sotho.2576.yourfamily_preg
MMA bana ba babedi o buile le BONA ka boimana ba hae ha a ne a hlahlamisa: "Ke ne ke kgathatsehile mme ke se na bonnete ba dintho tse ngata," ho bolela Nokufika Ngcongo wa Thekong.
"Ke ipotsa hore ke tla kgona jwang ho hodisa bana ba babedi haholoholo moradinyana wa ka ya dilemo di tharo.
"Ke ipotsa hore o tla amohela ngwanabo jwang - le nna ke tla kgona ho ba le lerato ho bona ka bobedi!" Ka nako e nngwe, motho o hlahlamisa a sa rera mme a be tlasa kgatello, dikamanong tsa lerato, tjheleteng, lapeng esitana le mosebetsing. Ditsebi di re kgatello ena e tlwaelehileng.
Na ke tla kgona?
Bohato ba pele ke ho netefatsa hore tsohle di tlasa taolo (leha e le hore o ne o so ka o rera ho hlahlamisa). Hoo ho bolela hore o theole moya.
Peter Lerefolo, setsebi sa kelello sa Thekong se re eletsa ka hore:
Se tshabe ho kopa thuso. "Batho ba bang ba ke ke ba natsa hore o se o le mme ya nang le boiphihlelo," ho bolela Peter. "Se tshabe ho bolella ba leloko le metswalle, o kope dikeletso."
Atametsa ntatangwana. "Le yena o kgathatsehile," ho bolela Peter, "Mo kgothalletse ho o felehetsa ha o eya tliliniking."
Tjhelete. Se baleheleng ho bua ka mathata a tjhelete ha a le teng.
"Ho tshaba seo o sa se tsebeng, ke yona ntho e re tshosang ho feta. Tobana le mathata, o se a pheme, o tsebe ho a fumanela tharollo," ho bolela Peter.
Mokgelo o tla ba kae?
Erekaha ha o qale ho ima, mmele o tla ba le phapang. Ke tsena tse tharo tseo o ka di lebellang:
Ho nona haholo! "Mpa e hola ka pele le hona ka potlako o be motenya," ho bolela Nokufika.
Ke hobane ka mora ho beleha, popelo ha e kgutlele madulong ka ho feletseng, e leng se etsang hore boimaneng bo latelang, ha e sa qala qalong jwalo ka pele, ho ya ka sengodi sa dibuka tsa pelehi Ngaka Susan Moore, ho Website ya mom2be.com.
Ka hoo, leha ka nako e nngwe o ke ke wa nona jwalo ka pele, empa o tla ikutlwa o le boima.
Ka pele! Moimana ya itsibulang o atisa ho utlwa ngwana a sisinyeha kgweding ya bone. Empa ya hlahlamisang o phakisa ho utlwa di tloha feela, ho ya ka Ngaka Susan.
O boetse hape o re: "Bongata ba dintho tseo moimana a diehileng ho di utlwa boimaneng ba pele, o a phakisa ho di utlwa ha a hlahlamisa."
Popelong! Mesifa ya popelo e saroloha haholo lekgetlong la pele hona hoo popelo e qetellang e se e se matla hantle.
Hona ho bolela hore ha e sa tshehetsa lesea jwalo ka pele, ke ka hona mpa e shebehalang ekare e tlase, ho ya ka Sister Sherry Jimenez, ya nang le boiphihlelo ba ho belehisa.
O hema hape o je ka bolokolohi ho feta pele. Ha mpa e theohile, o dula o batla ho ntsha metsi hobane senya se ebe se le tlasa kgatello.
O ka e fokotsa ka ho etsa boikwetliso bona: Tiisa mme o lokolle mesifa ya setho sa hao sa bosadi jwalo kaha ekare o leka ho tshwara moroto. O bale metsotso e 10, makgetlo a 10 matsatsing a 10, letsatsi le letsatsi.
Na o tla beleha ka bonolo?
Ha ho boimana bo tshwanang le bo bong. Empa dingaka tsa ditho tsa basadi di bolela hore hangata basadi ba hlahlamisang ha ba atise ho thatafallwa jwalo ka ba itsibolang hobane tsela e se e bulehile - empa seo ha se bolele hore a ke ke wa utlwa bohloko.
Nako ya pelehi ha e be telele! "Mohlomong e ka ba metsotso e 30 ho ya horeng," ho bolela ngaka eo re buileng le yona.
"Ke ka hona sepetleleng sena re hatellang hore: moimana ya hlahlamisang ho se iphapanyetswe yena ha a re o ikutlwa eka o a beleha." [s]
Pale: Smangele Zuma
BOIMANA BA HAO
hlahlamisa!
O a
O phakisa ho beleha ha o hlahla-misa
Ho itsibula ho dutse ho ena le diphephetso tsa teng. Empa ke sefe seo o ka se lebellang ha o hlahlamisa?
SE LEBALE TLILINIKI!
Ho sa ntse ho le bohlokwa haholo hore o ye ditlhahlobong tsa boimana nako le nako haholoholo ha o bile le mathata a kgatello e hodimo ya madi kapa ya lefu la tswekere boimaneng ba pele.
