko bona.
Tsena ke ditaba tse monate, e seng Gambia feela, empa le ho ba lakatsang hore bohloko bona bo ka fokotseha dikarolong tse ding tsa kontinente ena.
TSA AFRIKA
tsa afrika
MOHLODI
Tafel Lager, e hlahiswa ke Namibia Breweries, e neng e hape metale ya kgauta karolong ya Mild Beers tlhodisanong ya matjhaba e neng e tshwaretswe Nuremberg, Jeremane.
Namibian Brewery ke khampane e tummeng Afrika ena e ka borwa kaofela ka jwala ba yona ba Windhoek Lager.
O A NYALWA KAPA TJHE
Diotswa tse nang le kokwanahloko ya EITSI empa di ntse di rekisa ka mmele mane lebatoweng la Bauchi, di nehwa boikgethelo hore di tlohele mosebetsi oo, di nyalane le bao di ba tshwaeditseng kapa di tsamaye lebatoweng leo.
Ka ho ya ka Dr Sulaiman Muhammad, modulasetulo wa Bauchi Agency For The Control Of HIV/AIDS TB/Leprosy And Malaria (BACATMA), mokgatlo ona o se o kopantse baratani ba 79 ba nang le bohloko bona ka lenyalo ka teko ya ho laola ho jaleha ha HIV ena.
BA FEPA LEFATSHE
Maafrika Borwa ho ka etsahala hore a tseba Daewoo ka dikoloi. Empa khampane ena ya Korea Borwa, e hlahisa dintho tse ngata tse kenyeletsang dithunya le dijo! Khampane ena e rerile ho itjalla mabele a yona mane Madagascar ho qoba hore naha eo ya Korea Borwa e se ke ya nna ya tshepela ho Amerika. Khampane ena e tla sebedisa mahlale a mona Afrika le basebeletsi ba lehae ho etsa sena.
Dinaha tsa Botjhabela bo Bohareng tse kang Saudi Arabia le Kuwait, di rera ho sebedisa Afrika ho tsa temo jwalo ka ha tsona di hloka mobu o nonneng.
Angola e se e ithaopile hore e ka thusa, ha tonakgolo ya Ethiopia, Meles Zenawi, a boletse hore le yena a ka ba motlotlo ho bona dinaha tsa matjhaba di kena ho tsa temo naheng ya hae.
DIPANANA TSA AFRIKA
Borapolasi ba bonyetsa lehlakoreng jwalo ka ha tlhokeho ya panana e ntse e nyoloha mane UK le USA, haholoholo ya mofuta wa kibuzi - mofuta wa lehae o mokgutshwane o ka bolokwang nako e telele ho feta ona o tlwaelehileng.
Uganda e romela ditone tse 1 000 tsa panana dinaheng tsa kantle - mme sena se fetotse maphelo a borapolasi. Ba se ba kgona ho iketsetsa dintho tse kang ho lefa tjhelete ya sekolo, ho reka diaparo le ho ntlafatsa metse ya bona, e mong wa bona, James Kanyije o boleletse ba ha IPS ha jwalo.
Uganda e ikemiseditse ka projeke e ntjha e tla tswela dinaha tsa boahisane molemo - ka ho sila panana e ommeng ho etswe folouru ya ho baka bohobe, dikuku le dibiskiti.
