sotho.2622.mob
Re a itwa -nela!
BONA SESOTHO - June 2007
Ekaba e se e le ona mokgwa oo dintho di tla etsahala ka ona mona Afrika Borwa hore batho ba inkele molao matsohong ka pela mapolesa hobane feela ho bonahala ha mmuso o sa kgone ho laola maemo"
E SE E LE tlwae hore sehlopha sa dinokwane se hlasela tamene e nngwe e motsaneng wa Emmarentia o haufi le toropo ya Joburg moo metswalle e kopanang teng ka mora mosebetsi ho theolela lerole la mosebetsi ka dino tse mmalwa.
Ho bontsha bokwala ba bona lekgetlong leo, ba lekile ho tshosa batho bao, ka ho qala ka ho nna ba dumisa dithunya nakong eo ba neng ba qala ho ba khothotsa.
Hara diphofu tseo tsa bona ho ne ho na le lepolesa le neng le se mosebetsing. Le ne le inwella le kgarebe ya lona eo le yona e leng lepolesa. Lepolesa leo le ne le sa tshwara sethunya, ha kgarebe ya lona yona e ne e se tshwere. Kgarebe eo e ne e neheletse moratuwa wa yona sethunya seo ka lenyele. Eitse ha le fumana monyetla, la butswela lepolesa, la bolaya dinokwane tse tharo, tse ding tse pedi tsa tshola tlhako morong ka koloi eo di neng di e utswitse kae kae. Ka mora nako, motho ohle a phahama moo a neng a paqame teng, mang a qala ho etsa metlae ha tshehuwa ba shebeletse dinokwane tseo di ntse di nehela moya. Mapolesa a ne a bitswe ka morao. "Re ne re dutse re tsheha ha ba ntse ba nehela moya," ke e mong a bolella ba dikoranta."
Naheng ka bophara Maafrika Borwa a tlameha ho lwantshana le bonokwane jwalo ka ha bo bonahala bo hlwa mekwaba tjena.
"Ketsehalo e kang ena e etsahala beke le beke," ho rialo Buyani Tshehla, hlooho ya tsa toka le bonokwane wa mokgatlo o bitswang Institute For Security Studies."Diketsahalo tsena di etsahala ka ditsela tse fapafapaneng ka ho ya ka dinako tsa selemo," ke yena hape. Ha ho atamela Keresemese, diketsahalo tse kang tsena di a eketseha.
"Batho ba kgathetse ke bonokwane mme jwale ba se ba rerile le ho bolaya motho ha ho hlokahala bakeng sa ho sireletsa bao ba ba ratang," ho rialo Tshehla.
Sena se bontsha ho thekesela ha mosebetsi wa tsa toka, ho hlalosa yena. "Ha ke so kopane le batho ba seng ba kile ba itharollela bothata bona ka mokgwa ona.
"Ho na le diketsahalo tse ngata tseo ho tsona mapolesa a hlolehang ho thusa ho tsona."Hangata setjhaba se inkela molao matsohong ha ho etsahetse sa itshwarela senokwane mme se se shape - ka nako e nngwe motho eo a be a bolawe.
"Lebaka la diketsahalo tsena ha se ho bontsha ho teneha le pherekano ya setjhaba feela, empa le tshabo e ntse e le teng," ho rialo Tshehla.
Ba ba morusu
Ho se ho bonahetse hore ho bitsa mapolesa ha ho na molemo, ke yena hape. Dipalopalo di a paka.
Ka ho ya ka dipalopalo, diketsahalo tsa ho thuba le ho kgothotsa, tse ka hodimo ho sekoto sa milione, di ne di tlalehwe mme ho ne ho tlalehwe ha ho ne ho bolailwe batho ba 18 528. Lekgotla la botjhotjhisi ba setjhaba le fumane hore ke tlaleho e le nngwe feela ho tse lekgolo ya ho thuba matlong e iswang lekgotleng la dinyewe. Seo se bolela hore ditlaleho tse ka bang 495 000 tsa ho thuba le ho tshwara poho ha di a ka tsa rarollwa!
