SOTHO.2648.yourfamily_pregnancy_2
Moimana
ya motenya haholo
BOIMANA BA HAO
NA KE NONNE HAHOLO?
Ho bona hore o nonne haholo kapa tjhe, o ka latela mokgwa ona o dingaka le ditsebi tsa phepo di o bitsang Body Mass Index (BMI), ho hlalosa Preethi Mistri.
O bala tjena:
1. Phetapheta bolelele ba hao. Mohlala, ha o le 1,6m, o tla re, 1,6 x 1,6 = 2,56.
2. Arola boima ba mmele ka palo eo o e fumaneng. Mohlala, ha o fumane 110kg, bala tjena, 110/2,56.
3. Karabo ke 42,9. E ise leshomeng, o tla fumana BMI, ya hao e le 43. Ha BMI e le pakeng tsa 25 le 30, o nonne haholo athe ha e le ka hodimo ho 30 teng, o nonne tlolo ya molao, ho ya ka moo Preethi a bolelang ka teng.
Tseo o lokelang ho di tseba ha o le moimana ya motenya
BOIMANA bo ka tjhentjha mmele wa hao athe ha o ntse o le motho ya motenya teng, diphetoho tsena e ka ba phephetso e kgolo. Dr Tom Mokaya, ngaka ya ditho tsa basadi eo re buileng le yona, e re ho na le dintho tse pedi tsa bohlokwa tseo baimana ba batenya ba lokelang ho di ela hloko:
GESTATIONAL DIABETES
Ke mofuta wa lefu la tswekere o hlaselang baimana ba neng ba se na lona mme hangata le inyamella ka mora pelehi. Hona ho ka nna ha etsa hore lesea la hao le be letenya haholo hoo o sa kgoneng ho le beleha ka mokgwa wa tlhaho, ke tlhokomediso ya Dr Mokaya eo.
KGATELLO YA MADI
Ngaka e re ha o le motenya, o ba le menyetla e meholo ya ho ba le kgatello e hodimo ya madi. E re seo se ka nna sa etsa hore o shwe sethwathwa, o be le mathata a diphio le matshwafo.
Ha kgatello ya hao ya madi e nyoloha, o ka nna wa shwa lehlakore mme lesea la hao le haellwe ke madi, e leng se ka etsang hore o tlamehe ho belehiswa ka opereishene hanghang.
Nka bohato ka pele
Ha o le motenya, ikopanye le baoki hang ha o itlhokomela hore o imme e le hore maemo a tswekere le kgatello ya madi a dule a behilwe leihlo, o etswe le diteko tsa moroto, ho ya ka moo Dr Mokaya a di behang ka teng. Diteko tsena di tla thusa hore boimana ba hao bo dule bo behilwe leihlo.
Hlokomela boima ba mmele
Ha basadi ba phetseng hantle, ba mmele e lekaneng hantle ba ima, ba ka lebella ho eketsa boima bo pakeng tsa 11kg le 16kg, Dr Mokaya o re ba batenya ba lokela ho etsa matsapa a ho se dumelle boima ba mmele ya bona ho eketseha ho feta ho 15kg.
Empa ha o se o imme, ha se nako e ntle ya ho fokotsa boima ba mmele, ho boletse setsebi sa phepo, Preethi Mistri. "Ho bohlokwa ho ja dijo tse nang le phepo e phethahetseng ha o imme."
Dijo tse nang le phepo
Preethi o re eletsa ka dijo tse nang le phepo:
Fokotsa letswai, le oli dijong mme o pheme dijo tse hadikilweng, tse tswekere (jwalo ka tjhokoleiti, dikuku, dibiskiti le ice-cream).
Eja dijo tse nang le phepo e phethahetseng. (Sheba lethathama la rona la phepo Diet Solutions).
Eja dijo tse nyenyane kgafetsa.
Ikwetlise
Ikwetllise hanyenyane ka ho tsamatsamaya - empa ditsebi tsena bobedi di re o buisane le ngaka ya hao pele o ka ikwetlisa.
Kalafo
Ho ya tliliniking ya baimana ke ntho ya bohlokwa haholoholo ha o bile o nonne haholo, hore bophelo ba hao bo tsebe ho dula bo le tlasa leihlo le tjhatsi la dingaka. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
THAROLLO YA PHEPO
Setsebi sa dijo Preethi Mistri o re:
Baimana ba lokela ho ja dijo tse matlafatsang,
jwalo ka nama ya kgoho le e kgubedu,
tlhapi, le dinawa.
Kopanya tse matlafatsang jwalo ka papa, reise, setampo le ditapole; ha re etsa mohlala: setampo le dinawa kapa papa le nama ya kgoho.
Se lebale ditholwana le meroho haholoholo e metala, e mesehla le e mefubedu jwalo ka mokopu, sepinatjhe, dihwete, dinawa le cauliflower.
Dijo tse entsweng ka lebese jwalo ka mafi le tsona di bohlokwa haholo hobane mmele o hloka calcium e ngata.
TOBANA LE BAOKI
Jwalo ka mosadi ya motenya, ha ho makatse hore o tla kgathatseha ka ditlhoko tse ding tsa hao tse ikgethang mme hape o batle ho hlonetjhwa ho ya ka moo ba bolelang ka teng ho pregnancy.about.com. Dula o hopola keletso ena hore o tle o se utlwiswe bohloko moyeng hape o se theolwe seriti ke baoki le dingaka.
Ba hlalosetse ka ditlhoko tsa hao tse ikgethang pele, o se emele hore ba o kgupise pele o araba.
Ha o hlokomedisa mooki kapa ngaka hore o a itseba hore o nonne mme ha o na dihlong ka hona, ho ba bonolo ho bona ho bua le wena ka bolokolohi.
Ha o sa itshepe, o sa kgone ho beha baoki ba o shebelang tlase ditulong tsa bona, ho molemo o kope hore e mong a o felehetse. Eo a ka o thusa hore o kgone ho hlahisa maikutlo a hao hantle.
Sebedisa ditokelo tsa hao. Ha ho hlokahale hore o amohele dipuo tse bohloko tsa batho ba sa nahaneleng ba bang jwalo ka hore o bitswe: "mantenya" kapa "mafura". O ka kopa ho thuswa ke mooki e mong kapa o kope ho bua le mookamedi wa bona ha o bona hore o tshwarehile ka mokgwa o sa amohelehang.
