sotho.2586.health
Tsa bophelo
bo botle
Madume ka kofi
Ditaba tse monate tse tswang Japan ho dinwe tsa kofi. Ba dipatlisiso ba boletse ha kofi e theola menyetla ya kankere ya sebete. Batho bana ba nwang dikopi tse pedi ka letsatsi menyetla ena e theoha ka dipersente tse 48, ba nwang tse hlano bona e theoha ka tse 76 kaofela.
Qeta dihloba
Ha se batjha feela ba kgathatswang ke dihloba. Le ba baholo ba ba le tsona, athe sesosa sa tsona se a tshwana - ho thentjha ha di-hormone. Ho bona sesosa e ebe e le boimana, dinako tsa sesadi kapa ho sebedisa kapa hona ho tlohela dipidisi tsa ho thibela pelehi.
Ke tsena dikeletso tsa tliliniking e tummeng ya matjhaba, US Mayo Clinic:
Hlatswa dikarolo tse nang le matheba ka facewash. Ho hohla letlalo ka matla ha o hlapa, ho fosahetse hobane ho etsa le tjhese le be le matheba.
Botsa rakhemisi wa hao ka setlolo sa matheba, se bileng se qetang mafura seo o ka se sebedisang.
Phema ho sebedisa ditlolo tse mafura jwalo ka tse thibelang letsatsi, dinolofatsa moriri le tse thibelang matheba - o ka sebedisa ditlolo tse "metsi."
Ha o na le manyetse, se a dumelle ho lepellela sefahlehong kapa hona atametsa mohala haholo sefahlehong ha o bua le ona hobane sena se bokelletsa ditshila tse qetellang di kwetse masobana a letlalo.
Se pepete dihloba hobane ka ho etsa jwalo o ka di bakeletsa. Ho seng jwalo, bonana le ngaka ya hao mabapi le tharollo ya matheba ao.
86 BONA SESOTHO - October 2005
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
NNETE:
Dieta tse direthe di bophahamo bo fetang 3cm di etsa mmele wa hao o sekamele pele haholo e leng se bakang mahloko a mangole le diqholo.
Pasa ditlhahlobo tsa hao
. . . O a tseba hore o tlameha ho ja dijo tsa hoseng, empa o ne o tseba hore ho ikwetlisa le hona ho ntlafatsa ho ithuta ha hao" Otlolla maoto bonyane hararo ka beke mme sena se tla ntlafatsa maemo a oxygen bokong.
Dula o phetse hantle le
Patricia McCracken
Hlokomela mahlo a hao
Ho thibela ho foufala ha ngwanahao ke lepetjo la bohlokwa bekeng ya Tlhokomediso ka Lefu la Mahlo, 11 ho ya ho 15 Mmpalane mme ka nako ena o ka kgona ho isa ngwanahao a o hlahlojwa mahlo mahala ke ngaka ya mahlo e nkang karolo mosebetsing ona. Mona ngaka e tla kgona ho bona hore ngwana o na le mathata a pono kapa tjhe, ho lemala ho itseng ka mahlong, mathata a lelwapi la mahlo kapa lona lefu la tswekere, ho hlalosa Charmaine du Preez wa SA Optometric Association. Bana ba hlokang, ba nang le mathata a mahlo, ba tla fumana tshehetso bakeng sa diforeime le dikgalese tsa mahlo.
Ster-Kinekor o tla be a hlahloba mahlo dibakeng tse ngata tsa dibaesekopo tsa ha Ster-Kinekor naheng ena. Bana ba tla tliswa dibakeng tseo tsa ho hlahlojwa ka dibese mme ha ba qeta ho hlahlojwa, ba tla bontshwa filimi ba be ba fumane le popcorn mahala. Ster-Kinekor o tla tshehetsa bana ba hlokang ka diborele.
"Ho bohlokwa ho alafa mahlo a ngwana e sa le nako," ho rialo Charmaine, "hobane kalafo e ba boima ha ngwana a ntse a hola."
Bakeng sa sebaka se haufi le wena se etsang ditlhahlobo tsena, o ka letsetsa Samantha Scott wa ha SAOA ho
011-805-4517.[s]
NNETE:
Ba tsubang ba utlwela mahloko ho phetilweng habedi ho feta ba sa tsubing.