"Re a tseba hore mokgwa wa ho fokotsa bonokwane bona ke ha senokwane se kwallwa," ho rialo Andre du Toit, molaodi wa mokobobo wa Botjhothisi ba Setjhaba Foreisitata.
Empa he ha ho bobebe ho tshwara bana ba thubang metseng. Ka ho ya ka Du Toit, ho tshwarwa poho ke bona bonokwane bo tlalehwang haholo sepoleseng. Bonokwane Afrika Borwa bo ntse bo hlwa mekwalaba.
Ya buellang sepolesa naheng ka bophara, Molaodi Phuti Setati o re ha ho a dumellwa hore batho ba inkele molao matsohong.
"Haeba batho ba sa kgotsofala ke tshebetso ya sepolesa, ba ka ipelaetsa ho mokomeshenara wa seteishene seo sa mapolesa kapa lekgotleng la setjhaba la sepolesa," ke yena eo.
Empa e be yena jwalo ka setho sa setjhaba o kile a ho etsa hoo" O hlokomedisa bao ba inkelang molao matsohong hore ba ka nna ba qetella ba kwaletswe.
"Re tlameha ho kgothaletsa setjhaba ho tlaleha diketso tsa bonokwane. Ba tlameha ho tlaleha bonokwane bona pele bo etsahala hobane ka nako e nngwe bo rerwa moo ba leng teng," ho rialo Setati.
Ho bonahala ha Setati a sa tsebe phapang pakeng tsa bonokwane bo tlwaelehileng le ho sireletsa motho ya kgothotswang ke dinokwane tse hlometseng.
Diteko tse entsweng ka Hlakola monongwaha, di bontsha hore batho ba babedi ho ba bararo, ba bona ha mmuso o sa ikarabelle ka ho feletseng jwalo ka ha o tlamehile twantshong ya bonokwane.
"Maafrika Borwa a mangata ha a utlwisise tsela eo toka e sebetsang ka teng," ho rialo Buyani Tshehla.
Ba bang ba nahana hore ha motho a ntshitswe ka beili, o ebe a se a lokolotswe. Hona jwale setjhaba se ne se bolaye Debe Neke mane haufi le King Williams Town, Kapa Botjhabela motho eo o ne a le kantle ka beili nyeweng ya polao le peto. Mapolesa a ne a leke ho hlalosa, empa batho ba se mamele. Christiaan Bezuidenhout, eo e leng titjhere Yunivesithing ya Tshwane lefapheng la dithuto tsa bonokwane, o bolela hore kgaello ya mapolesa ke lona lebaka le etsang ho se laolehe bonokwane bo kang peto le ho tshwara poho. "Batho ba bona mmuso o sa lwantshe bonokwane ka ho feletseng," ke yena hape.
"Mapolesa a itokollang mosebetsing a mangata ho feta a hirwang." Ho hong hape, ho rialo Bezuidenhout, mapolesa a hloleha ho thibela bonokwane, a tseba feela ho aha serobe phiri e se e jele.
Ho na le dintho tse sitisang mmusong polokong ya kgutso le kgotso setjhabeng. Nnete ke hore setjhaba se tlameha ho itshireletsa ka bosona. [s]
pale ka TEDDY GOMBA
Maafrika Borwa a mangata a tlameha ho itshireletsa bonokwaneng bo kang ho thuba malapa le bo bong bo bongata ba mefuta e meng boo mmuso le sepolesa sa ona ba sa etseng letho ka bona
BONA SESOTHO - June 2007
Bonokwane Afrika Borwa
u
t
Ba hloka kutlwisiso
O reng"
Ekaba mmuso o na le tokelo ya ho hanela batho ha ba inkela molao matsohong ha ba itshireletsa bonokwaneng jwalo ka ha ona o sa ikgathatse hakalo twantshong ya bonokwane bona" Ke eng e ka etswang ho qeta bonokwane bona"
Romela maikutlo a hao ho: Mangolo ho mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060.
Kenny Nkuna wa Tshwane o ne a bolawe ka ho tjheswa hobane a ne a kgothoditse.
