sotho.256.muthi
O KA BONA e ka mathuela a a tshwana, athe ha ho jwalo hobane le leng le le leng le na le tsela eo le sebetsang ka yona. Ntle le moo, le dipitso tsa bona ha di tshwane.
Le dineo tsa bona hape ha di tshwane - ka ho ya ka ho sebetsa ha bona. Eo karolo ke eo ba tlamehang ho e rutwa lefehlong, empa ha ho mathuela a nang le boiphihlelo, ba ho rupella bakomatsane ho ya ka dineo tsa bona.
Sena ke seo mekgatlo ena ya dingaka tsa setho e tlamehang ho se shebisisa. Batho ba bangata ba balehela pitso ya badimo.
Ba bolela ha e le mosebetsi o boima ho ba lethuela. Ba bang ba balehela pitso ena hobane ba bona e le mosebetsi o maemong a tlase.
Mpho ena ha e amane hohang le sebaka seo motho a dulang ho sona, maemo a hae a thuto kapa yona tumelo. Bana ba hlahetseng, ba holela ditoropong, ha ho bolele hore bona ba ke ke ba bitswa ke ba fatshe.
Monna e mong ya dilemo di 24 wa KwaZulu-Natal, o bolela ha a ngongorehiswa ke seo a neng a se bolellwe ke motswallae ya reng o mmona a fetofetoha dibopeho - ka matsatsi a mang o e a mmone e ka ke leqheku, ka a mang a bonahale e le mohlankana ya motle, ka nako e nngwe a le dilemong tse hare!
Sena se etsahalang mohlankaneng enwa ha se ntho e sa tlwaelehang. Motho ya kenweng ke badimo, dintho tse ngata o di etsa hantle feela jwalo ka motho eo a keneng ho yena, a bue, a tsamaye, a tjeke kapa hona ho apara ka tsela e tshwanang le ya mofu eo.
Ka hoo, o ebe o kenwe ke moya wa motho eo a mo fang mpho. Sena se etsahalang mohlankaneng enwa wa KZN, se bontsha hore pitso ya hae e se e le maemong a hodimo.
Mosadi e mong wa Kwa-Mashu, hona KZN, o ne a nngolle a mpolella hore o na le talente ya ho lora, empa mathata a hae ke hore hoseng o tsoha a se a lebetse ditoro tsa hae.
O e a hopole toro eo nakong eo a bonang seo a neng a se lora se etsahala. Eitse nakong eo a neng a bona mathata a qala ho hlwa manolo hodimo, ke ha a tlohela kereke ya hae, a kena ho ya Sione.
Empa mathata a nna a mo aparela. Jwale o se a utlwa le lerata ka ditsebeng. O se a bile a lakatsa hore eka mpho ela ya hae ya ditoro eka kgutla a tle a tsebe ho kgona ho buisana le badimo ba habo.
O mong wa meetlo ya Maafrika, ke ho boloka dikamano tse ntle le bao o tswalanang le bona, ka ho etelana ekasitana le hona ho romellana melaetsa mohlomong ka mohala kapa mangolo le ba leloko ba hole mme sena kaofela se thabisa badimo ho tlisetse leloko leo mahlohonolo.
Ha ditho tsa lelapa di tshwarane hantle di bile di utlwana, ho ba bobebe hore ya kenweng ke badimo a kgone ho bona hore ke mang eo ya keneng ho yena le hore a ka rarolla mathata ao jwang.
Lentswe, tsela eo a binang le eo a tjekang ka yona, di etsa ho be bobebe ho bona hore ke ofe hara badimo ya keneng ho yena.
Ke eletsa ka hore ho nkwe difoto tsa ditho tsohle tsa lelapa mme di bolokwe hantle sebakeng se bolokehileng. Ditshwantsho tseo di ka thusa haholo, ho ngolwe le mabitso esitana le pale e kgutshwane ka monga foto eo.
Nkile ka bona nqa e nngwe moo badimo ba neng ba kene ngwaneng ya dilemo di robedi feela. Maemong a kang ao, ngwana eo o ebe a tlameha ho fehlellwa, empa seo ha se a tlameha ho dumellwa hobane ngwana a ka phatsamiseha dithutong tsa hae. Empa ho na le maemo moo batswadi ba ebe ba sena boikgethelo, ba tlamehang ho kenya ngwana lefehlong hobane a sa kgone ho tsepamisa maikutlo le kelello dithutong ka lebaka la bona badimo bana.
Badimo ha se batho ba kgopo kapa ba sa nahaneng jwalo ka ha batho ba bolela. Ho ka nna ha etswa boipiletso ho badimo ba hore ngwana eo a tle a fehlellwe ha a se a hodile. Sena se etswa ka hore mohlomong ho hlajwe phoofolo e kang podi, ho etswe thapedi e kang ya Mazulu e bitswa 'ukuphahlwa'.
Mona he ke moo bohlokwa ba ho tseba ka leloko la heno bo totobalang.
Badimo ha ba hanyetsane le hore motho e ye kerekeng. Ba ba bohale bathong bao ba yang kerekeng hobane ba balehelana le pitso eo ya bona mme ba ipata ka kereke le Bibele. Badimo hape ha ba e dumele tsela e kgaoletsang mesebetsing ya bona.[s]
30 BONA SESOTHO - October 2005
Re bua ka ditlhare
ka FORCE KHASHANE
Mpho ya ho phekola
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
