sotho.2577.yourlifeguide_relation
Eba le LEKUNUTU
Dikamano tsa hao tsa lerato di tlasa kgatello ka ha o qoqetse metswalle ka tsona?
NA o balehela metswalleng nako le nako ha le sa dumellane le moratuwa wa hao? Na metswalle ya hao e tseba sohle ka bophelo ba hao le moratuwa wa hao?
Na ka nako e nngwe o ke o inyatse ka makunutu a leratong la hao ao o a boleletseng metswalle?
Haeba o dumela, ke sesupo sa hore o se o bolella metswalle ditaba tsa hao ho feta tekanyo. Sena se ka sulafatsa dikamano tsa hao tsa lerato. Setsebi sa dikamano seo hape e leng moeletsi ya thobang maikutlo, Angie Diale o re eletsa ka moo re lokelang ho ba le meedi ka teng makunutung a dikamanong tsa rona.
Basadi ba rata ho qoqa ka dintho tse ba amang, ke ka hona ho sa makatseng hore o rata ho bua le metswalle ka diphiri tsa hao ho sa kgathallehe hore di nyenyane ho le hokae. Re rata ho dula re qoqa diphiri tsa diketsahalo tsa maratong a rona, hore ho ne ho be jwang mohla o fumanang moratuwa wa hao a natefetswe ke KFC le kgarebe e nngwe ya hae.
Empa ha se seo feela se etsang hore o batle ho dula o bolella metswalle ka bophelo ba hao ba lerato. Ho bua ka ditaba tse amang maikutlo, ho alafa motho haholoholo jwalo ka ha re phela setjhabeng se sa kgoneng ho lefella ditshebeletso tsa setsebi sa kelello.
Re bolella metswalle ya rona diphiri tsa rona re lebelletse hore ba dumellane le rona - e leng se o etsang re ikutlwe re le betere kapa hona ho hlahisa mabaka a boitshwaro ba rona.
Angie o re leha ho le jwalo, o lokela ho ela hloko, o tsebe hore ke dife dintho tseo o lokelang ho di tsebisa setjhaba le tseo o sa lokelang.Ho bonolo hore lekunutu pakeng tsa metswalle le qetelle e se e le taba ya setjhaba kaofela.
"Batho ba bang ba monela metswalle ya bona," ho bolela Angie. Ke ka hona ho dutseng ho sejwa ka dinako tsohle. Ho ba hobe haholo ha o bolella metswalle ka bophelo bohle ba hao ba lerato hobane ha se yohle e thabelang katleho ya hao. Ya sebele e ka futhumetsa dikamano tsa hao le ho feta ka dikeletso tse nepahetseng, e o mamele le ho o tshedisa ha o le bohlokong. Athe e mebe yona e ka fumana monyetla wa ho nyofa dikamano tseo ka ho o neha dikeletso tse tla le qabanya, hape e o senya lebitso hohle mona.
NAHANISISA PELE O BUA
Ithute ho rarollo mathata a
mang a leratong la hao ka bowena pele o ilo kopa keletso metswalleng. Ho rarolla mathata ka bowena, ho o neha monyetla wa ho shebisisa maemo ka botebo ba ona. Leha o ke ke wa fumana tharollo e hantle empa o tla be o tseba hore o nkile diqeto ka bowena.
Ela hloko hore metswalle ha ena o neha dikeletso tse ntle ka mehla. E ka nna ya bona dintho ka leihlo le leng kapa ya nka qeto ho latela tsela eo o phelang ka yona.
Ha le qabane le moratuwa wa hao, lekang ho lokisa mathata a lona pele le ka kenya ba lelapa le metswalle. Batho ba bang ba ka nna ha senya dintho le ho feta. Hape metswalle e ka nna ya kwatela monna wa hao le ka mora nako e telele le tshwarelane.
Ha se metswalle yohle e tshepahalang. Ela hloko ha o kgetha batho bao o ka ba bolellang makunutu. Hlokomela metswalle e dutseng e bua ka ditaba tsa ba bang. Le wena e tla bua ka wena.
Nahana ka moo moratuwa wa hao a tla ikutlwa ka teng ha ditaba tsa lona di se di tsejwa hohle. Ka bomadimabe le yena o tla qetella a utlwile. Ipotse hore na o tla thabela ha metswalle ya hao e tseba sohle ka bophelo ba lona le diphoso tsa hae. O boele o ipotse hore na o ka thaba ha tsa hao diphoso di ka tsejwe ke metswalle ya hae?
Ha le sa tswa ratana, netefatsa hore le qala ka ho tsebana hantle pele le ka kenya metswalle ditabeng tsa lona. Dumella dikamano tsa lona ho sutsa pele o ka ho bua ka tsona metswalleng. Ke ntho e tlwaelehileng ho bua haholo ka dikamano tse sa ntseng di tuka malakabe a lerato, empa hona ho etsa hore batho ba bang ba qetelle ba bile le tshusumetso mehopolong ya hao. [s]
Pale: Kamogelo Sebola
DIKAMANO
Re rata ho bua ka dika-mano tse tukang mala-kabe
