sotho.2650.kenya
Moo diabolosi a itsamaelang bolatjha
Dipolao tse lonya di tshosa batho ba Kenya - ba bang ba bolela ha mmuso wa teng o bobodu e le ona o dumellang sena
BONA SESOTHO - August 2007
Ke ntwa feela pakeng tsa mmuso wa Kenya le lequlwana le bitswang Mungiki.
pale ka KAREN CALABNA/AFP
ditshwantsho ka AFP
Ba bolaya batho
MARGARET Mugoiri, wa Muranga, naheng ya Kenya, re mo fumane a dutse letsatsing a itebatsa ditsietsi le mahlomola ka ho ithokela mose wa hae. Masisapelo le mahlomola o ne o a bala sefahlehong sa hae. O ne a re phetele masa-a-kokometse ka moo monna wa hae a neng a bolailwe ka sehloho ka teng ke banna ba lonya.
O ne a re hlalosetse ka moo molekane wa hae ya dilemo di 32 ba neng ba mo ntshe ka tlung ba mo hulanya ho potela le yena ka mora ntlo moo ba neng ba mo fenethele teng ka ho mo hlahlela. O ne a pheta pale ena mahlo a tswile dinameng ke tshabo, a bolela ha a ntse a utlwa sello sa monnahae ditsebeng tsa hae nakong eo a neng a bolawa.
Ha o bitsa lebitso la Mungiki mosadi enwa o ne a senyeha tshobotsi. Phela Mungiki ke lequlwana le bolayang le hona ho poma batho ditho tse kang maoto le matsoho, haholoho diphofu tse kgolo tsa bona ke mapolesa.
Lequlwana lena le etsa dintho di hana ho fela ho kenyeletsa le ho bolotsa banana.
"Ha ke so ka ke bona ntho ya mofuta ona," ho bolela mosebeletsi e moholo sepoleseng sa Muranga, a bua ka maemo ana. "Ha re tsebe hore ke bo mang bana, ha re tsebe hore re ka ba latela jwang, motho ohle o a ba tshaba - le rona ka sebele re a ba tshaba."
Dipolao
Mungiki - ya bolelang "bongata" mane Kikuyu - ho belaelwa ha ba fenethile batho ba fihlang botsheleleng ka Phupjane mme ho bolelwa hape ha ba ile ba bolaya ba bang ba 30 bao hara bona ho kenyeletsang le mapolesa a supileng ho tloha ka kgwedi ya Hlakubele.
Letsholong la Motsheanong, mapolesa a Kenya a ne a bolaye babelaellwa ba 21 koduweng ya Nairobi ka mora ho hore ho utlwahale hore lequlwana leo la Mungiki le ne le nkga lefotha polaong ya mapolesa a mabedi.
Maemo ana a nyatswa le ke matjhaba hobane a thefula moruo wa naha jwalo ka ha ho se mang ya ka etsang matsete naheng eo.
Mugoiri eo monna hae a ileng a bolawa dipolawong tse ileng tsa etsahala motseng oo o seterekeng sa Muranga, dikilomitara tse 80 ka leboya botjhabela ho Nairobi, o a thothomela ke letswalo jwalo ka ha a belaela hore lequlwana lena la Mungiki le se le le jele setsi motsaneng oo wa habo.
"Bonokwane le diketso tsa mofuta ona ha se dintho tse tlwaelehileng sebakeng sena sa heso," ao ke mantswe a Alice Mathoni eo le yena a neng a tlilo tshedisa moahisane wa hae.
Leha mapolesa a nyatsa Mungiki ka dipolao tseo, empa setjhaba sa Muranga se lesisitheho hore se supe hore hantle ntle ke mang ya ikarabelang ka ditlhaselo tseo.
Bobodu
Diketso tsena tsa Mungiki tseo ho bolelwang ha di jele setsi haholo mona dipalangweng tse setjhaba, ka ho lefisa bapalami ditjeho tse hodimo haholo, ho bolelwa ha di tlisitse phapang e kgolo pakeng tsa barui le bafutsana naheng eo e nang le batho ba futsanehileng ba fetang 60 lekgolong.
"Re ke se iphapanyetse diketso tsa mofuta ona moo batho ba lekang ho intsha bofumeng ka diketso tse morusu," ho rialo Mburu Gitu wa Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho mmusong wa Kenya.
Bongata bo dumela hore Mungiki e sebedisana le boradipolotiki mmoho le mapolesa a bobodu. Ha jwale, mmuso o ntse o fuputsa ditho tsa mehleng tsa palamente tseo ho belaelwang ha di ameha morusing ona.
"Ba bang batho ba nahanela hore mmuso o tlohela diketso tsena hobane o di sebedisa jwalo ka e nngwe ya ditsela tsa ho hatella setjhaba ho latela molao," ho rialo Evans Monari, mohlompholli wa dipolotiki.
"Ntho e etswang naheng ena ke ho tshosa batho," ho hlalosa yena.
Mwai Kibaki, eo e leng Presidente ya Kenya, o sa tswa ntsha tlaleho ya hore babolayi bana ba Mungiki ba tlameha ho bolawa jwalo ka ha setjhaba se ne se halefela letona la naha la Tshireletso ya Setjhaba, John Michuki.
Empa he basebeletsi ba bangata le bona ba dutse ba tshoswa...
Ho qeta ka bona
"Jwalo ka dintho tsohle, bonokwane bona le bona bo na le dinako tsa bona," ho rialo sebuelli sa sepolesa, Eric Kiraithe.
"Ha re swaswe, Mungiki e fihlile, e futuhela mapolesa, setjhaba esitana le mmuso ka sebele." Mapolesa a mang a sa ntsane a paletswe hore ena ke pharela eo a ka e qalang ka kae jwalo ka ha ho belaelwa ha lequlwana lena le ahilwe ke morabe o moholo wa Kikuyu. Ho belaelwa hape ha ditho tse ka bang 3 000 di ameha merusung ya Mau Mau ka dilemo tsa bo 1950 nakong eo ka yona ho neng ho hwantelwa mmuso wa bokoloniale. Ka ho ya ka ditlaleho tsa mmuso le tsa sepolesa, ditho tseo di ne di tshwarwe mabatoweng a mangata ho tloha mathwasong a selemo sena.
Leha mapolesa a thakgotse letsholo kgahlano le lequlwana la Mungiki, empa setjhaba se ntse se phela ba dinonyana.
"Re lwana ntwa eo re sa e tsebeng," ho rialo rapolasi e mong wa Muranga ya sa ratang ha re ka phatlalatsa lebitso la hae. Ke e mong wa batho ba neng ba kgobokane setsing sa toropo letsatsing le hlahlamang koduwa eo.
"Ke dutse ke rapela kamehla hore ke se kopane le bona," ke yena eo.
"Ke mang ya tsebang, mohlomong hosane o tla utlwa ho hong ka nna," ke yena a ntse a tsheha, leha a bonahala a ne a ntse a tshohile. [s]
Margaret Mugoiri o re bolella ka masisapelo a hae a ntse a roka.
BONA SESOTHO - August 2007
Masole a itshohlometsa feela metseng a tsoma ditho tsa Mungiki.
u
t
BONA SESOTHO - August 2007
Re lwana ntwa eo re sa e tsebeng
Sesole sa mmuso se letsholong la lequlwana lena la Mungiki.
Leha batho ba bolawa ka mona le mona, empa batho ba Kenya ba lesisitheho ho bua ka masisapelo ana.
